Buka ya Pele ya Dikronike 24:1-31

  • Davida o arola baprista ka dihlopha tse 24 (1-19)

  • Balevi ba bang ba ileng ba fuwa mosebetsi (20-31)

24  Dihlopha tsa ditloholo tsa Arone e ne e le tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, Abihu,+ Eleazare le Ithamare.+  Le ha ho le jwalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shwa pele ho ntate wa bona+ mme ba ne ba se na bara. Empa Eleazare+ le Ithamare ba ile ba tswela pele ho sebeletsa e le baprista.  Davida ha mmoho le Tsadoke+ ya tswang ho bara ba Eleazare le Akimeleke ya tswang ho bara ba Ithamare, ba ile ba ba arola bakeng sa mosebetsi wa bona.  Ka ha bara ba Eleazare bao e neng e le dihlooho ba ne ba le bangata ho feta bara ba Ithamare, ba ile ba arolwa ka tsela ena: Bara ba Eleazare bao e neng e le dihlooho tsa malapa a bontate ba bona ba ne ba le 16 mme bara ba Ithamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa a bontate ba bona ba le robedi.  Ho ekelletsa moo, ba arola sehlopha ka seng ka lotho+ hobane ho ne ho ena le baokamedi ba sebaka se halalelang le baokamedi ba Modimo wa nnete ba tswang ho bara ba Eleazare le ho bara ba Ithamare.  Shemaia mora wa Nethaniele e leng mongodi wa Balevi, a ngola mabitso a bona ka pela morena, dikgosana, moprista Tsadoke,+ Akimeleke+ mora wa Abiathare+ le ka pela dihlooho tsa malapa a bontate ba baprista le tsa Balevi. Ho ile ha kgethwa lelapa le le leng la habo ntate bakeng sa Eleazare mme ha kgethwa le le leng bakeng sa Ithamare.  Ho ile ha tswa lotho ya pele bakeng sa Jehojaribe, ya bobedi bakeng sa Jedaia,  ya boraro bakeng sa Harime, ya bone bakeng sa Seorime,  ya bohlano bakeng sa Malkija, ya botshelela bakeng sa Mijamine, 10  ya bosupa bakeng sa Hakoze, ya borobedi bakeng sa Abija,+ 11  ya borobong bakeng sa Jeshua, ya leshome bakeng sa Shekania, 12  ya bo11 bakeng sa Eliashibe, ya bo12 bakeng sa Jakime, 13  ya bo13 bakeng sa Hupa, ya bo14 bakeng sa Jeshebeabe, 14  ya bo15 bakeng sa Bilga, ya bo16 bakeng sa Imere, 15  ya bo17 bakeng sa Hezire, ya bo18 bakeng sa Hapizeze, 16  ya bo19 bakeng sa Pethahia, ya bo20 bakeng sa Jehezekele, 17  ya bo21 bakeng sa Jakine, ya bo22 bakeng sa Gamule, 18  ya bo23 bakeng sa Delaia, ya bo24 bakeng sa Mazia. 19  Ena e ne e le mesebetsi ya bona eo ba neng ba e etsa+ ha ba kena ka tlung ya Jehova ho latela ditaelo tseo ba neng ba di filwe ke Arone moholoholo wa bona feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa Iseraele a ne a mo laetse. 20  Balevi ba bang e ne e le bana: Ho bara ba Amrame+ e ne e le Shubaele,+ ho bara ba Shubaele e le Jehdeia. 21  Ho bara ba Rehabia,+ hlooho e le Ishia. 22  Ho Baizehare e le Shelomothe,+ ho bara ba Shelomothe e le Jahathe. 23  Ho bara ba Hebrone, hlooho e le Jeria,+ wa bobedi e le Amaria, wa boraro e le Jahaziele, wa bone e le Jekameame. 24  Ho bara ba Uziele e le Mikea, ho bara ba Mikea e le Shamire. 25  Ngwanabo Mikea e ne e le Ishia, ho bara ba Ishia e le Zakaria. 26  Bara ba Merari+ e ne e le Maheli le Mushi, ho bara ba Jazia e le Beno. 27  Bara ba Merari: Ho Jazia e le Beno, Shohame, Zakure le Ibri. 28  Ho Maheli e le Eleazare ya neng a se na bara.+ 29  Ho bara ba Kishe e ne e le Jeramiele. 30  Bara ba Mushi e ne e le Maheli, Edere le Jerimothe. Bana e ne e le bara ba Levi ho ya ka malapa a bontate ba bona. 31  Le bona ba ile ba lahla lotho+ jwalo ka ha bana ba bo bona e leng bara ba Arone ba ile ba etsa ka pela Morena Davida, Tsadoke, Akimeleke le ka pela dihlooho tsa malapa a bontate ba baprista le a Balevi. Mabapi le malapa a bontate ba bona, eo e neng e le hlooho o ne a itshwanela le ngwanabo e monyenyane.

Dintlha tse qetellong ya sehloho