Buka ya Pele ya Dikronike 7:1-40

  • Leloko la Isakare (1-5), la Benjamine (6-12), la Nefthali (13), la Manase (14-19), la Efraime (20-29) le la Ashere (30-40)

7  Bara ba Isakare ba ne ba le bane, e le Thola, Pua, Jashube le Shimrone.+  Bara ba Thola e ne e le Uzi, Refaia, Jeriele, Jamai, Ibsame le Shemuele, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona. Ho Thola ho ile ha hlaha banna ba matla ba 22 600 mehleng ya Davida.  Ditloholo* tsa Uzi e ne e le Izrahia mme bara ba Izrahia e le Mikaele, Obadia, Joele le Ishia, kaofela ha bona e le balaodi.*  Bona ha mmoho le ditloholo tsa bona ba ne ba ena le basadi le bara ba bangata. Ka hoo, ho tswa malapeng a bontate ba bona ho ne ho ena le masole a 36 000 lebothong la bona la sesole.  Bana ba bo bona ba malapa ohle a Isakare e ne e le banna ba matla ba 87 000 ba ngodisitsweng ka maloko a bona.+  Bara ba Benjamine+ ba ne ba le bararo, e le Bela,+ Bekere+ le Jediaele.+  Bara ba Bela ba ne ba le bahlano, e le Ezbone, Uzi, Uziele, Jerimothe le Iri, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona, banna ba matla mme ba 22 034 ba ne ba ngodisitswe ho ya ka maloko a bona.+  Bara ba Bekere e ne e le Zemira, Joashe, Eliezere, Elioenai, Omri, Jeremothe, Abija, Anathothe le Alemethe. Kaofela e ne e le bara ba Bekere.  Ba ngodisitsweng ho ya ka tatellano ya malapa a bontate ba bona le ho ya ka maloko a bona e ne e le banna ba matla ba 20 200. 10  Bara ba Jediaele+ e ne e le Bilhane mme bara ba Bilhane e le Jeushe, Benjamine, Ehude, Kenana, Zethane, Tarshishe le Akishahare. 11  Kaofela e ne e le bara ba Jediaele, ho ya ka dihlooho tsa baholoholo ba bona, e le banna ba matla ba 17 200 ba loketseng ho ya ntweng. 12  Bashupime le Bahupime* e ne e le bara ba Ire.+ Bahushime e ne e le bara ba Akere. 13  Bara ba Nefthali+ e ne e le Jaziele, Guni, Jezere le Shalume e leng ditloholo* tsa Bilha.+ 14  Bara ba Manase+ e ne e le Asriele, ya ileng a tswalwa ke serethe* sa hae sa Mosiria. (Se ile sa tswala Makire+ ntate wa Gileade. 15  Makire a fumanela Hupime le Shupime basadi. Lebitso la kgaitsedi ya hae e ne e le Maaka.) Lebitso la wa bobedi e ne e le Zelofehade+ empa Zelofehade o ile a ba le baradi.+ 16  Maaka mosadi wa Makire a ba le mora mme a mo bitsa Pereshe. Lebitso la ngwanabo e ne e le Shereshe mme bara ba hae e le Ulame le Rekeme. 17  Mora* wa Ulame e ne e le Bedane. Kaofela e ne e le bara ba Gileade mora wa Makire mora wa Manase. 18  Kgaitsedi ya hae e ne e le Hamolekethe. O ile a tswala Ishhode, Abi-ezere le Mahela. 19  Bara ba Shemida e ne e le Akiane, Shikeme, Likhi le Aniame. 20  Bara ba Efraime+ e ne e le Shuthela,+ mora wa hae e le Berede, mora wa hae e le Tahathe, mora wa hae e le Eleada, mora wa hae e le Tahathe, 21  mora wa hae e le Zabade, mora wa hae e le Shuthela, Ezere le Eleade. Banna ba Gathe+ ba neng ba tswaletswe naheng eo ba theoha ho ya utswa diphoofolo tsa bara ba Efraime mme ba bolaya Ezere le Eleade. 22  Ntate wa bona Efraime a qeta matsatsi a mangata a utlwile bohloko mme bana babo ba nna ba tla ho tla mo tshedisa. 23  Ka mora moo, a robala le mosadi wa hae yaba o a ima mme o tswala mora. Empa a mo bitsa Beria* hobane o bile le yena nakong eo ho neng ho ena le tlokotsi lelapeng la hae. 24  Moradi wa hae e ne e le Sheera, ya ileng a haha Bethe-horone e ka Tlase+ le e ka Hodimo+ le Uzene-sheera. 25  Ho ne ho ena le mora wa hae Refa, Reshefe, mora wa hae e le Tela, mora wa hae e le Tahane, 26  mora wa hae e le Ladane, mora wa hae e le Amihude, mora wa hae e le Elishama, 27  mora wa hae e le Nune mme mora wa hae e le Joshua.*+ 28  Dibaka tseo ditloholo tsa Efraime di neng di dula ho tsona e ne e le Bethele+ le metse e haufi* le yona. Ka botjhabela e ne e le Narane mme ka bophirimela e le Gezere le metse e haufi le yona le Shikeme le metse e haufi le yona, ho ya fihla Aya* le metseng e haufi le yona. 29  Pela ditloholo tsa Manase e le Bethe-sheane+ le metse e haufi le yona, Tanake+ le metse e haufi le yona, Megido+ le metse e haufi le yona le Dore+ le metse e haufi le yona. Ditloholo tsa Josefa mora wa Iseraele di ne di dula dibakeng tsena. 30  Bara ba Ashere e ne e le Imna, Ishva, Ishvi le Beria+ mme kgaitsedi ya bona e le Sera.+ 31  Bara ba Beria e ne e le Hebere le Malkiele, eo e neng e le ntate wa Birzaithe. 32  Hebere ya eba ntate wa Jaflete, Shomere, Hothame le kgaitsedi ya bona Shua. 33  Bara ba Jaflete e ne e le Pasake, Bimhale le Ashvathe. Bana e ne e le bara ba Jaflete. 34  Bara ba Shemere* e ne e le Aki, Roga, Jehuba le Arame. 35  Bara ba Heleme* ngwanabo e ne e le Zofa, Imna, Sheleshe le Amale. 36  Bara ba Zofa e ne e le Sua, Harnefere, Shuale, Beri, Imra, 37  Bezere, Hode, Shamma, Shilsha, Ithrane le Bera. 38  Bara ba Jethere e ne e le Jefune, Pispa le Ara. 39  Bara ba Ula e ne e le Ara, Haniele le Rizia. 40  Kaofela e ne e le bara ba Ashere, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona, banna ba kgethilweng, ba matla, dihlooho tsa dikgosana. Palo ya ba ngodisitsweng ho ya ka maloko a bona+ e ne e le lebotho la sesole la banna ba 26 000.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dihlooho.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “Shupime le Hupime.”
Ka Seheberu: “bara.”
Ka Seheberu: “bara.”
E bolelang “Ka Tlokotsi.”
Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”
Kapa mohlomong: “Gaza” empa eseng Gaza ya Filistia.
Kapa: “e e potapotileng.”
O boetse o bitswa Shomere temaneng ya 32.
E ka nna yaba ke “Hothame” ya hlahang temaneng ya 32.