Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe 16:1-24

  • Tjhelete e bokellwang bakeng sa Bakreste ba Jerusalema (1-4)

  • Merero ya Pauluse ya ho eta (5-9)

  • Merero ya hore Timothea le Apolose ba etele Bakorinthe (10-12)

  • Dikeletso le ditumediso (13-24)

16  Le latele ditaelo tseo ke di fileng diphutheho tsa Galatia tabeng ya tjhelete e bokellwang bakeng sa badumedimmoho le rona.*+  Letsatsing la pele la beke e nngwe le e nngwe, e mong le e mong wa lona a behelle ho hong ka thoko a ipapisitse le hore na a ka kgona ho ntsha bokae e le hore tjhelete e se ke ya bokellwa ha ke fihla.  Ha ke fihla moo, banna bao le itseng ba a tshepahala mangolong a lona,+ ke tla ba roma Jerusalema hore ba ise mpho eo le faneng ka yona ka ho rata.  Le ha ho le jwalo, haeba ho bonahala ho loketse hore le nna ke ye Jerusalema, ba tla tsamaya le nna.  Ke tla tla ho lona ha ke tswa Macedonia hobane ke rera ho pota teng.+  Mohlomong ke tla dula le lona ka nakwana kapa ke qete mariha ohle le lona e le hore le ka mphelehetsa yaba le nkgutlela tseleng ha ke ya moo ebang ke ya teng.  Ha ke batle ho pota ho lona ke bile ke feta ka ha ke batla ho dula le lona ka nakwana+ haeba Jehova* a dumela.  Ke tla ba mona Efese+ ho fihlela ka Mokete wa Pentekonta  hobane ke buletswe monyetla* o moholo wa hore ke sebeletse Morena+ empa ho na le bahanyetsi ba bangata. 10  Haeba Timothea+ a ka fihla, le etse bonnete ba hore ha a tshohe letho ha a le hara lona hobane o etsa mosebetsi wa Jehova*+ jwalo ka nna. 11  Ka hona, ho se ke ha eba le motho ya mo kgellang fatshe. Mo felehetseng e le hore a fihle ho nna a sireletsehile hobane nna le bana ba bo rona re mo emetse. 12  Ha e le ngwanabo rona Apolose,+ ke mo kopile hore a tle ho lona le bana ba bo rona ba bang. O ne a sa rera ho tla hona jwale empa o tla tla ha a ena le monyetla. 13  Dulang le fadimehile,+ le eme le tiile tumelong,+ le be sebete mme le be matla.+ 14  Le etse dintho tsohle ka lerato.+ 15  Bana beso, le a tseba hore ba ntlo ya Setefanase ke bona ba pele ba ho ba badumedi Akaia mme ba iteletse ho sebeletsa bana ba bo rona.* 16  Ke kopa hore le sebedisane hantle le batho ba tshwanang le ba ntlo ya Setefanase ha mmoho le bohle ba sebetsang le bona ka thata.+ 17  Ke thabile haholo ha Setefanase,+ Fortunatase le Akaikase ba le teng mona hobane ba nthusitse haholo ha le ne le le siyo. 18  Ba kgothaditse nna le lona haholo. Ka lebaka leo, le ananele* banna ba jwalo. 19  Diphutheho tsa Asia di re le dumele. Akuila le Priska ha mmoho le phutheho e bokanang ha bona+ ba le dumedisa ka mofuthu lona balatedi ba Morena. 20  Bana ba bo rona kaofela ba re le dumele. Dumedisanang ka lerato.* 21  Nna Pauluse, ke le romela ditumediso tsa ka tseo ke di ngotseng ka letsoho la ka. 22  Haeba le ha e le mang a sa rate Morena, o lokela ho fuwa kotlo. Morena wa rona, tloo! 23  E se eka Morena Jesu a ka ba mosa* haholo ho lona. 24  Kgodisehang hore ke le rata haholo kaofela ha lona ba latelang Kreste Jesu.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “bahalaledi.”
Ka Segerike: “monyako.”
Ka Segerike: “bahalaledi.”
Kapa: “le hlomphe.”
Ka Segerike: “ka kako e halalelang.”