Buka ya Pele ya Dikronike 18:1-17

  • Dintwa tseo Davida a di hlotseng (1-13)

  • Puso ya Davida (14-17)

18  Ka mora nako, Davida a lwantsha Bafilista mme a ba hlola yaba o hapa Gathe+ le metse e haufi le yona* ho Bafilista.+  A hlola Bamoabe+ mme Bamoabe ya eba basebeletsi ba Davida ba ntshang lekgetho.*+  Davida a hlola Morena Hadadezere+ wa Zoba+ haufi le Hamathe,+ ha Hadadezere a ne a yo busa sebaka se Nokeng ya Eufrate.+  Davida a hapa dikariki tsa ntwa tse 1 000, bapalami ba dipere ba 7 000 le masole a 20 000 a tsamayang ka maoto.+ Yaba Davida o kgaola mesifa ya dipere tsohle tse hulang dikariki empa a siya dipere tse 100.+  Ha Basiria ba Damaseka ba tla ho tla thusa Morena Hadadezere wa Zoba, Davida a bolaya Basiria ba 22 000.+  Davida a beha masole Siria ya Damaseka mme Basiria ya eba basebeletsi ba Davida ba ntshang lekgetho. Jehova o ne a thusa Davida hore a hlole* hohle moo a neng a ya teng.+  Ho ekelletsa moo, Davida a nka dithebe tse sedikadikwe tsa kgauta ho bahlanka ba Hadadezere, a di tlisa Jerusalema.  Davida a nka koporo e ngata Tibathe le Kune e leng metse ya Hadadezere. Solomone o ile a etsa Lewatle la koporo,+ dipilara le disebediswa tsa koporo ka yona.+  Ha Morena Tou wa Hamathe a utlwa hore Davida o hlotse masole ohle a Morena Hadadezere+ wa Zoba,+ 10  hanghang a romela mora wa hae Hadorame ho Morena Davida hore a yo utlwa hore na o ntse a ya jwang le ho mo lebohisa hobane o ne a lwantshitse Hadadezere mme a mo hlotse (ka ha Hadadezere o ne a dula a lwantsha Tou). Hape o ile a mo tlisetsa mefuta yohle ya dintho tsa kgauta, tsa silevera le tsa koporo. 11  Morena Davida a nehelana ka* dintho tsena ho Jehova+ ha mmoho le silevera le kgauta tseo a neng a di nkile ditjhabeng tsohle, ho Edomo le Moabe, Baamone,+ Bafilista+ le ho Baamaleke.+ 12  Abishai+ mora wa Tseruja+ a bolaya Baedomo ba 18 000 Kgohlong ya Letswai.+ 13  A beha mabotho a sesole Edomo mme Baedomo bohle ya eba basebeletsi ba Davida.+ Jehova o ne a thusa Davida hore a hlole* hohle moo a neng a ya teng.+ 14  Davida a nna a busa Iseraele yohle,+ a ahlola setjhaba sohle ka toka le ka ho loka.+ 15  Joabe mora wa Tseruja o ne a okametse masole,+ Josafate+ mora wa Akilude e ne e le motlalehi, 16  Tsadoke mora wa Akitube le Akimeleke mora wa Abiathare e ne e le baprista mme Shavsha e le mongodi. 17  Benaia mora wa Jehojada o ne a okametse Bakerethe+ le Bapelethe.+ Bara ba Davida e ne e le baetapele ba ka sehloohong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “dimpho.”
Kapa: “pholohe.”
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Kapa: “pholohe.”