Buka ya Pele ya Dikronike 17:1-27

  • Ha se Davida ya tla haha tempele (1-6)

  • Modimo o etsa selekane sa mmuso le Davida (7-15)

  • Thapelo ya Davida ya diteboho (16-27)

17  Ha Davida a se a dula ka tlung* ya hae, a re ho moprofeta Nathane:+ “Nna ke dula ka tlung e entsweng ka dikedare+ empa areka ya selekane sa Jehova e dula ka tenteng ya masela.”+  Nathane a re ho Davida: “Etsa ntho le ha e le efe e ka pelong ya hao hobane Modimo wa nnete o na le wena.”  Bosiung bona boo, Modimo a re ho Nathane:  “Eya ho mohlanka wa ka Davida mme o re, ‘Jehova o re: “Ha se wena ya tla nkahela ntlo eo ke tla dula ho yona.+  Ha ke eso dule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntshitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena empa ke ne ke ntse ke tloha tenteng e nngwe ho ya ho e nngwe le tabernakeleng e nngwe ho ya ho e nngwe.*+  Nakong yohle eo ke neng ke tsamaya le setjhaba sohle sa Iseraele, na nkile ka bua ntho le ha e le efe ho moahlodi le ha e le ofe wa Iseraele eo ke mo kgethileng hore a dise setjhaba sa ka, ka re, ‘Ke hobaneng ha o sa nkahela ntlo e entsweng ka dikedare?’”’  Ere ho mohlanka wa ka Davida, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke o nkile naheng moo o neng o disa mohlape, ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+  Ke tla ba le wena kae kapa kae moo o yang teng+ mme ke fedise dira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale, le be jwalo ka mabitso a batho ba tummeng lefatsheng.+  Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka mme se tla dula moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le batho ba tla se tshwenya. Banna ba kgopo ba ke ke ba se hatella* hape jwalo ka pele,+ 10  ho tloha letsatsing leo ke kgethelang setjhaba sa ka sa Iseraele baahlodi.+ Ke tla hlola dira tsohle tsa hao.+ Hape, ke a o bolella, ‘Jehova o tla o hahela ntlo.’* 11  Ha o shwa mme o patwa le baholoholo ba hao, ke tla etsa hore baneng* ba hao, e mong wa bara ba hao+ e be morena ya o hlahlamang mme ke tla tiisa mmuso wa hae.+ 12  Ke yena ya tla nkahela ntlo+ mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.+ 13  Ke tla ba ntate wa hae mme yena e tla ba mora wa ka.+ Nke ke ka kgaotsa ho mo rata*+ jwalo ka ha ke ile ka tlohela ho rata ya tlileng pele ho wena.+ 14  Ke tla mo etsa morena wa ka ka tlung ya ka ka ho sa feleng+ mme terone ya hae e tla dula e le teng ka ho sa feleng.”’”+ 15  Nathane a bolella Davida mantswe ana ohle le sohle seo a se boneng ponong. 16  Morena Davida a tla mme a dula ka pela Jehova a re: “Nna ke mang Jehova Modimo? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe o nketseditse dintho tsee?+ 17  Ho feta moo, Jehova Modimo, o boetse o bua ka seo o tla se etsetsa lelapa la mohlanka wa hao nakong e tlang+ mme o bone ke le motho ya lokelang ho phahamiswa le ho feta.* 18  Nna mohlanka wa hao Davida ke tla reng ka tlotla eo o mphileng yona ka ha o tseba mohlanka wa hao hantle?+ 19  Jehova, ka lebaka la mohlanka wa hao le ka hobane o ne o batla,* o entse dintho tsena tsohle tse kgolo mme wa senola boholo ba hao.+ 20  Jehova, ha ho na ya tshwanang le wena+ mme ha ho Modimo ntle ho wena.+ Dintho tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona di paka sena. 21  Ke setjhaba sefe lefatsheng se tshwanang le setjhaba sa hao sa Iseraele?+ Wena Modimo wa nnete, o ile wa se lopolla hore e be setjhaba sa hao.+ O iketseditse lebitso ka diketso tsa hao tse kgolo le tse makatsang,+ wa leleka ditjhaba ka pela batho ba hao+ bao o ba lopolotseng Egepeta. 22  O entse hore setjhaba sa Iseraele e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng+ mme wena Jehova, o ile wa ba Modimo wa sona.+ 23  Jehova, e se eka o ka phetha tshepiso eo o e etseditseng nna mohlanka wa hao le lelapa la ka ka ho sa feleng. E se eka o ka etsa seo o se tshepisitseng.+ 24  E se eka lebitso la hao le ka dula le le teng mme le phahamiswe+ ka ho sa feleng e le hore batho ba ka re, ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho batho ba Iseraele.’ Hape e se eka ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ka tiiswa ka thata ka pela hao+ 25  hobane wena, Modimo wa ka, o tsebisitse nna mohlanka wa hao morero wa hao wa ho nkahela ntlo.* Ke ka lebaka leo nna mohlanka wa hao ke nang le sebete sa ho o rapela ka tsela ena. 26  Jehova, o Modimo wa nnete ebile o tshepisitse mohlanka wa hao dintho tsena tse ntle. 27  E se eka o ka hlohonolofatsa ntlo ya mohlanka wa hao mme ya dula e le teng ka ho sa feleng ka ha wena Jehova, o e hlohonolofaditse mme e tla hlohonolofatswa ka ho sa feleng.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleising.”
Mohlomong e bolela “ho tloha sebakeng sa tente ho ya ho se seng le ho tloha sebakeng sa bodulo ho ya ho se seng.”
Ka Seheberu: “ba se kgathatsa.”
Kapa: “ntlo ya borena.”
Ka Seheberu: “peong.”
Kapa: “ho mo bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “motho ya boemong bo phahameng.”
Kapa: “le ka ho dumellana le pelo ya hao.”
Kapa: “ntlo ya borena.”