Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe 2:1-16

  • Pauluse o ruta batho ba Korinthe (1-5)

  • Bohlale ba Modimo bo phahametse ba batho (6-10)

  • Motho ya tataiswang ke menahano ya hae le motho ya tataiswang ke moya wa Modimo (11-16)

2  Ka hoo, ha ke ne ke tlile ho lona ho tla le bolella lekunutu le halalelang+ la Modimo, ha ke a ka ka sebedisa mantswe a thata+ kapa ka leka ho iketsa eka ke bohlale haholo.  Ke ile ka etsa qeto ya hore ha ke ena le lona nke ke ka bua ka letho haese ho bua ka Jesu Kreste le hore o ile a bolaelwa palong.+  Ke ile ka tla ho lona ke tshohile, ke ikutlwa ke se na thuso* ebile ke thothomela.  Ha ke ne ke bua le lona le ha ke ne ke le ruta ha ke a ka ka sebedisa mantswe a sebediswang ke batho ba bohlale. Ke ile ka sebedisa mantswe a bontshang hore ke thuswa ke matla a moya o halalelang+  e le hore le se ke la tshepa bohlale ba batho empa le tshepe matla a Modimo.  Re bua ka bohlale ha re ena le batho ba nang le tumelo e matla+ eseng bohlale ba batho ba lefatshe lena* kapa bohlale ba babusi ba lona ba tlo fediswa.+  Re bua ka bohlale ba Modimo bo patilweng lekunutung le halalelang.+ Modimo o ile a rera bohlale bona esale kgale, pele lefatshe lena le kgopo le eba teng e le hore a ka tlotliswa.  Ha ho le ya mong wa babusi ba lefatshe lena* ya ileng a tseba bohlale bona.+ Hoja ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba bolaya* Morena wa rona ya hlomphehang.  Etswe Mangolo a re: “Ha ho motho ya boneng kapa ya utlwileng ebile ha ho motho ya kileng a nahana dintho tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.”+ 10  Modimo o re senoletse tsona+ a sebedisa moya wa hae+ ka ha moya o senola dintho tsohle esita le dintho tse tebileng tsa Modimo.+ 11  Ha ho motho ya ka tsebang menahano ya motho e mong, motho le motho o tseba se ka pelong ya hae. Ka tsela e tshwanang, ha ho motho ya tsebang menahano ya Modimo haese moya o halalelang. 12  Ha re tataiswe ke tsela eo batho ba lefatshe lena ba nahanang ka yona* empa re tataiswa ke moya wa Modimo+ e le hore re ka tseba dintho tseo Modimo a re fileng tsona ka lerato. 13  Dintho tsena re di bua re sebedisa mantswe ao re a rutilweng ke moya wa Modimo+ eseng ao re ithutileng ona ka bohlale ba batho.+ Ka hoo, re hlalosa ditaba tse amanang le Modimo re sebedisa mantswe ao re a rutilweng ke moya wa Modimo. 14  Motho ya tataiswang ke menahano ya hae ha a amohele dintho tsa moya wa Modimo hobane o nka di se na thuso. Ebile a ke ke a di tseba hobane o lokela ho ba le moya wa Modimo e le hore a di hlahlobe. 15  Empa motho ya tataiswang ke moya wa Modimo o hlahloba dintho tsohle.+ Le ha ho le jwalo, yena ha a hlahlojwe ke motho le ha e le ofe. 16  “Ke mang ya ka tsebang menahano ya Jehova* e le hore a ka mo ruta?”+ Rona re nahana jwalo ka Kreste.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “ke fokola.”
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “kgokgothela palong.”
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “moya wa lefatshe.”