Buka ya Pele ya Dikronike 23:1-32

  • Davida o arola Balevi ka dihlopha (1-32)

    • Arone le bara ba hae ba a kgethwa (13)

23  Ha Davida a se a tsofetse mme a le haufi le ho shwa, a beha mora wa hae Solomone boreneng ba Iseraele.+  A bokella dikgosana tsohle tsa Iseraele, baprista+ le Balevi.+  Balevi ba dilemo di 30 ho ya hodimo ba ile ba balwa.+ Ba ne ba le 38 000.  Hara bona, ba 24 000 e ne e le batsamaisi ba mosebetsi wa ntlo ya Jehova, ba 6 000 e le balaodi le baahlodi+  mme ba 4 000 e le balebedi ba dikeiti.+ Ba bang ba 4 000 ba ne ba rorisa+ Jehova ka diletsa tseo Davida a itseng ka tsona, “Ke di etseditse ho rorisa Modimo.”  Davida a ba arola* ka dihlopha+ ho ya ka bara ba Levi: Gershone, Kohathe le Merari.+  Ho Bagershone e le Ladane le Shimei.  Bara ba Ladane ba ne ba le bararo e le Jehiele hlooho, Zethame le Joele.+  Bara ba Shimei ba ne ba le bararo e le Shelomothe, Haziele le Harane. Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a bontate ba bona tsa Ladane. 10  Bara ba Shimei e ne e le Jahathe, Zina, Jeushe le Beria. Bana ba bane e ne e le bara ba Shimei. 11  Jahathe e ne e le hlooho mme Ziza e le wa bobedi. Jeushe le Beria ba ne ba se na bara ba bangata. Ka hoo, ba ile ba nkwa e le lelapa le le leng la ha bo ntate wa bona ba ena le boikarabelo bo tshwanang. 12  Bara ba Kohathe ba ne ba le bane, e le Amrame, Izehare,+ Hebrone le Uziele.+ 13  Bara ba Amrame e ne e le Arone+ le Moshe.+ Empa Arone o ile a kgethwa+ hore a hlwekise* Sehalaledisiso ka mehla, yena le bara ba hae hore ba nyehele mahlabelo ka pela Jehova, ba mo sebeletse mme ba phatlalatse ditlhohonolofatso ka lebitso la hae ka mehla.+ 14  Ha e le Moshe mohlanka wa Modimo wa nnete, bara ba hae ba ile ba balellwa le leloko la Balevi. 15  Bara ba Moshe e ne e le Gershome+ le Eliezere.+ 16  Ho bara ba Gershome, Shebuele+ e ne e le hlooho. 17  Ho ditloholo* tsa Eliezere, Rehabia+ e ne e le hlooho. Eliezere o ne a se na bara ba bang empa bara ba Rehabia ba ne ba le bangata haholo. 18  Ho bara ba Izehare,+ Shelomithe+ e ne e le hlooho. 19  Hlooho ya bara ba Hebrone e ne e le Jeria, wa bobedi e le Amaria, wa boraro e le Jahaziele mme wa bone e le Jekameame.+ 20  Hlooho ya bara ba Uziele+ e ne e le Mikea mme wa bobedi e le Ishia. 21  Bara ba Merari e ne e le Maheli le Mushi.+ Bara ba Maheli e le Eleazare le Kishe. 22  Eleazare a shwa a se na bara, a ena le baradi feela. Ba ile ba nyalwa ke bara ba Kishe, bao e neng e le ba leloko la ha bo bona.* 23  Bara ba Mushi ba ne ba le bararo, e le Maheli, Edere le Jeremothe. 24  Bana e ne e le bara ba Levi ba ngodisitsweng ho ya ka malapa a bontate ba bona le ho ya ka dihlooho tsa malapa a bontate ba bona. Balevi ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba ne ba balwa mme ba ngodiswa ka mabitso a bona bakeng sa ho sebeletsa ntlong ya Jehova. 25  Davida o ne a itse: “Jehova Modimo wa Iseraele o phomoditse setjhaba sa hae+ mme o tla dula Jerusalema ka ho sa feleng.+ 26  Hape Balevi ba ke ke ba jara tabernakele kapa disebediswa le ha e le dife tsa tshebeletso ya yona.”+ 27  Balevi ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba ile ba balwa ho latela ditaelo tsa Davida tsa ho qetela. 28  Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa bara ba Arone+ bakeng sa tshebeletso ya ntlo ya Jehova hore ba ikarabelle ka dikamore tsa ho jela, mabala,+ ho hlwekisa ntho e nngwe le e nngwe e halalelang le ho etsa mosebetsi le ha e le ofe o lokelang ho etswa ka tlung ya Modimo wa nnete. 29  Ba ne ba thusa ka ho lokisa bohobe,*+ phofo e sitsweng hantle bakeng sa nyehelo ya dijo,* diphaphatha tsa bohobe bo se nang tomoso,+ diphaphatha tse entsweng ka pane, hlama e dubilweng+ le ka mosebetsi wohle wa ho lekanya boholo ba dintho le bongata ba tsona. 30  Ba ne ba lokela ho ema hoseng ho hong le ho hong+ le mantsiboya a mang le a mang hore ba lebohe Jehova le ho mo rorisa.+ 31  Ba ne ba thusa neng kapa neng ha ho nyehelwa mahlabelo a setjheso ho Jehova ka Disabatha,+ ha dikgwedi di qala+ le ka dinako tsa mekete,+ ho ya ka se ngotsweng molaong, ba etsa jwalo ka mehla ka pela Jehova. 32  Ba ne ba boetse ba ikarabella ka mesebetsi ya tente ya pokano, ka sebaka se halalelang le ka bana ba bo bona e leng bara ba Arone bakeng sa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “hlophisa.”
Ka Seheberu: “halaletse.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “bana ba bo bona.”
E leng bohobe ba pontsho.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.