Buka ya Pele ya Dikronike 14:1-17

  • Davida o etswa morena (1, 2)

  • Lelapa la Davida (3-7)

  • Bafilista ba a hlolwa (8-17)

14  Morena Hirame+ wa Tire a romela baromuwa ho Davida ha mmoho le difate tsa kedare, batho ba betlang majwe* le ba sebetsang ka mapolanka hore ba mo hahele ntlo.*+  Davida o ne a tseba hore Jehova o tiisitse borena ba hae Iseraele+ hobane o entse hore mmuso wa hae o be matla molemong wa setjhaba sa hae sa Iseraele.+  Davida a ba le basadi+ ba bangata Jerusalema mme a ba le bara le baradi ba bangata.+  Ana ke mabitso a bana ba hae ba hlahetseng Jerusalema:+ Shamua, Shobabe, Nathane,+ Solomone,+  Ibare, Elishua, Elpelete,  Noga, Nefege, Jafia,  Elishama, Beliada le Elifelete.  Ha Bafilista ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be morena wa Iseraele yohle,+ Bafilista bohle ba tla ho tla lwantsha Davida.+ Ha Davida a utlwa taba ena, a tswa a yo ba hlasela.  Bafilista ba tla mme ba hlasela batho ba dulang Kgohlong* ya Refaime.+ 10  Davida a botsa Modimo a re: “Na nka ya ke yo lwantsha Bafilista? Na o tla nthusa hore ke ba hlole?” Yaba Jehova o re ho yena: “Tsamaya mme ke tla o thusa hore o ba hlole.”+ 11  Davida a ya Baale-perazime+ mme a ba bolaela moo. Yaba o re: “Modimo wa nnete o hlotse dira tsa ka jwalo ka lerako le dihilweng ke metsi.” Ke ka lebaka leo ba ileng ba bitsa sebaka seo Baale-perazime.* 12  Bafilista ba siya medimo ya bona ya ditshwantsho moo mme e ile ya tjheswa mollong+ ha Davida a fana ka taelo eo. 13  Ha morao Bafilista ba boela ba hlasela batho ba dulang kgohlong.*+ 14  Davida a boela a botsa Modimo empa Modimo wa nnete a re ho yena: “O se ke wa nyolohela ho bona ka ho toba. Empa o ba pote ka morao mme o ba hlasele o hlaha ka pela dihlahla tsa bakha.+ 15  Ha o utlwa lerata la masole a tsamayang hodima dihlahla tsa bakha, o a hlasele hanghang hobane Modimo wa nnete o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya masole a Bafilista.”+ 16  Davida a etsa feela jwalo ka ha Modimo wa nnete a mo laetse+ yaba ba bolaya masole a Bafilista ho tloha Gibeone ho ya fihla Gezere.+ 17  Davida a tuma dinaheng tsohle mme Jehova a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba hahang marako.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Monghadi wa Tlholo.”
Kapa: “phuleng.”