Buka ya Pele ya Dikronike 8:1-40

  • Leloko la Benjamine (1-40)

    • Leloko la Saule (33-40)

8  Benjamine+ ya eba ntate wa Bela+ letsibolo la hae, wa bobedi e le Ashbele,+ wa boraro e le Ahara,  wa bone e le Noha mme wa bohlano e le Rafa.  Bara ba Bela e ne e le Adare, Gera,+ Abihude,  Abishua, Naamane, Akowa,  Gera, Shefufane le Hurame.  Bana e ne e le bara ba Ehude, dihlooho tsa malapa a baahi ba Geba,+ ba ileng ba iswa botlamuweng Manahathe:  Naamane, Akija le Gera. Gera ke yena ya ileng a ba isa botlamuweng mme ya eba ntate wa Uza le Akihude.  Shaharaime a ba le bana naheng ya* Moabe ka mora hore a re batho ba tsamaye. Basadi ba hae e ne e le Hushime le Bara.*  Ka mosadi wa hae Hodeshe a tswala Jobabe, Zibia, Mesha, Malkame, 10  Jeuze, Sakia le Mirma. Bana e ne e le bara ba hae, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona. 11  Ka Hushime a tswala Abitube le Elpale. 12  Bara ba Elpale e ne e le Ebere, Mishame, Shemede (ya ileng a haha Ono+ le Lode+ le metse e haufi le yona*), 13  Beria le Shema. Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a bontate ba baahi ba Ajalone.+ Ba ile ba leleka baahi ba Gathe. 14  Ho ne ho ena le Akio, Shashake, Jeremothe, 15  Zebadia, Arade, Edere, 16  Mikaele, Ishpa, Joha, bara ba Beria 17  le Zebadia, Meshulame, Hizki, Hebere, 18  Ishmerai, Izlia, Jobabe, bara ba Elpale 19  le Jakime, Zikri, Zabdi, 20  Elienai, Zilethai, Eliele, 21  Adaia, Beraia, Shimrathe, bara ba Shimei 22  le Ishpane, Ebere, Eliele, 23  Abdone, Zikri, Hanane, 24  Hanania, Elame, Anthothija, 25  Ifdeia, Penuele, bara ba Shashake 26  le Shamsherai, Sheharia, Athalia, 27  Jareshia, Elia, Zikri, bara ba Jerohame. 28  Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a bontate ba bona ho ya ka maloko a bona. Ba ne ba dula Jerusalema. 29  Ntate wa Gibeone e leng Jeiele o ne a dula Gibeone.+ Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.+ 30  Mora wa hae wa letsibolo e ne e le Abdone, a latelwa ke Zure, Kishe, Baale, Nadabe, 31  Gedore, Akio le Zekere. 32  Miklothe ya eba ntate wa Shimea. Kaofela ba ne ba dula haufi le bana ba bo bona Jerusalema ha mmoho le bana ba bo bona ba bang. 33  Nere+ ya eba ntate wa Kishe, Kishe ya eba ntate wa Saule,+ Saule ya eba ntate wa Jonathane,+ Malki-shua,+ Abinadabe+ le Eshbaale.*+ 34  Mora wa Jonathane e ne e le Meribe-baale.+ Meribe-baale ya eba ntate wa Mikea.+ 35  Bara ba Mikea e ne e le Pithone, Meleke, Tarea le Akaze. 36  Akaze ya eba ntate wa Jehoada, Jehoada ya eba ntate wa Alemethe, Azmavethe le Zimri. Zimri ya eba ntate wa Moza. 37  Moza ya eba ntate wa Binea, mora wa hae e le Rafa, mora wa hae e le Eleasa, mora wa hae e le Azele. 38  Azele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona e ne e le Azrikame, Bokru, Ishmaele, Shearia, Obadia le Hanane. Bana kaofela e ne e le bara ba Azele. 39  Bara ba Esheke ngwanabo e ne e le Ulame letsibolo la hae, wa bobedi e le Jeushe mme wa boraro e le Elifelete. 40  Bara ba Ulame e ne e le banna ba matla ba tsebang ho sebedisa seqha mme ba ne ba ena le bara le ditloholo tse ngata, ba le 150. Kaofela e ne e le ditloholo tsa Benjamine.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “sebakeng sa.”
Kapa mohlomong: “ka mora hore a re basadi ba hae e leng Hushime le Bara ba tsamaye.”
Kapa: “e e potolohileng.”
O boetse o bitswa Ish-boshethe.