Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe 14:1-40

  • Mpho ya ho profeta le ya ho bua dipuo tse fapaneng (1-25)

  • Diphutheho tsa Bokreste tse hlophisehileng (26-40)

    • Boemo ba basadi ka phuthehong (34, 35)

14  Dulang le ratana hape le nne le etse sohle se matleng a lona ho fumana dimpho tse tswang ho Modimo, haholoholo mpho ya ho profeta.+  Motho ya nang le mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng* o bua le Modimo eseng le batho. Le hoja a susumetswa ke moya o halalelang ho bua makunutu a halalelang,+ ha ho na motho ya mo utlwisisang.+  Le ha ho le jwalo, ya profetang o a matlafatsa, o a kgothatsa ebile o tshedisa batho ka dintho tseo a di buang.  Ya buang puo e nngwe o a imatlafatsa empa ya profetang o matlafatsa phutheho.  Nka rata hore kaofela ha lona le be le mpho ya ho bua dipuo tse fapaneng+ empa nka thabiswa haholo ke ha le profeta.+ Ya profetang o molemo ho feta ya buang dipuo tse fapaneng, ntle le haeba ya buang dipuo tse fapaneng a fetolela seo a se buang e le hore a matlafatse phutheho.  Bana beso, le ne le tla fumana molemo ofe haeba ke ne nka tla ho lona ke bua dipuo tseo le sa di tsebeng? Ke ne ke tla le thusa haeba ke bua le lona ka boprofeta, thuto, tsebo+ kapa mantswe a tswang ho Modimo.*+  Ho a tshwana le ka diletsa tsa mmino tse kang lekodilo kapa harepa. Haeba motho ya di letsang a letsa modumo o le mong feela, batho ba tla utlwa pina jwang?  Haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya tla itokisetsa ntwa?  Ka tsela e tshwanang, batho ba tla utlwa jwang hore na le ntse le reng haeba le sa bue puo e utlwisiswang ha bonolo? Ho tla be ho tshwana le ha eka le buela moyeng. 10  Ho na le dipuo tse ngata lefatsheng mme kaofela ha tsona di a utlwahala. 11  Haeba ke sa utlwisise puo e buuwang, ya e buang e tla ba moditjhaba ho nna le nna ke be moditjhaba ho yena. 12  Ka tsela e tshwanang, ka ha le lona le batla dimpho tse tswang ho Modimo, le batle dimpho tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.+ 13  Ka hona, ya buang puo e nngwe a rapelle hore a kgone ho fetolela seo a se buang.+ 14  Etswe haeba ke rapela ka puo e nngwe, ke rapela ka lebaka la mpho eo ke e filweng ke Modimo empa ha ke utlwisise hore na ke ntse ke reng. 15  Jwale ke tla etsa jwang? Ke tla sebedisa mpho eo ke e fuweng ke Modimo ho rapela ke be ke rapele ka puo eo ke e utlwisisang. Ke tla sebedisa mpho eo ke e fuweng ke Modimo ho mo binela dipina tsa thoriso empa hape ke tla mo binela dipina tsa thoriso ka puo eo ke e utlwisisang. 16  Ho seng jwalo, haeba o rorisa Modimo o sebedisa mpho eo a o fileng yona, motho ya nang le wena o tla re “Amen” jwang ha o rapela empa a sa utlwe hore na o reng? 17  Ke nnete hore o tla be o rapetse ka tsela e nepahetseng empa thapelo ya hao ha e thuse motho eo. 18  Ke leboha Modimo hore ebe ke na le mpho ya ho bua dipuo tse ngata ho le feta kaofela. 19  Le ha ho le jwalo, ka phuthehong nka mpa ka bua mantswe a mahlano ao ke a utlwisisang e le hore ke rute ba bang ho ena le hore ke bue mantswe a 10 000 ka puo e sa utlwahaleng.+ 20  Bana beso, le se ke la nahana jwalo ka bana,+ le nahane jwalo ka batho ba baholo empa le be batho ba se nang molato jwalo ka bana+ ka hore le qobe dintho tse fosahetseng.+ 21  Molao o itse: “Jehova* o re, ‘Ke tla bua le batho bana ke sebedisa batho bao ba sa ba tsebeng le ba buang dipuo tse ding empa ba ke ke ba mmamela.’”+ 22  Ka lebaka leo, mpho ya ho bua dipuo tse ding e etseditswe ho thusa ba sa dumeleng+ ho Jesu ho dumela ho yena eseng ho ruta ba dumelang ho yena. Boprofeta bona bo thusa ba dumelang ho Jesu eseng ba sa dumeleng ho yena. 23  Ka hona, haeba le kopane sebakeng se le seng mme kaofela le bua dipuo tse fapaneng ebe batho ba bang feela kapa ba sa dumeleng ho Morena ba fihla hara lona, na ba ke ke ba re le a hlanya? 24  Empa haeba kaofela le profeta ebe motho e mong feela kapa motho ya sa dumeleng ho Morena o fihla hara lona, dintho tseo a di utlwang di tla mo kgalemela mme o tla itlhahloba ka hloko. 25  Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha mme o tla kgumama a rapele Modimo ebe o re: “Ka nnete Modimo o na le lona.”+ 26  Jwale le lokela ho etsang bana beso? Ha le bokane ha mmoho, e mong o bina pesaleme, e mong o a ruta, e mong o bua dintho tseo Modimo a mo boleletseng tsona,* e mong o bua ka puo e nngwe ha e mong yena a fetolela le ho hlalosa.+ Dintho tsohle di ke di etswe bakeng sa ho matlafatsa phutheho. 27  Haeba ho ena le ba buang dipuo tse ding, ho bue batho ba babedi kapa ba bararo feela mme ba se ke ba bua ka nako e le nngwe, ebe e mong o a fetolela.+ 28  Haeba ho se na motho ya ka fetolelang ntho eo ba e buang, ba thole ka phuthehong mme ba bue le Modimo feela ba buela ka pelong. 29  Ho ka bua baprofeta ba babedi kapa ba bararo+ ebe batho ba bang ba leka ho utlwisisa hore na boprofeta bo bolelang. 30  Haeba e mong a fumana molaetsa o tswang ho Modimo* ha le ntse le le phuthehong, ya neng a ntse a bua a thole. 31  Ho profete motho a le mong ka nako e le hore bohle ba ka ithuta mme ba kgothatswa.+ 32  Baprofeta ba lokela ho sebedisa mpho ya ho profeta eo ba e filweng ke Modimo hantle. 33  Etswe Modimo ke Modimo wa kgotso eseng wa ho hloka taolo.+ Feela jwalo ka ha ho etsahala diphuthehong tsohle tsa badumedimmoho le rona,* 34  basadi ba lokela ho thola ka diphuthehong. Ha ba a dumellwa ho bua.+ Ba lokela ho ikokobetsa+ feela jwalo ka ha Molao o tjho. 35  Haeba ho na le ntho eo ba batlang ho e tseba, ba botse banna ba bona ha ba le hae hobane ke ntho e swabisang hore mosadi a bue le phutheho. 36  Na lentswe la Modimo le tswa ho lona kapa na ke lona feela ba le fumaneng? 37  Haeba ho na le ya nahanang hore ke moprofeta kapa ya nahanang hore o na le mpho e tswang ho Modimo, o lokela ho utlwisisa hore dintho tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tse tswang ho Morena. 38  Empa haeba mang kapa mang a iphapanyetsa taba ena, Modimo o tla mo lahla.* 39  Ka hoo bana beso, le nne le profete ka mafolofolo+ empa le teng le se ke la hanela ba bang ho bua dipuo tse ding.+ 40  Dintho tsohle di ke di etswe ka mokgwa o hlomphehang le ka tlhophiso.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “ya buang maleme.”
Ka Segerike: “tshenolo.”
Ka Segerike: “o na le tshenolo.”
Ka Segerike: “tshenolo.”
Ka Segerike: “bahalaledi.”
Kapa mohlomong: “Haeba mang kapa mang a se na tsebo o tla tswela pele a se na yona.”