Buka ya Pele ya Dikronike 15:1-29

  • Balevi ba isa Areka Jerusalema (1-29)

    • Mikale o nyefola Davida (29)

15  Davida a nna a ikahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa Areka ya Modimo wa nnete sebaka mme a e hlomela tente.+  Nakong eo Davida o ile a re: “Ha ho na motho ya lokelang ho jara Areka ya Modimo wa nnete ntle ho Balevi hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare Areka ya Jehova le ho mo sebeletsa ka mehla.”+  Davida a bitsetsa Baiseraele bohle Jerusalema hore Areka ya Jehova e tliswe sebakeng seo a se lokisitseng bakeng sa yona.+  Davida a bokella ditloholo tsa Arone+ le Balevi:+  Ho Bakohathe e le Uriele molaodi le bana babo ba 120,  ho Bamerari e le Asaia+ molaodi le bana babo ba 220,  ho Bagershome e le Joele+ molaodi le bana babo ba 130,  ho ditloholo tsa Elizafane+ e le Shemaia molaodi le bana babo ba 200,  ho ditloholo tsa Hebrone e le Eliele molaodi le bana babo ba 80, 10  ho ditloholo tsa Uziele+ e le Aminadabe molaodi le bana babo ba 112. 11  Ho feta moo, Davida a bitsa moprista Tsadoke+ le moprista Abiathare+ le Balevi Uriele, Asaia, Joele, Shemaia, Eliele le Aminadabe. 12  A re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a bontate ba Balevi. Itlhwekiseng, lona le bana ba bo lona mme le tlise Areka ya Jehova Modimo wa Iseraele sebakeng seo ke e lokiseditseng sona. 13  Ka ha ka lekgetlo la pele ha le a ka la e jara,+ Jehova Modimo wa rona o ile a re halefela+ hobane ha re a ka ra latela ditaelo tsa hae.”+ 14  Ka hoo, baprista le Balevi ba itlhwekisa hore ba late Areka ya Jehova Modimo wa Iseraele. 15  Balevi ba jara Areka ya Modimo wa nnete mahetleng ka dipalo tsa yona+ feela jwalo ka ha Moshe a ne a laetse ho ya ka lentswe la Jehova. 16  Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba kgethe bana ba bo bona ba binang hore ba bine ba thabile ka diletsa tsa mmino: Diletsa tse dikgwele, diharepa+ le disimbala.+ 17  Balevi ba kgetha Hemane+ mora wa Joele, ho bana babo ba kgetha Asafe+ mora wa Berekia mme ho Bamerari bana ba bo bona, ba kgetha Ethane+ mora wa Kushaia. 18  Bana ba bo bona ba sehlopha sa bobedi+ ba ne ba ena le bona e leng Zakaria, Bene, Jaziele, Shemiramothe, Jehiele, Uni, Eliabe, Benaia, Maseia, Matithia, Elifelehu le Mikneia ha mmoho le Obede-edomo le Jeiele balebedi ba dikeiti. 19  Dibini e leng Hemane,+ Asafe+ le Ethane ba ne ba tla letsa disimbala tsa koporo.+ 20  Zakaria, Aziele, Shemiramothe, Jehiele, Uni, Eliabe, Maseia le Benaia ba ne ba bapala diletsa tse dikgwele ka modumo wa Alamothe.*+ 21  Matithia,+ Elifelehu, Mikneia, Obede-edomo, Jeiele le Azazia ba ne ba letsa diharepa ka modumo wa Sheminithe*+ hore e be batsamaisi. 22  Kenania+ molaodi wa Balevi o ne a etella pele mosebetsi wa ho tsamaisa areka hobane e ne e le setsebi. 23  Berekia le Elkana e ne e le balebedi ba dikeiti bakeng sa Areka. 24  Baprista e leng Shebania, Joshafate, Nethaniele, Amasai, Zakaria, Benaia le Eliezere ba ne ba letsetsa diterompeta hodimo ka pela Areka ya Modimo wa nnete+ mme Obede-edomo le Jehia le bona e ne e le balebedi ba dikeiti bakeng sa Areka. 25  Davida le baholo ba Iseraele le balaodi ba ba dikete ba ne ba tsamaya ha mmoho ho ya lata areka ya selekane sa Jehova ntlong ya Obede-edomo+ ba thabile.+ 26  Ka ha Modimo wa nnete o ne a thusitse Balevi ba neng ba jere areka ya selekane sa Jehova, ba ile ba etsa sehlabelo ka dipohwana tse supileng le diramo tse supileng.+ 27  Davida o ne a apere seaparo se se nang matsoho sa lesela la boleng bo botle ha mmoho le Balevi bohle ba jereng Areka, dibini le Kenania moetapele wa ho tsamaisa Areka le dibini. Davida o ne a apere le efoda* ya line.+ 28  Baiseraele bohle ba ne ba tlisa areka ya selekane sa Jehova ba hweletsa mme ba thabile,+ ba letsa lenaka, diterompeta,+ disimbala mme ba letsetsa hodimo diletsa tse dikgwele le diharepa.+ 29  Empa ha areka ya selekane sa Jehova e fihla Motseng wa Davida,+ Mikale+ moradi wa Saule a sheba tlase ka fensetere mme a bona Morena Davida a tlolatlola a keteka yaba o mo nyefola ka pelong.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.