Buka ya Pele ya Dikronike 2:1-55

  • Bara ba Iseraele ba 12 (1, 2)

  • Leloko la Juda (3-55)

2  Bana e ne e le bara ba Iseraele:+ Rubene,+ Simeone,+ Levi,+ Juda,+ Isakare,+ Zabulone,+  Dane,+ Josefa,+ Benjamine,+ Nefthali,+ Gade+ le Ashere.+  Bara ba Juda e ne e le Ere, Onane le Shela. Bara bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana.+ Empa Ere mora e moholo wa Juda, o ne a etsa dintho tse sa kgahliseng Jehova yaba o a mo bolaya.+  Tamare+ ngwetsi ya Juda, o ile a mo tswalla Pereze+ le Zera. Bara bohle ba Juda ba ne ba le bahlano.  Bara ba Pereze e ne e le Hezrone le Hamule.+  Bara ba Zera e ne e le Zimri, Ethane, Hemane, Kalkole le Dara. Kaofela ba ne ba le bahlano.  Mora* wa Karmi e ne e le Akare,* ya ileng a tlisetsa Iseraele kgathatso,*+ ya sa kang a mamela taelo e mabapi le dintho tse lokelang ho fediswa.+  Mora* wa Ethane e ne e le Azaria.  Bara ba Hezrone e ne e le Jeramiele,+ Rame+ le Kelubai.* 10  Rame a tswala Aminadabe.+ Aminadabe a tswala Nashone+ kgosana ya ditloholo tsa Juda. 11  Nashone a tswala Salma.+ Salma a tswala Boase.+ 12  Boase a tswala Obede. Obede a tswala Jese.+ 13  Jese a tswala Eliabe letsibolo la hae, Abinadabe+ e le wa bobedi, Shimea e le wa boraro,+ 14  Nethaniele e le wa bone, Radai e le wa bohlano, 15  Ozeme e le wa botshelela mme Davida+ e le wa bosupa. 16  Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Tseruja le Abigaile.+ Bara ba Tseruja ba ne ba le bararo, e le Abishai,+ Joabe+ le Asahele.+ 17  Abigaile a tswala Amasa+ mme ntate wa Amasa e ne e le Jethere wa Moishmaele. 18  Kalebe* mora wa Hezrone ya eba ntate wa Jeshere, Shobabe le Ardone ka mosadi wa hae Azuba le ka Jeriothe. 19  Ha Azuba a shwa, Kalebe a nyala Efratha+ ya ileng a mo tswalla Hure.+ 20  Hure ya eba ntate wa Uri. Uri ya eba ntate wa Bezalele.+ 21  Ka mora moo, Hezrone a robala le moradi wa Makire+ ntate wa Gileade.+ O ile a mo nyala ha a le dilemo di 60 mme a mo tswalla Segube. 22  Segube ke ntate wa Jaire+ ya neng a ena le metse e 23 naheng ya Gileade.+ 23  Ha morao baahi ba Geshure+ le ba Siria+ ba hapa Havothe-jaire+ ho baahi ba yona ha mmoho le Kenathe+ le metse e haufi le yona,* kaofela e le metse e 60. Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Makire ntate wa Gileade. 24  Ka mora hore Hezrone+ a shwelle Kalebe-efratha, Abija mosadi wa Hezrone o ile a mo tswalla Ashure+ ntate wa Tekowa.+ 25  Bara ba Jeramiele letsibolo la Hezrone e ne e le Rame wa letsibolo, Buna, Orene, Ozeme le Akija. 26  Jeramiele o ne a ena le mosadi e mong, lebitso la hae e le Atara. E ne e le mme wa Oname. 27  Bara ba Rame letsibolo la Jeramiele e ne e le Maze, Jamine le Ekere. 28  Bara ba Oname e ne e le Shamai le Jada. Bara ba Shamai e ne e le Nadabe le Abishure. 29  Lebitso la mosadi wa Abishure e ne e le Abikaile, ya ileng a mo tswalla Akbane le Molide. 30  Bara ba Nadabe e ne e le Selede le Apaime. Empa Selede o ile a shwa a se na bara. 31  Mora* wa Apaime e ne e le Ishi. Mora* wa Ishi e ne e le Sheshane mme mora* wa Sheshane e ne e le Aklai. 32  Bara ba Jada ngwanabo Shamai e ne e le Jethere le Jonathane. Empa Jethere o ile a shwa a se na bara. 33  Bara ba Jonathane e ne e le Pelethe le Zaza. E ne e le ditloholo tsa Jeramiele. 34  Sheshane o ne a se na bara, a ena le baradi feela. O ne a ena le mohlanka wa Moegepeta e leng Jarha. 35  Sheshane o ile a fa mohlanka wa hae Jarha e mong wa baradi ba hae hore e be mosadi wa hae mme a mo tswalla Atai. 36  Atai ya eba ntate wa Nathane. Nathane ya eba ntate wa Zabade. 37  Zabade ya eba ntate wa Eflale. Eflale ya eba ntate wa Obede. 38  Obede ya eba ntate wa Jehu. Jehu ya eba ntate wa Azaria. 39  Azaria ya eba ntate wa Heleze. Heleze ya eba ntate wa Eleasa. 40  Eleasa ya eba ntate wa Sismai. Sismai ya eba ntate wa Shalume. 41  Shalume ya eba ntate wa Jekamia. Jekamia ya eba ntate wa Elishama. 42  Bara ba Kalebe*+ ngwanabo Jeramiele e ne e le Mesha letsibolo la hae, eo e neng e le ntate wa Zife le bara ba Maresha ntate wa Hebrone. 43  Bara ba Hebrone e ne e le Kora, Tapua, Rekeme le Shema. 44  Shema ya eba ntate wa Rahame ntate wa Jorkeame. Rekeme ya eba ntate wa Shamai. 45  Mora wa Shamai e ne e le Maone. Maone e ne e le ntate wa Bethe-zure.+ 46  Efa serethe* sa Kalebe a tswala Harane, Moza le Gazeze. Harane ya eba ntate wa Gazeze. 47  Bara ba Jahdai e ne e le Regeme, Jothame, Geshane, Pelete, Efa le Shafe. 48  Maaka serethe sa Kalebe a tswala Shebere le Tirhana. 49  Ka mora nako a tswala Shafe ntate wa Madmana+ le Sheva ntate wa Makbena le ntate wa Gibea.+ Moradi wa Kalebe+ e ne e le Aksa.+ 50  Tsena e ne e le ditloholo tsa Kalebe. Bara ba Hure+ letsibolo la Efratha+ e ne e le Shobale ntate wa Kiriathe-jearime,+ 51  Salma ntate wa Bethlehema+ le Harefe ntate wa Bethe-gadere. 52  Shobale ntate wa Kiriathe-jearime o ne a ena le bara: Haroe le halofo ya batho ba Menuhothe. 53  Malapa a Kiriathe-jearime e ne e le Baithere,+ Baputhe, Bashumathe le Bamishra. Bazorathe+ le Baeshtaole+ ba tswile ho bona. 54  Bara ba Salma e ne e le Bethlehema,+ Banetofa, Aterothe-bethe-joabe, halofo ya Bamanahathe le Bazora. 55  Malapa a bangodi a dulang Jabeze e ne e le Batira, Bashimeathe le Basukathe. Bana e ne e le Bakene+ ba tswileng ho Hamathe ntate wa ntlo ya Rekabe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mathata; ho qhelelwa ka thoko.”
E bolelang “Ya Tlisang Kgathatso; Ya Tlisang ho Qhelelwa ka Thoko.” O boetse o bitswa Akane ho Jos 7:1.
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “bara.”
O boetse o bitswa Kalebe temaneng ya 18, 19, 42.
O boetse o bitswa Kelubai temaneng ya borobong.
Kapa: “e e potolohileng.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “bara.”
O boetse o bitswa Kelubai temaneng ya borobong.