Buka ya Pele ya Dikronike 29:1-30

  • Monehelo wa tempele (1-9)

  • Thapelo ya Davida (10-19)

  • Batho ba thabile, Solomone o a busa (20-25)

  • Davida o a shwa (26-30)

29  Morena Davida a re ho phutheho yohle: “Mora wa ka Solomone eo Modimo a mo kgethileng,+ o sa le motjha ebile ha a eso tsebe dintho tse ngata+ mme mosebetsi o mongata hobane tempele* ena ha se ya motho empa ke ya Jehova Modimo.+  Ke sebeditse ka thata ho lokisa dintho bakeng sa ntlo ya Modimo wa ka, ka fana ka kgauta bakeng sa mosebetsi wa kgauta, silevera bakeng sa mosebetsi wa silevera, koporo bakeng sa mosebetsi wa koporo, tshepe bakeng sa mosebetsi wa tshepe,+ difate+ bakeng sa mosebetsi wa difate, majwe a onikse le majwe a tla hlongwa ka seretse, majwana a sedikadikwe a mebalabala, majwe a mefuta yohle a bohlokwa le majwe a alabastera a mangata haholo.  Ka ha ke rata ntlo ya Modimo wa ka,+ ke boetse ke fana ka kgauta le silevera ho tswa matlotlong a ka+ bakeng sa ntlo ya Modimo wa ka hodima dintho tsohle tseo ke di lokiseditseng ntlo e halalelang,  ke fana ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 100 000* e tswang Ofire+ le silevera e hlwekisitsweng ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 200 000* bakeng sa ho tlotsa mabota a dikamore,  kgauta bakeng sa mosebetsi wa kgauta, silevera bakeng sa mosebetsi wa silevera le bakeng sa mosebetsi wohle o tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi. Ke mang ya ithaopelang ho fa Jehova mpho kajeno?”+  Dikgosana tsa malapa, dikgosana tsa maloko a Iseraele, balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo+ le baokamedi ba mesebetsi ya morena+ ba ithaopa.  Bakeng sa mosebetsi wa ntlo ya Modimo wa nnete ba fana ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 170 000,* ditjhelete tsa kgauta* tse 10 000, silevera ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 340 000,* koporo ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 600 000* le tshepe ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho dimilione tse tharo.*  Mang kapa mang ya neng a ena le majwe a bohlokwa o ile a fana ka ona letlotlong la ntlo ya Jehova, le neng le hlokomelwa ke Jehiele+ wa Mogershone.+  Batho ba thaba haholo ka lebaka la ho ithaopela ho fana ka dinyehelo tsena hobane ba ne ba ithaopetse ho fa Jehova dinyehelo tseo ka dipelo tsa bona tsohle.+ Morena Davida le yena a thaba haholo. 10  Davida a rorisa Jehova ka pela phutheho yohle a re: “E se eka o ka roriswa ka ho sa feleng, Jehova Modimo wa Iseraele ntate wa rona. 11  Wena Jehova, o moholo,+ o na le matla+ le bokgabane ebile o a hlompheha+ hobane dintho tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng ke tsa hao.+ Borena ke ba hao Jehova.+ Ke wena ya iphahamisang hore o be hlooho ka hodima dintho tsohle. 12  Maruo le kganya di tswa ho wena+ mme o busa ntho e nngwe le e nngwe,+ matla le bonatla di ka letsohong la hao+ mme letsoho la hao le kgona ho etsa hore motho le ha e le ofe a be moholo+ le ho fa batho bohle matla.+ 13  Modimo wa rona, re a o leboha mme re rorisa lebitso la hao le hlollang. 14  Nna le batho ba ka re ne re boetse re le bomang hore ebe re ithaopetse ho fana ka dinyehelo ka tsela ee? Dintho tsohle di tswa ho wena mme re o file se tswang letsohong la hao. 15  Re baditjhaba le baahi ba nakwana ka pela hao jwalo ka baholoholo bohle ba rona.+ Matsatsi a rona lefatsheng a jwalo ka moriti,+ ha ho na tshepo ka wona. 16  Jehova Modimo wa rona, dintho* tsena tsohle tseo re di lokiseditseng ho o hahela ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la hao le halalelang, di tswa letsohong la hao mme kaofela ke tsa hao. 17  Modimo wa ka, ke a tseba hore o hlahloba pelo+ mme o kgahliswa ke ha motho a tshepahala.*+ Ke ithaopetse ho fana ka dintho tsena tsohle ho tswa botebong ba pelo ya ka mme ke thabetse ho bona batho ba hao ba teng mona ba ithaopela ho o etsetsa dinyehelo. 18  Jehova Modimo wa Abrahama, Isaka le Iseraele e leng baholoholo ba rona, thusa batho ba hao hore ba dule ba nahana le ho ikutlwa ka tsela ena ka dipelong tsa bona ka ho sa feleng le hore ba o sebeletse ka dipelo tsohle tsa bona.+ 19  Etsa hore mora wa ka Solomone a batle ho o sebeletsa ka pelo yohle+ e le hore a mamele ditaelo,+ dikgopotso le melao ya hao mme a etse dintho tsena tsohle a be a hahe tempele* ka dintho tseo ke di lokisitseng.”+ 20  Davida a re ho phutheho yohle ya Baiseraele: “Rorisang Jehova Modimo wa lona.” Jwale Baiseraele ba rorisa Jehova Modimo wa baholoholo ba bona yaba ba kgumama difahleho tsa bona di shebile fatshe ka pela Jehova le morena. 21  Ba nna ba etsetsa Jehova mahlabelo le ho nyehela dinyehelo tsa setjheso+ ho Jehova le letsatsing le hlahlamang. Ba nyehela dipohwana tse 1 000, diramo tse 1 000, dikonyana tse tona tse 1 000 ha mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dino.+ Ba etsa mahlabelo a mangata haholo bakeng sa Baiseraele bohle.+ 22  Ba nna ba ja le ho nwa ka pela Jehova letsatsing leo ba thabile haholo.+ Ba etsa Solomone mora wa Davida morena ka lekgetlo la bobedi le ho mo tlotsa ka pela Jehova hore e be moetapele.+ Ba tlotsa le Tsadoke hore e be moprista.+ 23  Solomone a dula teroneng ya Jehova+ e le morena, a hlahlama ntate wa hae Davida. O ile a atleha mme Baiseraele bohle ba ne ba mo mamela. 24  Dikgosana tsohle,+ banna ba matla+ ha mmoho le bara bohle ba Morena Davida+ ba ile ba ikokobelletsa Morena Solomone. 25  Jehova a etsa hore Solomone a be matla ho feta Baiseraele bohle. A mo fa borena bo hlomphehang ho feta ba morena le ha e le ofe ya kileng a busa Iseraele.+ 26  Davida mora wa Jese a busa Iseraele yohle. 27  O busitse Iseraele ka dilemo tse 40. A busa Hebrone ka dilemo tse supileng+ mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 33.+ 28  A shwa a tsofetse,+ a kgotsofetse hobane a phetse nako e telele a bile a kgotsofaletse maruo le kganya. Mora wa hae Solomone ya eba morena ka mora hae.+ 29  Histori ya Morena Davida ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotswe mangolong a Samuele seboni, moprofeta Nathane+ le Gade+ ya bonang dipono 30  ha mmoho le ditaba tsohle tsa puso ya hae, matla a hae le dintho tsohle tse mo etsahalletseng le tse etsahetseng Iseraele le mebusong yohle e e potolohileng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ntlo ya borena; phaleisi.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 3 000.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditalenta tse 7 000.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 10 000.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100 000.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 18 000.”
Tsena e ne e le ditjhelete tsa Persia tse entsweng ka kgauta tse bitswang didarike. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditalenta tse 5 000.”
Kapa: “maruo.”
Kapa: “a lokile.”
Kapa: “ntlo ya borena; phaleisi.”