Buka ya Pele ya Dikronike 12:1-40

  • Batho ba tshehetsang puso ya Davida (1-40)

12  Bana e ne e le banna ba ileng ba tla ho Davida Ziklage+ nakong eo a neng a sa kgone ho tsamaya ka bolokolohi ka lebaka la Saule+ mora wa Kishe. E ne e le ba bang ba banna ba matla ba neng ba mo tshehetsa ntweng.+  Ba ne ba tshwara seqha mme ba kgona ho sebedisa matsoho a bona a matona le a matshehadi+ ho betsa majwe ka letjeketjane+ kapa ho betsa metsu ka seqha. E ne e le ba bana ba bo Saule, e le Babenjamine.+  Hlooho ya bona e ne e le Akiezere ha mmoho le Joashe e leng bara ba babedi ba Shema wa Mogibea,+ le Jeziele le Pelete bara ba Azmavethe,+ Beraka, Jehu wa Moanathothe,  Ishmaia wa Mogibeone,+ monna ya matla hara ba 30+ le ya ba phahametseng ha mmoho le Jeremia, Jahaziele, Johanane, Jozabade wa Mogedera,  Eluzai, Jerimothe, Bealia, Shemaria, Shefatia wa Moharife,  Elkana, Ishia, Azarele, Joezere le Jashobeame e leng Bakora+  le Joela le Zebadia bara ba Jerohame wa Gedore.  Bagade ba bang ba ile ba ya ka lehlakoreng la Davida sebakeng se sireletsehileng lefeelleng.+ E ne e le banna ba matla, masole a kwetliseditsweng ntwa, ba dulang ba tshwere thebe e kgolo le lerumo, bao difahleho tsa bona di neng di tshwana le tsa ditau mme ba le lebelo jwalo ka ditshephe dithabeng.  Ezere e ne e le hlooho, wa bobedi e le Obadia, wa boraro e le Eliabe, 10  wa bone e le Mishmana, wa bohlano e le Jeremia, 11  wa botshelela e le Atai, wa bosupa e le Eliele, 12  wa borobedi e le Johanane, wa borobong e le Elzabade, 13  wa leshome e le Jeremia, wa leshome le motso o mong e le Makbanai. 14  Bana e ne e le Bagade,+ dihlooho tsa lebotho la sesole. Ya fokolang ho bona o ne a ka lwantsha masole a 100 mme ya matla o ne a ka lwantsha masole a 1 000.+ 15  Bana ke banna ba ileng ba tshela noka ya Jordane ha e ne e tletse haholo ka kgwedi ya pele mme ba leleka batho bohle ba dulang dibakeng tse se nang dithaba hore ba ye ka botjhabela le ka bophirimela. 16  Banna ba bang ba Benjamine le ba Juda le bona ba tla ho Davida sebakeng sa hae se sireletsehileng.+ 17  Davida a ya ho bona mme a re: “Haeba le tlile ho nna ka kgotso hore le tlo nthusa, jwale re tla ba metswalle. Empa haeba le tlile ho tla nehelana ka nna ho dira tsa ka le hoja ho se na phoso eo ke e entseng, e se eka Modimo wa baholoholo ba rona a ka bona seo mme a ahlole.”+ 18  Moya wa Modimo wa theohela* ho Amasai+ e leng hlooho ya ba mashome a mararo yaba Amasai o re: “Re ba hao Davida mme re na le wena, mora wa Jese.+ Kgotso, kgotso e be ya hao mme kgotso e be ho ya o thusang Hobane Modimo wa hao o a o thusa.”+ Ka hoo, Davida a ba amohela mme a ba kgetha hore e be ba bang ba dihlooho tsa masole. 19  Ba bang ba leloko la Manase le bona ba ile ba tloha sesoleng sa Saule ba ya ho Davida ha a ne a tla le Bafilista hore a tlo lwantsha Saule. Empa ha a ka a thusa Bafilista+ hobane ka mora hore marena a Bafilista a buisane a ile a mo leleka a re: “O tla re tlohela a ye ho morena wa hae Saule mme re tla bolawa.”+ 20  Bana ke ba ileng ba ya ho yena ho tswa lelokong la Manase ha a ne a ya Ziklage:+ Adna, Jozabade, Jediaele, Mikaele, Jozabade, Elihu le Zilethai e leng dihlooho tsa ba dikete ba Manase.+ 21  Ba ile ba thusa Davida ho lwantsha batho ba mo hlaselang hobane kaofela ha bona e ne e le banna ba matla, ba sebete+ mme e ile ya eba balaodi ba lebotho la sesole. 22  Letsatsi le letsatsi batho ba nna ba tla ho Davida+ hore ba tlo mo thusa ho fihlela e eba lebotho la sesole le leholo jwalo ka lebotho la Modimo.+ 23  Ena ke palo ya bao e leng dihlooho ba hlometseng bakeng sa ntwa ba ileng ba tla ho Davida Hebrone+ ho tla mo fa borena ba Saule ho ya ka taelo ya Jehova.+ 24  Banna ba Juda ba tshwarang thebe e kgolo le lerumo ba ne ba le 6 800 mme ba hlometse bakeng sa ntwa. 25  Ho Basimeone e ne e le banna ba sesole ba 7 100, ba le matla ebile ba le sebete. 26  Ho Balevi e ne e le ba 4 600. 27  Jehojada+ e ne e le moetapele wa bara ba Arone+ mme ba neng ba ena le yena e ne e le ba 3 700 28  le Tsadoke+ mohlankana ya matla le ya sebete ha mmoho le balaodi ba 22 ba lelapa la ntate wa hae. 29  Ho Babenjamine bana ba bo Saule,+ ho ne ho ena le ba 3 000. Nakong e fetileng ba bangata ba bona ba ne ba lebela ntlo ya Saule. 30  Ho Baefraime ho ne ho ena le banna ba 20 800 ba matla, ba sebete le ba tummeng hara malapa a bontate ba bona. 31  Halofong ya leloko la Manase ho ne ho ena le ba 18 000 ba kgethilweng ka mabitso hore ba tlo etsa Davida morena. 32  Lelokong la Isakare, ba neng ba utlwisisa dinako mme ba tseba seo Baiseraele ba lokelang ho se etsa, ba ne ba ena le banna ba ka sehloohong ba 200. Bana ba bo bona bohle ba ne ba laelwa ke bona. 33  Lelokong la Zabulone ho ne ho ena le masole a 50 000 a loketseng ho ya ntweng, a ena le dibetsa tsohle tsa ntwa mme kaofela ha bona ba tshepahalla Davida ka dipelo tsohle. 34  Lelokong la Nefthali ho ne ho ena le balaodi ba 1 000 mme ba ena le ba 37 000 ba nang le dithebe tse kgolo le marumo. 35  Ho Badane ho ne ho ena le ba 28 600 ba ka yang ntweng. 36  Lelokong la Ashere ho ne ho ena le masole a 40 000 a loketseng ho ya ntweng. 37  Ka lehlakoreng le leng la Jordane,+ ho Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ho ne ho ena le masole a 120 000 a nang le mefuta yohle ya dibetsa tsa ntwa. 38  Bana bohle e ne e le masole a neng a bokane ha mmoho moleng wa ntwa. Ba ile ba tla Hebrone ba ikemiseditse ho tla etsa Davida morena wa Baiseraele bohle. Baiseraele ba bang bohle le bona ba ne ba dumellana hore ba etse Davida morena.+ 39  Ba ile ba dula moo le Davida ka matsatsi a mararo, ba ja mme ba nwa dintho tseo bana ba bo bona ba neng ba ba lokiseditse tsona. 40  Hape ba neng ba le haufi le bona le ba neng ba le dinaheng tse hole tsa Isakare, Zabulone le Nefthali, ba ne ba tlisa dijo ka ditonki, dikamele, dimmoulo le dikgomo, ba tlisa phofo, dipolokwe tsa difeie* tse omisitsweng le tsa morara o omisitsweng, veine, oli le dikgomo le dinku tse ngata haholo hobane Baiseraele ba ne ba thabile.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “aparela.”
Kapa: “difeiga.”