Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe 3:1-23

  • Bakorinthe e ntse e le batho ba laolwang ke ditakatso tsa bona (1-4)

  • Modimo ke yena ya hodisang (5-9)

    • Basebetsimmoho le Modimo (9)

  • Haha ka thepa e sa tjheng (10-15)

  • Le tempele ya Modimo (16, 17)

  • Bohlale ba batho ba lefatshe ha bo na thuso ho Modimo (18-23)

3  Bana beso, ha ke a ka ka kgona ho bua le lona jwalo ka ha ke bua le batho ba tataiswang ke moya wa Modimo.+ Empa ke buile le lona jwalo ka batho ba laolwang ke ditakatso tsa bona, jwalo ka batho ba sa utlwisiseng hantle+ hore na ho ba Mokreste ho bolelang.*  Le ne le eso hole, le hona jwale le ntse le eso hole ka ho lekaneng, ke ka lebaka leo ke ileng ka le fa lebese ho ena le ho le fa dijo tse tiileng.+  Le ntse le nahana ka tsela eo batho ba lefatshe lena ba nahanang ka yona+ hobane le ntse le le mona ebile ho na le diqabang hara lona.+ Na ha le nahane le ho itshwara jwalo ka batho ba lefatshe lee?  Ha e mong a re: “Nna ke wa Pauluse,” e mong yena a re: “Nna ke wa Apolose,”+ na ha le itshware jwalo ka batho ba lefatshe lee?  Hantle Apolose ke mang? Pauluse yena ke mang? Ke basebetsi+ feela ba etsang mosebetsi oo Morena a ba fileng wona, ba le thusitseng hore le be badumedi.  Ke ile ka lema,+ Apolose a nosetsa+ empa Modimo a nna a hodisa.  E leng hore ya lemang kapa ya nosetsang ha se yena wa bohlokwa empa Modimo ya hodisang ke yena wa bohlokwa.+  Ya lemang le ya nosetsang ba sebetsa mmoho* empa e mong le e mong o tla fumana moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.+  Re basebetsimmoho le Modimo. Le tshwana le tshimo eo Modimo a e lemang le mohaho oo a o hahang.+ 10  Ka ha Modimo o bile mosa* ho nna, ke tshwana le setsebi sa mehaho. Ke radile motheo+ empa motho e mong o ntse a haha hodima wona. E mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang hodima motheo oo. 11  Ha ho na motho ya ka ralang motheo o mong ntle le o seng o ntse o radilwe e leng Jesu Kreste.+ 12  Motho e mong a ka haha hodima motheo oo a sebedisa kgauta, silevera kapa majwe a bohlokwa. E mong yena a sebedisa lepolanka, furu kapa ditlhaka. 13  Ha letsatsi la diteko le fihla, mosebetsi wa motho ka mong o tla hlaka hore na ke wa mofuta ofe. Ha mollo+ o tla, o tla bontsha hore na mosebetsi wa motho ka mong o motle kapa o mobe. 14  Haeba mosebetsi wa e mong o sala o ntse o eme hodima motheo, motho eo o tla hlohonolofatswa. 15  Haeba mosebetsi wa e mong o tjha, o tla lahlehelwa haholo. Yena o tla pholoha empa ho tla ba jwalo ka ha eka o phonyohile mollo. 16  Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo+ le hore moya wa Modimo o dula ho lona?+ 17  Haeba motho le ha e le ofe a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo fedisa. Tempele ya Modimo e a halalela mme tempele eo ke lona.+ 18  Le se ke la ithetsa. Ya nahanang hore o bohlale lefatsheng lena* e ke e be sethoto e le hore a be bohlale. 19  Bohlale ba batho ba lefatshe lena ha bo na thuso ho Modimo. Etswe le Mangolo a re: “O tshwara ba bohlale mererong ya bona e mebe.”+ 20  Hape a re: “Jehova* o a tseba hore menahano ya ba bohlale ha e na thuso.”+ 21  Ka hoo, ho se ke ha eba le ya ithorisang ka lebaka la batho hobane le fuwe dintho tsohle. 22  Ebang ke Pauluse, Apolose, Kefase,*+ lefatshe, bophelo, lefu, dintho tse teng hona jwale kapa dintho tse tlang, kaofela ke tsa lona. 23  Lona le ba Kreste,+ Kreste yena ke wa Modimo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “jwalo ka bana ho Kreste.”
Kapa: “ba na le sepheo se tshwanang.”
Kapa: “mehleng ena.” Sheba Tlhaloso.
Lebitso le leng la hae ke Petrose.