Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe 1:1-31

  • Ditumediso (1-3)

  • Pauluse o leboha Modimo ka lebaka la Bakorinthe (4-9)

  • O ba eletsa hore ba momahane (10-17)

  • Kreste o bontsha hore Modimo o matla ebile o bohlale (18-25)

  • Re ithorise hobane re tseba Jehova (26-31)

1  Nna Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola+ wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke na le ngwanabo rona Sosthene.  Re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe+ ha mmoho le bohle ba dumelang* lebitsong la Morena wa rona Kreste Jesu+ ba dibakeng tse fapaneng. Ke Morena wa bona le wa rona. Modimo o le halaleditse e le hore le be barutuwa ba Kreste Jesu+ ebile o le kgethile hore le be bahalaledi.  E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.  Ka mehla ke leboha Modimo hobane a le bontshitse mosa a sebedisa Kreste Jesu  hobane ka yena le fuwe ntho e nngwe le e nngwe, ho akareletsa le bokgoni ba ho ruta lentswe la Modimo le ho le tseba hantle.+  Le ile la kgodiseha hore bopaki bo mabapi le Kreste+ ke nnete.  Ka lebaka leo, le na le dintho tsohle tseo le di hlokang ha le ntse le emetse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bontshe matla a hae.+  Hape Modimo o tla le tiisa ho fihlela qetellong e le hore le se ke la qoswa mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang.+  Modimo ya ileng a le bitsetsa hore le be basebetsimmoho le Mora wa hae Jesu Kreste Morena wa rona, o a tshepahala.+ 10  Bana beso, ke a le eletsa ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste hore kaofela ha lona le dumellane ka dintho tseo le di buang. Ho se ke ha eba le dikarohano hara lona+ empa le nahane le ho sheba dintho ka tsela e tshwanang.+ 11  Ba bang lelapeng la Kloe ba mpoleletse hore ha le utlwane. 12  Ba bang ba lona ba re: “Nna ke wa Pauluse,” ba bang ba re: “Nna ke wa Apolose,”+ ba bang ba re: “Nna ke wa Kefase,”* ba bang bona ba re: “Nna ke wa Kreste.” 13  Na Kreste o arotswe dikoto? Na Pauluse ke yena ya ileng a bolaelwa palong bakeng sa lona? Kapa na le ile la kolobetswa ka lebitso la Pauluse? 14  Ke leboha Modimo hore ebe ha ke a ka ka kolobetsa le ya mong wa lona haese Krispase+ le Gaiase+ 15  e le hore ho se ke ha eba le ya mong ya ka reng o ile a kolobetswa ka lebitso la ka. 16  Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase.+ Ntle le moo, ha ke hopole eka ho na le e mong eo ke mo kolobeditseng. 17  Kreste ha a ka a nthoma hore ke tsamaye ke kolobetsa batho empa o nthomile hore ke bolele ditaba tse monate,+ le teng eseng ka bokgeleke e le hore lefu la* Kreste le se ke la fetoha ntho e se nang thuso. 18  Molaetsa wa hore Kreste o shwetse palong* ha o na kelello ho batho ba tlo timetswa+ empa ho rona ba ntseng ba pholoswa, molaetsa oo o a bontsha hore Modimo o matla.+ 19  Mangolo a re: “Ke tla etsa hore bohlale ba bahlalefi bo fele mme nke ke ka amohela* menahano ya bona.”+ 20  O kae motho ya bohlale? O kae mongodi?* O kae motho wa lefatshe lee* ya ratang ho ngangisana le ba bang? Na Modimo ha a ka a etsa hore bohlale ba lefatshe lee e be ntho e se nang thuso? 21  Batho ba lefatshe lena ha ba tsebe Modimo+ hobane ba tshepile bohlale ba bona.+ Molaetsa oo re o bolelang ha o na thuso ho batho ba bang+ empa Modimo o entse qeto ya ho sebedisa molaetsa oo e le hore a pholose ba dumelang. Ka lebaka leo, ho ile ha bonahala hore Modimo o bohlale. 22  Bajuda ba batla ho bontshwa mehlolo,+ ha Bagerike bona ba batla ho ba bohlale 23  empa rona re bolella batho ka Kreste ya ileng a bolaelwa palong e leng ntho eo ho leng thata hore Bajuda ba e amohele* le eo baditjhaba ba e nkang e le bohlanya.+ 24  Le ha ho le jwalo, Kreste o bontsha ba bitsitsweng, ebang ke Bajuda kapa Bagerike, hore Modimo o matla ebile o bohlale.+ 25  Batho ba nka dintho tse tswang ho Modimo e le dintho tse se nang thuso le tse fokolang empa dintho tseo di bohlale ebile di matla ho ba feta.+ 26  Bana beso, le lona le a bona hore hara batho bao Modimo a ba bitsitseng, ha se ba bangata bao batho ba ba nkang ba le bohlale,+ ha se ba bangata ba leng matla kapa ba tswang malapeng a hlomphehang.+ 27  Modimo o kgethile bao lefatshe le nkang ba se na thuso e le hore a ka swabisa ba bohlale. Hape o kgethile bao lefatshe le nkang ba fokola e le hore a ka swabisa ba matla.+ 28  Modimo o kgethile dintho tsa lefatshe tseo batho ba nkang di se bohlokwa, tseo ba di kgellang fatshe ebile ba sa di nkele hloohong e le hore a ka etsa hore dintho tseo ba nkang di le bohlokwa e be dintho tse se nang thuso.+ 29  O entse jwalo e le hore ho se ke ha eba le motho ya ka ithorisang ka pela hae. 30  Ke ka lebaka la Modimo le leng barutuwa ba Kreste Jesu. Kreste Jesu o bontshitse hore Modimo o bohlale ebile o lokile.+ O entse hore re be batho ba lokileng ka pela Modimo, a etsa hore re halalele+ a ba a re lopolla ka ho re shwela+ 31  e le hore ho ka etsahala feela jwalo ka ha Mangolo a boletse ha a re: “Ya ithorisang a ithorise hobane a tseba Jehova.”*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “ba ipiletsang.”
Lebitso le leng la hae ke Petrose.
Ka Segerike: “palo ya.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.
Kapa: “ke tla qhelela ka thoko.”
E leng setsebi sa molao.
Kapa: “mehleng ee.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sesosa sa kgopiso ho Bajuda.”