Buka ya Pele ya Dikronike 4:1-43

  • Bara ba bang ba Juda (1-23)

    • Jabeze le thapelo ya hae (9, 10)

  • Leloko la Simeone (24-43)

4  Bara ba Juda e ne e le Pereze,+ Hezrone,+ Karmi, Hure+ le Shobale.+  Reaia mora wa Shobale ya eba ntate wa Jahathe, Jahathe ya eba ntate wa Akumai le Lahade. Ana e ne e le malapa a Bazorathe.+  Bana e ne e le bara ba ntate wa Etame:+ Jezriele, Ishma le Idbashe (lebitso la kgaitsedi ya bona e ne e le Hazelelponi).  Penuele e ne e le ntate wa Gedore mme Ezere e le ntate wa Husha. Bana e ne e le bara ba Hure+ letsibolo la Efratha ntate wa Bethlehema.+  Ashure+ ntate wa Tekowa+ o ne a ena le basadi ba babedi e leng Hela le Nara.  Nara o ile a mo tswalla Akuzame, Hefere, Temeni le Hahashtari. Bana e ne e le bara ba Nara.  Bara ba Hela e ne e le Zerethe, Izehare le Ethnane.  Koze ya eba ntate wa Anube, Zobeba le wa malapa a Akarehele mora wa Harume.  Jabeze* o ne a hlompheha ho feta bana babo. Mme wa hae o ile a mo reha Jabeze a re: “Ke mo belehile ka bohloko.” 10  Jabeze a rapela Modimo wa Iseraele a re: “E se eka o ka ntlhohonolofatsa mme wa eketsa naha ya ka. E se eka o ka dula o ena le nna mme wa ntshireletsa dinthong tse mpe e le hore ke se ke ka tswa kotsi.” Modimo a arabela thapelo ya hae. 11  Kelube ngwanabo Shuha ya eba ntate wa Mehire, eo e neng e le ntate wa Eshtone. 12  Eshtone ya eba ntate wa Bethe-rafa, Pasea le Tehina, ntate wa Ire-nahashe. Bana e ne e le banna ba Reka. 13  Bara ba Kenaze e ne e le Othniele+ le Seraia mme mora* wa Othniele e le Hathathe. 14  Meonothai ya eba ntate wa Ofra. Seraia ya eba ntate wa Joabe ntate wa Ge-harashime.* Ba ne ba bitswa jwalo hobane e ne e le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. 15  Bara ba Kalebe+ mora wa Jefune e ne e le Iru, Ela le Naame. Mora* wa Ela e ne e le Kenaze. 16  Bara ba Jehaleliele e ne e le Zife, Zifa, Tiria le Asarele. 17  Bara ba Esdrase e ne e le Jethere, Merede, Efere le Jalone. O ile a* tswala Miriame, Shamai le Ishba ntate wa Eshtemowa. 18  (Mosadi wa hae wa Mojuda o ile a tswala Jerede ntate wa Gedore, Hebere ntate wa Soko le Jekuthiele ntate wa Zanowa.) Bana e ne e le bara ba Bithia moradi wa Faro, ya ileng a nyalwa ke Merede. 19  Bara ba mosadi wa Hodia, kgaitsedi ya Nahame, e ne e le ntate wa Keila wa Mogareme le ntate wa Eshtemowa wa Momakathe. 20  Bara ba Shimone e ne e le Amnone, Rina, Bene-hanane le Tilone. Bara ba Ishi e ne e le Zohethe le Bene-zohethe. 21  Bara ba Shela+ mora wa Juda e ne e le Ere ntate wa Leka, Lada ntate wa Maresha le malapa a ba sebetsang ka lesela la boleng bo botle ba ntlo ya Ashbea 22  le Jokime, banna ba Kozeba, Joashe le Sarafe, bao e ileng ya eba banna ba basadi ba Bamoabe le Jashubi-leheme. Ditlaleho tsena ke tsa kgale.* 23  E ne e le dibopi mme ba dula Netaime le Gedera. Ba ne ba dula moo mme ba sebeletsa morena. 24  Bara ba Simeone+ e ne e le Nemuele, Jamine, Jaribe, Zera le Shaule.+ 25  Mora wa hae e ne e le Shalume, mora wa hae e le Mibsame mme mora wa hae e le Mishma. 26  Mora wa* Mishma e ne e le Hamuele, mora wa Hamuele e le Zakure mme mora wa Zakure e le Shimei. 27  Shimei o ne a ena le bara ba 16 le baradi ba tsheletseng. Empa bana babo ba ne ba se na bara ba bangata mme ha ho le le leng la malapa a bona le neng le ena le bara ba bangata jwalo ka banna ba Juda.+ 28  Ba ne ba dula Beersheba,+ Molada,+ Hazare-shuale,+ 29  Bilha, Ezeme,+ Tolade, 30  Bethuele,+ Horma,+ Ziklage+ 31  Bethe-markabothe, Hazare-susime,+ Bethe-biri le Sharaime. Ena e ne e le metse ya bona ho fihlela Davida a busa. 32  Dibaka tseo ba neng ba dula ho tsona e ne e le Etame, Aine, Rimone, Tokene le Ashane,+ e le metse e mehlano 33  ha mmoho le dibaka tsa bona tse neng di potapotile metse ena ho ya fihla Baale. Ana ke mabitso a bona a ngodisitsweng ho ya ka maloko a bona le dibaka tseo ba neng ba dula ho tsona. 34  Ditloholo tse ding tsa Simeone e ne e le Meshobabe, Jamleke, Josha mora wa Amazia, 35  Joele, Jehu mora wa Joshibia mora wa Seraia mora wa Asiele 36  le Elioenai, Jakoba, Jeshohaia, Asaia, Adiele, Jesimiele, Benaia 37  le Ziza mora wa Shifi mora wa Alone mora wa Jedaia mora wa Shimri mora wa Shemaia. 38  Bana ba boletsweng ka mabitso e ne e le dikgosana malapeng a habo bona mme malapa a baholoholo ba bona a ile a eketseha. 39  Ba ile ba ya haufi le Gedore, ka lehlakoreng le ka botjhabela la kgohlo, ho ya batla moo diphoofolo tsa bona di ka fulang teng. 40  Qetellong ba fumana sebaka se setle se nang le jwang bo bongata. Se ne se le seholo, se kgutsitse ebile se se na ditshitiso. Batho ba neng ba dula moo pele e ne e le Bakama.+ 41  Bana bao mabitso a bona a ngotsweng fatshe ba ile ba tla mehleng ya Morena Ezekiase+ wa Juda mme ba hlasela ditente tsa Bakama le Bameunime ba neng ba dula moo. Ba ile ba ba fedisa ho fihlela letsatsing lena mme ba dula sebakeng sa bona hobane se ne se ena le jwang bakeng sa diphoofolo tsa bona. 42  Ba bang ba Basimeone e leng banna ba 500, ba ile ba ya Thabeng ya Seire+ ba eteletswe pele ke bara ba Ishi e leng Pelatia, Nearia, Refaia le Uziele. 43  Ba ile ba bolaya Baamaleke+ ba bang ba neng ba phonyohile mme ba dula moo ho fihlela letsatsing lena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E ka nna yaba lebitso Jabeze le tsamaisana le lentswe la Seheberu le bolelang “bohloko.”
Ka Seheberu: “bara.”
E bolelang “Kgohlo ya Ditsebi Tsa Mesebetsi ya Matsoho.”
Ka Seheberu: “bara.”
Mohlomong ho buuwa ka Bithia ya hlahang temaneng ya 18.
Kapa: “Dipolelo tsena ke tsa kgale.”
Ka Seheberu: “Bara ba.”