Buka ya Pele ya Dikronike 13:1-14

  • Areka e latwa Kiriathe-jearime (1-14)

    • Uza o a bolawa (9, 10)

13  Davida a buisana le balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo le baetapele bohle.+  Davida a re ho phutheho yohle ya Iseraele: “Haeba le dumela mme e le taba e amohelehang ho Jehova Modimo wa rona, ereng re romele molaetsa ho bana ba bo rona ba setseng dinaheng tsohle tsa Iseraele le ho baprista le Balevi ba metseng ya bona+ e nang le makgulo hore ba tle ho rona.  A re lateng Areka+ ya Modimo wa rona.” Ba ne ba sa e hlokomele mehleng ya Saule.+  Phutheho yohle ya dumellana le taba eo hobane e ne e utlwa e nepahetse.  Ka hoo, Davida a bitsa Baiseraele bohle ho tloha nokeng* ya Egepeta ho ya fihla Lebo-hamathe*+ hore Areka ya Modimo wa nnete e latwe Kiriathe-jearime.+  Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala,+ Kiriathe-jearime ya Juda ho ya lata Areka ya Modimo wa nnete Jehova, ya dutseng hodima* dikerubime,+ moo lebitso la hae le bitswang teng.  Le ha ho le jwalo, ba palamisa Areka ya Modimo wa nnete hodima kariki e ntjha+ mme ba e lata ho tswa ntlong ya Abinadabe. Uza le Akio ba ne ba tsamaya ka pela kariki eo.+  Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka matla ohle a bona ka pela Modimo wa nnete ka dipina, ka diharepa, ka diletsa tse ding tse dikgwele, ka meropa e menyenyane,+ ka disimbala+ le ka diterompeta.+  Empa ha ba fihla seotlong sa Kidone, Uza a otlolla letsoho a tshwara Areka hobane dikgomo di ile tsa batla di e diha. 10  Jehova a halefela Uza mme a mo bolaya hobane a ile a tshwara Areka+ yaba o shwella ka pela Modimo.+ 11  Empa Davida a kwata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitswa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena. 12  Letsatsing leo, Davida a tshoha mme a tshaba Modimo wa nnete a re: “Ke tla tlisa Areka ya Modimo wa nnete jwang ho nna?”+ 13  Davida ha a ka a tlisa Areka ho yena Motseng wa Davida. Empa a re e iswe ntlong ya Obede-edomo wa Mogathe. 14  Areka ya Modimo wa nnete ya dula ntlong ya Obede-edomo ka dikgwedi tse tharo mme Jehova a nna a hlohonolofatsa lelapa la Obede-edomo le sohle sa hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ho tloha Shihore.”
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
Kapa mohlomong: “dipakeng.”
E bolelang “Kotlo ya Uza.”