La Pele le Yang ho Bathesalonika 1:1-10

  • Ditumediso (1)

  • Ba leboha Modimo ka lebaka la tumelo ya Bathesalonika (2-10)

1  Nna Pauluse, ke na le Silvanase*+ le Timothea.+ Ke ngolla phutheho ya Bathesalonika e ikarabellang ho Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste: E se eka Modimo a ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.  Ka mehla re leboha Modimo ha re bua ka lona kaofela dithapelong tsa rona.+  Ha re le ka pela Modimo Ntate wa rona, re dula re hopola mesebetsi eo le e etsang hobane le ena le tumelo le lerato. Hape re dula re hopola ka moo le mameletseng mathata ka teng hobane le ena le tshepo+ ho Morena wa rona Jesu Kreste.  Lona bana ba bo rona ba ratwang ke Modimo, re a tseba hore Modimo o le kgethile  hobane ditaba tse monate tseo re di bolelang, ha re a di bua ka mantswe feela empa le di utlwile le thuswa ke moya o halalelang. Re ne re kgodisehile hore molaetsa oo re le bolellang wona ke nnete mme o le thusitse haholo. Le tseba tsela eo re ileng ra itshwara ka yona molemong wa lona ha re ne re le hara lona.  Le ile la re etsisa+ la ba la etsisa Morena+ hobane le ile la amohela lentswe ka thabo e tliswang ke moya o halalelang le hoja le ne le hloriswa haholo.+  Ka hoo, le bile mohlala ho badumedi bohle ba Macedonia le ba Akaia.  Ha se hore le ile la hasa lentswe la Jehova* Macedonia le Akaia feela empa tumelo ya lona ho Modimo e a tsebahala dibakeng tsohle+ hoo re seng re se na letho leo re ka le buang.  Ba re boleletse ka moo re ileng ra kopana le lona ka teng ka lekgetlo la pele le ka moo le ileng la furalla medimo ya ditshwantsho+ ka teng e le hore le sebeletse Modimo ya phelang le wa nnete. 10  Hape ba re boleletse ka moo le ntseng le lebeletse Mora wa hae ya tswang mahodimong+ eo a ileng a mo tsosa bafung e leng Jesu, ya tla re lopolla bohaleng ba Modimo bo tlang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Lebitso le leng la hae ke Silase.