Buka ya Pele ya Dikronike 10:1-14

  • Saule le bara ba hae ba a shwa (1-14)

10  Bafilista ba ne ba lwantsha Baiseraele. Yaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista mme ba bangata ba bona ba shwella Thabeng ya Gilboa.+  Bafilista ba nna ba lelekisa Saule le bara ba hae mme Bafilista ba bolaya Jonathane, Abinadabe le Malki-shua+ e leng bara ba Saule.  Ntwa ya nna ya eba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana mme ba mo lematsa.+  Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Ntsha sabole ya hao mme o ntlhabe ka yona e le hore banna bana ba sa bollang ba se ke ba tla mme ba nketsa hampe.”*+ Empa mojari wa dihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tshohile haholo. Ka hoo, Saule a nka sabole mme a itihela hodima yona.+  Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae mme a shwa le Saule.  Ka hoo, Saule le bara ba hae ba bararo le bohle ba lelapa la hae ba shwa kaofela.+  Ha batho bohle ba Iseraele ba neng ba le kgohlong* ba bona hore batho kaofela ba balehile le hore Saule le bara ba hae ba shwele, ba tloha metseng ya bona ba baleha. Bafilista ba tla mme ba dula metseng eo.  Letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tla ba tlo nkela batho ba bolailweng dintho tsa bona, ba fumana Saule le bara ba hae ba shwele Thabeng ya Gilboa.+  Ba mo hlobodisa mme ba mo kgaola hlooho yaba ba nka dihlomo tsa hae mme ba romela batho naheng yohle ya Bafilista hore ba ise molaetsa ho ditshwantsho tsa bona+ le ho batho bohle. 10  Yaba ba beha dihlomo tsa hae ka tlung* ya modimo wa bona mme ba tlamella lehata la hae ntlong ya Dagone.+ 11  Ha baahi bohle ba Jabeshe+ e Gileade ba utlwa ka sohle seo Bafilista ba se entseng ho Saule,+ 12  banna bohle ba sebete ba tsamaya ba yo nka setopo sa Saule le tsa bara ba hae. Ba di tlisa Jabeshe mme ba pata masapo a bona tlasa sefate se seholo se Jabeshe+ yaba ba itima dijo ka matsatsi a supileng. 13  Ka hoo, Saule a shwa ka lebaka la ho se tshepahalle Jehova hobane ha a ka a mamela lentswe la Jehova+ ebile o ile a kopa thuso ho motho ya reng o buisana le badimo+ 14  ho ena le ho e kopa ho Jehova. Modimo o ile a mo bolaya mme a beha Davida mora wa Jese hore e be morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba ntlhekefetsa.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa: “tempeleng.”