Buka ya Pele ya Dikronike 22:1-19

  • Davida o hlophisa mosebetsi wa ho haha tempele (1-5)

  • Davida o fa Solomone ditaelo (6-16)

  • Dikgosana di laelwa hore di thuse Solomone (17-19)

22  Davida a re: “Ena ke ntlo ya Jehova Modimo wa nnete mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso bakeng sa Iseraele.”+  Davida a laela hore ho bokellwe baditjhaba+ ba neng ba dula naheng ya Iseraele, a ba fa mosebetsi wa ho betla majwe bakeng sa ho haha ntlo ya Modimo wa nnete.+  Davida a boela a hlophisa hore ho be le tshepe e ngata bakeng sa dipekere tsa mamati a dikeiti le bakeng sa dintho tse kopanyang le koporo e ngata hoo e neng e sa kgone ho bekgwa+  le difate tsa kedare+ tse se nang palo hobane Basidone+ le Batire+ ba ne ba tliseditse Davida difate tsa kedare tse ngata.  Davida a re: “Mora wa ka Solomone o sa le motjha ebile ha a eso tsebe dintho tse ngata+ mme ntlo e tlo hahelwa Jehova e lokela ho ba ntle ka ho fetisisa+ e le hore botumo ba yona le botle ba yona+ bo ka tsebahala dinaheng tsohle.+ Ka lebaka leo, ke tla mo hlophisetsa dintho.” Ka hoo, Davida a hlophisa thepa e ngata pele a shwa.  Ho ekelletsa moo, a bitsa mora wa hae Solomone mme a mo laela hore a hahele Jehova Modimo wa Iseraele ntlo.  Davida a re ho mora wa hae Solomone: “Ke ne ke lakaditse ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Modimo wa ka.+  Empa Jehova o ile a re ho nna, ‘O bolaile batho ba bangata haholo ebile o lwanne dintwa tse ngata. O ke ke wa haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ hobane o bolaile batho ba bangata lefatsheng.  O tla ba le mora+ eo e tla ba motho wa kgotso.* Ke tla mo phomotsa ho dira tsohle tsa hae tse mo potolohileng.+ Lebitso la hae e tla ba Solomone*+ mme ke tla etsa hore Iseraele ho be le kgotso le kgutso nakong ya puso ya hae.+ 10  Ke yena ya tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka.+ E tla ba mora wa ka mme nna ke be ntate wa hae.+ Ke tla tiisa borena ba hae Iseraele ka ho sa feleng.’+ 11  Mora wa ka, e se eka Jehova a ka ba le wena, o atlehe mme o hahe ntlo ya Jehova Modimo wa hao feela jwalo ka ha a itse o tla etsa.+ 12  Ka hodima tsohle, e se eka Jehova a ka o fa bohlale le kutlwisiso+ ha a o fa matla a ho laola Iseraele e le hore o ka mamela molao wa Jehova Modimo wa hao.+ 13  O tla atleha haeba o mamela ka hloko melao+ le dikahlolo tseo Jehova a laetseng Moshe hore a di fe Baiseraele.+ Eba sebete mme o be matla. O se ke wa tshoha kapa wa thothomela.+ 14  Ke sebeditse ka thata ho lokisetsa ntlo ya Jehova kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimo ho dimilione tse tharo,* silevera ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimo ho dimilione tse 34* le koporo le ditshepe tse ngata+ hoo di sa kgoneng ho bekgwa. Ke boetse ke lokisitse difate le majwe+ empa o tla di eketsa. 15  O na le basebetsi ba bangata, babetli ba majwe, ba sebetsang ka majwe,+ ba sebetsang ka mapolanka le batho ba tsebang ho etsa mesebetsi ya mefuta yohle.+ 16  Kgauta, silevera, koporo le tshepe di ngata hoo di se nang palo.+ Qala mosebetsi. E se eka Jehova a ka ba le wena.”+ 17  Davida a laela dikgosana tsohle tsa Iseraele hore di thuse mora wa hae Solomone a re: 18  “Jehova Modimo wa lona o na le lona mme o le phomoditse ho dira tsohle tsa lona tse le potolohileng. O mphile baahi ba naha mme naha e se e laolwa ke Jehova le setjhaba sa hae. 19  Ikemisetseng ho batla Jehova Modimo wa lona+ ka dipelo tsohle tsa lona le ka matla ohle a lona mme le qale ho haha sehalalelo sa Jehova Modimo wa nnete+ e le hore ho tliswe areka ya selekane sa Jehova le disebediswa tse halalelang tsa Modimo wa nnete+ ka tlung e hahetsweng ho tlotlisa lebitso la Jehova.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “phomolo.”
Ho tswa lentsweng la Seheberu le bolelang “Kgotso.”
Ka Seheberu: “ditalenta tsa kgauta tse 100 000.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditalenta tsa silevera tse milione.”