Buka ya Pele ya Dikronike 21:1-30

  • Davida o bala batho a sa tshwanela (1-6)

  • Kotlo e tswang ho Jehova (7-17)

  • Davida o haha aletare (18-30)

21  Satane* a lwantsha Baiseraele mme a susumelletsa Davida hore a bale Baiseraele.+  Davida a re ho Joabe+ le balaodi ba setjhaba: “Tsamayang le yo bala Baiseraele ho tloha Beersheba ho ya fihla Dane.+ Ka mora moo, le mpolelle e le hore ke tle ke tsebe palo ya bona.”  Empa Joabe a re: “E se eka Jehova a ka eketsa batho ba hae ka makgetlo a 100. Morenaka, kaofela ha bona e se e ntse e le bahlanka ba hao. Ke hobaneng ha o batla ho etsa ntho ee? Ke hobaneng ha o etsa hore Baiseraele ba be molato?”  Empa morena a hana ho mamela Joabe. Joabe a tloha mme a tsamaya Iseraele yohle. Ka mora moo, a fihla Jerusalema.+  Joabe a fa Davida palo ya batho ba neng ba ngodisitswe. Banna bohle ba Iseraele ba tshwarang disabole ba ne ba le 1 100 000 mme banna ba Juda ba tshwarang disabole ba le 470 000.+  Empa leloko la Levi le la Benjamine ha le a ka la ngodiswa hara bona+ hobane Joabe o ne a nyonya seo morena a se buileng.+  Modimo wa nnete ha a ka a thabela ntho ena. Ka hoo, a otla Baiseraele.  Davida a re ho Modimo wa nnete: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Ke kopa o ntshwarele+ hobane ke entse ka bowatla.”+  Jehova a bua le Gade+ ya bonang dipono bakeng sa Davida a re: 10  “Tsamaya mme o re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke o fa dikotlo tse tharo. Ikgethele eo o e batlang.”’” 11  Gade a tla ho Davida a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ikgethele 12  hore na ho be le dilemo tse tharo tsa tlala+ kapa dikgwedi tse tharo o bolawa ke dira tsa hao mme di o hlasela ka sabole+ kapa matsatsi a mararo a sabole ya Jehova, e leng hore lengeloi la Jehova le tlise lefu la sewa naheng yohle ya Iseraele.’+ Jwale inahane mme o mpolelle hore na ke reng ho ya nthomileng.” 13  Davida a re ho Gade: “Ke tshwenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuwa kotlo ke motho+ empa e be Jehova ya re fang kotlo hobane yena o mohau haholo.”+ 14  Jehova a tlisa lefu la sewa+ Iseraele mme ha shwa batho ba 70 000 Iseraele.+ 15  Ho ekelletsa moo, Modimo wa nnete a romela lengeloi hore le yo fedisa Jerusalema. Empa ha le le haufi le ho etsa jwalo, Jehova a bona seo yaba o utlwa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo.+ A re ho lengeloi le neng le tlo fedisa batho: “Ho lekane!+ Theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi le seotlo sa Ornane+ wa Mojebuse.+ 16  Ha Davida a sheba hodimo, a bona lengeloi la Jehova le eme sepakapakeng le tshwere sabole+ mme le supile Jerusalema ka yona. Hanghang Davida le baholo ba itihela fatshe, ba inama+ ba ikwahetse ka masela a hwashang.*+ 17  Davida a re ho Modimo wa nnete: “Na ha se nna ya itseng ho balwe batho? Ke nna ya entseng sebe mme ke nna ya entseng phoso+ empa dinku tsee tsona di entseng? Jehova Modimo wa ka, ke kopa hore o tlise kotlo ena ho nna le ho ba lelapa la ntate wa ka empa o se ke wa otla setjhaba sa hao.”+ 18  Lengeloi la Jehova la re Gade+ a bolelle Davida hore a nyolohe a yo etsetsa Jehova aletare seotlong sa Ornane wa Mojebuse.+ 19  Yaba Davida o a nyoloha ka mora hore moprofeta Gade a mo bolelle seo Jehova a se buileng. 20  Ka nako eo, Ornane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi. Bara ba hae ba bane ba neng ba ena le yena ba ipata. 21  Ha Davida a tla ho yena, Ornane a mo bona mme hanghang a tswa seotlong a inamela Davida sefahleho sa hae se shebile fatshe. 22  Davida a re ho Ornane: “Nthekisetse* sebaka sena sa seotlo e le hore nka hahela Jehova aletare ho sona. Nthekisetse sona ka tjhelete e feletseng hore bolwetse bona bo tshwereng batho bo tle bo fediswe.”+ 23  Empa Ornane a re ho Davida: “Inkele sona morenaka mme o etse seo o bonang se le molemo. Dikgomo tsa nyehelo ya setjheso ke tsena ke fana ka tsona le selei+ sa ho pola* bakeng sa patsi ha mmoho le koro bakeng sa nyehelo ya dijo.* Ke fana ka tsona kaofela.” 24  Le ha ho le jwalo, Morena Davida a re ho Ornane: “Tjhe, ke lokela ho se reka ka tjhelete e feletseng hobane nke ke ka nka dintho tsa hao ebe ke di fa Jehova kapa ka nyehela mahlabelo a setjheso ka dintho tseo ke di fumaneng mahala.”+ 25  Davida a fa Ornane dikotwana* tsa kgauta tse 600 bakeng sa sebaka seo. 26  Davida a hahela Jehova aletare+ moo mme a nyehela mahlabelo a setjheso le mahlabelo a kopanetsweng, a rapela Jehova yaba o mo arabela ka ho theolela mollo+ o tswang lehodimong hodima aletare ya nyehelo ya setjheso. 27  Yaba Jehova o laela lengeloi+ hore le kgutlisetse sabole ya lona selateng* sa yona. 28  Ka nako eo, ha Davida a bona hore Jehova o mo arabetse seotlong sa Ornane wa Mojebuse, a dula a etsetsa mahlabelo moo. 29  Empa ka nako eo, tabernakele ya Jehova eo Moshe a neng a e entse lefeelleng le aletare ya nyehelo ya setjheso di ne di le sebakeng se phahameng Gibeone.+ 30  Empa Davida o ne a sa ka a kgona ho ya ka pela yona ho ya bua le Modimo hobane o ne a tshositswe ke sabole ya lengeloi la Jehova.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Mohanyetsi.”
Kapa: “a swaba.”
Ka Seheberu: “Mphe.”
Sheba Tlhaloso ya Ho pola; Seotlo.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Sepatjhe sa sabole se entsweng ka letlalo.