Buka ya Pele ya Dikronike 5:1-26

  • Leloko la Rubene (1-10)

  • Leloko la Gade (11-17)

  • Bahagare ba a hlolwa (18-22)

  • Halofo ya leloko la Manase (23-26)

5  Bana ke bara ba Rubene+ letsibolo la Iseraele. Ka ha Rubene o ile a robala le serethe* sa ntate wa hae,*+ tokelo ya hae ya ho ba letsibolo e ile ya fuwa bara ba Josefa mora wa Iseraele. Ka hoo, o ne a sa ngodiswa e le letsibolo lelokong la habo.+  Le ha Juda+ a ne a phahametse bana babo mme eo e neng e tlo ba moetapele+ a ne a tlo hlaha ho yena, tokelo ya letsibolo e ne e le ya Josefa.  Bara ba Rubene letsibolo la Iseraele e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+  Mora wa Joele e ne e le Shemaia, mora wa Shemaia e le Gogo, mora wa Gogo e le Shimei,  mora wa Shimei e le Mikea, mora wa Mikea e le Reaia, mora wa Reaia e le Baale  mme mora wa Baale e le Bera, eo Morena Tilgathe-pilnesere+ wa Asiria a ileng a mo isa botlamuweng. E ne e le kgosana ya Barubene.  Bana babo ka malapa a bona ba ngodisitsweng ka maloko le ka masika a bona e ne e le Jeiele e leng hlooho, Zakaria  le Bela mora wa Azaze mora wa Shema mora wa Joele, ya neng a dula Aroere+ le ho ya fihla Nebo le Baale-meone.+  Ka botjhabela o ne a dula ho ya fihla qalong ya lefeella nokeng ya Eufrate+ hobane diphoofolo tsa bona di ne di se di le ngata naheng ya Gileade.+ 10  Mehleng ya Saule, ba ile ba lwantsha Bahagare mme ba ba hlola yaba ba dula ditenteng tsa bona naheng yohle e ka botjhabela ho Gileade. 11  Ditloholo tsa Gade di ne di dula haufi le bona naheng ya Bashane ho ya fihla Salka.+ 12  Naheng ya Bashane, Joele e ne e le hlooho, Shafame e le wa bobedi mme ho ne ho boetse ho ena le Janai le Shafate. 13  Bana ba bo bona e ne e le Mikaele, Meshulame, Sheba, Jorai, Jakane, Zia le Ebere, kaofela e le ba supileng. 14  Bana e ne e le bara ba Abikaile mora wa Huri, mora wa Jarowa, mora wa Gileade, mora wa Mikaele, mora wa Jeshishai, mora wa Jahdo, mora wa Buze. 15  Aki mora wa Abdiele mora wa Guni e ne e le hlooho ya lelapa la bontate ba bona. 16  Ba ne ba dula Gileade,+ Bashane+ le metseng e haufi le yona* le makgulong ohle a Sharone ho ya fihla moo a fellang teng. 17  Kaofela ha bona ba ne ba ngodisitswe ho ya ka maloko mehleng ya Morena Jothame+ wa Juda le mehleng ya Morena Jeroboame*+ wa Iseraele. 18  Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba ne ba ena le banna ba matla ba 44 760 lebothong la bona la sesole, ba neng ba tshwara dithebe le disabole ha mmoho le diqha mme ba kwetliseditswe ntwa. 19  Ba lwantsha Bahagare,+ Jeture, Nafishe+ le Nodabe. 20  Ha ba ne ba lwana le bona, Modimo o ile a ba thusa mme ba hlola Bahagare le bohle ba neng ba ena le bona. Ka ha ba ile ba kopa Modimo hore a ba thuse ntweng, o ile a araba kopo ya bona hobane ba ne ba mo tshepa.+ 21  Ba ile ba ba nkela diphoofolo tsa bona e leng dikamele tse 50 000, dinku tse 250 000 le ditonki tse 2 000. Ba nka le batho ba 100 000. 22  Modimo o ne a ba lwanela.+ Ka hoo, ho ile ha bolawa batho ba bangata yaba ba dula naheng ya bona ho fihlela nakong ya botlamuwa.+ 23  Ditloholo tsa halofo ya leloko la Manase+ di ne di dula naheng ya Bashane ho ya Baale-hermone, Senire le Thabeng ya Hermone.+ Di ne di le ngata. 24  Tsena e ne e le dihlooho tsa malapa a bontate ba tsona: Efere, Ishi, Eliele, Azriele, Jeremia, Hodavia le Jahdiele. E ne e le banna ba matla ba tummeng mme e le dihlooho tsa malapa a bontate ba tsona. 25  Empa ha ba a ka ba tshepahalla Modimo wa baholoholo ba bona. Ba ile ba rapela medimo* ya ditjhaba tsa naha eo+ tseo Modimo a neng a di fedisitse. 26  Modimo wa Iseraele a susumetsa Morena Pule wa Asiria+ (e leng Morena Tilgathe-pilnesere+ wa Asiria) hore a nke Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase a ba ise botlamuweng Hala, Habore, Hara le nokeng ya Gozane,+ moo ba ntseng ba le teng ho fihlela kajeno.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o ile a silafatsa bethe ya ntate wa hae.”
Kapa: “e e potolohileng.”
E leng Jeroboame wa Bobedi.
Kapa: “ba ithekisa ho medimo.”