Buka ya Pele ya Dikronike 11:1-47

  • Baiseraele ba tlotsa Davida hore e be morena (1-3)

  • Davida o hapa Sione (4-9)

  • Bahlanka ba Davida ba matla (10-47)

11  Ka mora nako Baiseraele bohle ba tla ho Davida Hebrone+ mme ba re: “Re bana beno.*+  Nakong e fetileng ha Saule e le morena, ke wena ya neng a etella Baiseraele pele ha ba ilo lwana.*+ Jehova Modimo wa hao o ile a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele mme o tla ba moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.’”+  Baholo bohle ba Iseraele ba tla Hebrone ho morena mme Davida a etsa selekane le bona Hebrone ka pela Jehova. Yaba ba tlotsa Davida hore e be morena wa Iseraele+ ho ya ka moo Jehova a neng a laetse Samuele.+  Ha morao Davida le Baiseraele bohle ba ya Jerusalema e leng Jebuse,+ moo Bajebuse+ ba neng ba dula teng.  Baahi ba Jebuse ba nyefola Davida ba re: “O ke ke wa kena mona!”+ Le ha ho le jwalo, Davida a hapa motse o sireletsehileng wa Sione,+ oo hona jwale o bitswang Motse wa Davida.+  Davida a re: “Mang kapa mang ya tla hlasela Bajebuse pele e tla ba molaodi* le kgosana.” Joabe+ mora wa Tseruja a ya pele mme ya eba yena molaodi.  Davida a dula motseng o sireletsehileng. Ke ka lebaka leo ba ileng ba o bitsa Motse wa Davida.  A haha ho tloha Qubung* ho ya fihla dibakeng tse e potolohileng mme Joabe a tsosolosa dibaka tse ding tsohle tsa motse.  Davida a nna a ba matla le ho feta+ mme Jehova wa mabotho o ne a ena le yena. 10  Bana ke dihlooho tsa banna ba matla ba Davida ba ileng ba mo tshehetsa haholo ha a busa, ha mmoho le Baiseraele bohle mme ba mo etsa morena ho ya ka seo Jehova a se boletseng mabapi le Iseraele.+ 11  Lena ke lethathamo la banna ba matla ba Davida: Jashobeame+ mora wa Mohakmone, hlooho ya ba bararo.+ O ile a bolaya batho ba 300 ka lerumo la hae ka nako e le nngwe.+ 12  O ne a latelwa ke Eleazare+ mora wa Dodo wa Moakoki.+ E ne e le e mong wa banna ba bararo ba matla. 13  O ne a ena le Davida Pase-damime+ moo Bafilista ba neng ba bokane teng ho tla lwana. Ho ne ho ena le tshimo e nang le harese e ngata mme batho ba ne ba balehile ka lebaka la Bafilista. 14  Empa a ema hara tshimo eo, a e lwanela mme a nna a bolaya Bafilista. Jehova a etsa hore batho ba hae ba hlole.*+ 15  Banna ba bararo ho ba 30 ba ka sehloohong ba ya lefikeng ho Davida lehaheng la Adulame.+ Ka nako eo, lebotho la Bafilista le ne le hlomme ditente Kgohlong* ya Barefaime.+ 16  Ka nako eo, Davida o ne a le sebakeng se sireletsehileng mme masole a Bafilista a ne a hlomme ditente tsa ona Bethlehema. 17  Davida a bua hore na o lakatsa eng a re: “Ke lakatsa ho nwa metsi a tswang sedibeng se keiting ya Bethlehema.”+ 18  Yaba banna ba bararo ba matla ba kena ka nkane ditenteng tsa Bafilista mme ba kga metsi sedibeng se keiting ya Bethlehema mme ba a tlisa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe ka pela Jehova. 19  Davida a re: “Le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena hobane ke hlompha Modimo. Na nka nwa madi a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?+ Ba behile bophelo ba bona kotsing hore ba ntlisetse ona.” Ka hoo, a hana ho a nwa. Tsena ke dintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba di entseng. 20  Abishai+ abuti wa Joabe+ ya eba ya ka sehloohong ho ba bang ba bararo. O ile a bolaya batho ba 300 ka lerumo la hae. O ne a ena le botumo bo tshwanang le ba banna bane ba bararo.+ 21  Ho ba bang ba bararo, o ne a hlaheletse ho feta ba babedi ba bona mme e le molaodi wa bona. Empa o ne a sa fihle boemong ba bane ba bararo ba pele. 22  Benaia+ mora wa Jehojada e ne e le monna ya sebete* ya ileng a etsa diketso tse ngata Kabziele.+ O ile a bolaya bara ba babedi ba Ariele wa Moabe hape a theohela ka sekoting sa metsi letsatsing leo lehlwa le neng le kgethehile ka lona yaba o bolaya tau.+ 23  A boela a bolaya monna wa Moegepeta ya boholo bo sa tlwaelehang, a le bolelele ba dimithara tse ka bang pedi.*+ Le hoja Moegepeta eo a ne a tshwere lerumo le jwalo ka thupa ya foreimi e etsang masela,+ o ile a ya ho yena a tshwere molamu, a nka lerumo letsohong la Moegepeta eo yaba o mo bolaya ka lona.+ 24  Tsena ke dintho tseo Benaia mora wa Jehojada a di entseng. Botumo ba hae bo ne bo tshwana le ba banna ba bararo ba matla. 25  Le hoja a ne a hlaheletse ho feta banna bane ba 30, o ne a sa fihle boemong ba banna ba bararo ba matla.+ Le ha ho le jwalo, Davida o ile a mo kgetha hore e be e mong wa balebedi ba hae. 26  Banna ba matla ba mabotho a sesole, e ne e le Asahele+ ngwanabo Joabe, Elkanane mora wa Dodo wa Bethlehema,+ 27  Shamothe wa Moharore, Heleze wa Mopelone, 28  Ira+ mora wa Ikeshe wa Motekowa, Abi-ezere+ wa Moanathothe, 29  Sibekai+ wa Mohushathe, Ilai wa Moakoki, 30  Maharai+ wa Monetofa, Helede+ mora wa Baana wa Monetofa, 31  Ithai mora wa Ribai wa Gibea wa Babenjamine,+ Benaia wa Mopirathone, 32  Hurai wa diphuleng* tsa Gashe,+ Abiele wa Moaraba, 33  Azmavethe wa Mobaharume, Eliaba wa Moshalbone, 34  bara ba Hasheme wa Mogizone, Jonathane mora wa Shage wa Moharare, 35  Akiame mora wa Sakare wa Moharare, Elifale mora wa Ure, 36  Hefere wa Momekera, Akija wa Mopelone, 37  Hezro wa Mokarmele, Narai mora wa Ezbai, 38  Joele ngwanabo Nathane, Mibhare mora wa Hagri, 39  Zeleke wa Moamone, Naharai wa Moberothe mojari wa dihlomo wa Joabe mora wa Tseruja, 40  Ira wa Moithere, Garebe wa Moithere, 41  Uria wa Mohethe,+ Zabade mora wa Aklai, 42  Adina mora wa Shiza wa Morubene hlooho ya Barubene le ba 30 ba neng ba ena le yena, 43  Hanane mora wa Maaka, Joshafate wa Momithini, 44  Uzia wa Moashtarothe, Shama le Jeiele, bara ba Hothame wa Moaroere, 45  Jediaele mora wa Shimri le Joha ngwanabo wa Motizi, 46  Eliele wa Momahava, Jeribai le Joshavia bara ba Elname le Ithma wa Momoabe, 47  Eliele, Obede le Jasiele wa Momezoba.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “lesapo la hao le nama ya hao.”
Ka Seheberu: “ya ntshang le ya kenyang Iseraele.”
Ka Seheberu: “hlooho.”
Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”
Kapa: “ba pholohe.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “mora wa monna ya sebete.”
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.” Sheba Ntlha ya B14.