La Pele le Yang ho Bathesalonika 3:1-13

  • Pauluse o setse Athene a tshwenyehile (1-5)

  • Timothea o kgutla le ditaba tse monate (6-10)

  • Ba rapella Bathesalonika (11-13)

3  Re ile ra le hlolohelwa hoo re neng re sitwa ho iphapanya. Ka hoo, ra bona ho le molemo hore ke sale ke le mong Athene.+  Re ile ra roma ngwanabo rona Timothea,+ mohlanka wa Modimo* ya bolelang ditaba tse monate ka Kreste. Re ne re mo romme hore a le matlafatse le ho le tshedisa e le hore tumelo ya lona e dule e le matla  le hore ho se ke ha eba le ya fokodiswang* ke mathata ana. Etswe le a tseba hore mathata ana a ke ke a re pota ka thoko.+  Ha re ne re ena le lona, re ne re tlwaetse ho le bolella hore re tla hlahelwa ke mathata mme jwalo ka ha le tseba, ke mona ho etsahetse.+  Ka hoo, eitse ha ke le hlolohelwa hoo ke sitwang ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona e le hore ke tsebe hore na le ntse le tshepahala.+ Ke ne ke tshohile hore mohlomong Diabolose*+ o le lekile yaba jwale re sebeleditse lefeela.  Timothea o sa tswa fihla ho rona a tswa ho lona+ mme o re boleletse ditaba tse monate tsa hore le lerato ebile le a tshepahala. Hape o re boleletse hore le dula le re hopotse haholo ebile le hlolohetswe ho re bona jwalo ka ha le rona re hlolohetswe ho le bona.  Ka lebaka leo bana beso, ha re hlahelwa ke mathata le matshwenyeho, re a tshediseha ka lebaka la lona le botshepehi ba lona.+  Ha le ema le tiile ka lehlakoreng la Morena, re a hlasimoloha.*  Ebe re ka leboha Modimo jwang ka lebaka la lona le ka lebaka la thabo eo le re fang yona? 10  Bosiu le motshehare re etsa dithapelo tse matla ka pelo yohle. Re rapella hore re le bone* le hore re le thuse ka dintho tseo le di hlokang ho matlafatsa tumelo ya lona.+ 11  E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena wa rona Jesu ba ka re bulela tsela e le hore re tle ho lona. 12  Hape e se eka Morena a ka etsa hore lerato leo le ratanang ka lona le leo le ratang batho ba bang ka lona+ le eketsehe feela jwalo ka ha lerato leo re le ratang ka lona le ntse le eketseha. 13  Ka tsela eo, o tla etsa hore le tiye, le hloke molato hape le halalele ka pela Modimo+ Ntate wa rona nakong ya ho ba teng ha Morena wa rona Jesu+ le bahalaledi bohle ba hae.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “mosebetsimmoho le Modimo.”
Ka Segerike: “sisingwang.”
Ka Segerike: “moleki.”
Ka Segerike: “re a phela.”
Ka Segerike: “re bone difahleho tsa lona.”