Buka ya Pele ya Marena 1:1-53

  • Davida le Abishage (1-4)

  • Adonija o batla borena (5-10)

  • Nathane le Bathe-sheba ba etsa leano (11-27)

  • Davida o laela hore Solomone e be morena (28-40)

  • Adonija o balehela aletareng (41-53)

1  Morena Davida o ne a tsofetse+ haholo hoo le hoja a ne a apeswa dikobo a neng a sa futhumale.  Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Morena, re dumelle hore re o batlele ngwanana eo e ntseng e le morwetsana, o tla o sebeletsa mme a o hlokomele. A robale sefubeng sa hao e le hore o futhumale.”  Ba batlana le ngwanana e motle naheng yohle ya Iseraele mme ba fumana Abishage+ wa Moshuneme+ yaba ba mo tlisa ho morena.  Ngwanana eo o ne a le motle haholo. O ile a hlokomela morena le ho mo sebeletsa empa morena ha a ka a robala le yena.  Adonija+ mora wa Hagithe o ne a iphahamisa a re: “Ke tlo ba morena!” O ile a re a etsetswe kariki ya ntwa le hore ho be le bapalami ba dipere le banna ba 50 ba mathang ka pela hae.+  Empa ntate wa hae o ne a eso ka a mo kgalemela* a re: “Ke hobaneng ha o entse ntho ee?” Adonija o ne a le motle haholo mme a hlahlama Absalome.  A buisana le Joabe mora wa Tseruja le moprista Abiathare+ yaba ba a mo thusa le ho mo tshehetsa.+  Empa moprista Tsadoke,+ Benaia+ mora wa Jehojada, moprofeta Nathane,+ Shimei,+ Rei le masole a Davida a matla+ ha ba a ka ba tshehetsa Adonija.  Adonija a etsa sehlabelo+ ka dinku, dikgomo le diphoofolo tse nonneng lejweng la Zohelethe haufi le Ene-rogele. O ile a mema bana babo bohle e leng bara ba morena le banna bohle ba Juda e leng bahlanka ba morena. 10  Empa o ne a sa mema moprofeta Nathane, Benaia, masole a matla le Solomone ngwanabo. 11  Nathane+ a re ho Bathe-sheba+ mme wa Solomone:+ “Na ha o a utlwa hore Adonija+ mora wa Hagithe e se e le morena mme Morena Davida ha a tsebe letho ka taba ee? 12  Ke kopa o tle ke tlo o eletsa e le hore o ka pholosa bophelo ba hao le ba mora wa hao Solomone.+ 13  Eya ho Morena Davida mme o re ho yena, ‘Na ha se wena morenaka ya ileng a hlapanyetsa nna mohlanka wa hao wa re: “Mora wa hao Solomone e tla ba morena ka mora ka mme ke yena ya tla dula teroneng ya ka”?+ Jwale ke hobaneng ha Adonija e le morena?’ 14  Ha o ntse o bua le morena, ke tla fihla mme ke mo bolelle hore taba eo o e buang ke nnete.” 15  Bathe-sheba a ya ho morena ka kamoreng ya hae ya ho robala. Morena o ne a tsofetse haholo mme Abishage+ wa Moshuneme o ne a mo sebeletsa. 16  Bathe-sheba a kgumama* ka pela morena mme morena a re: “O kopa eng?” 17  A re: “Morenaka, ke wena ya ileng a hlapanyetsa nna mohlanka wa hao ka Jehova Modimo wa hao wa re, ‘Mora wa hao Solomone e tla ba morena ka mora ka mme ke yena ya tla dula teroneng ya ka.’+ 18  Empa Adonija e se e le morena mme ha o tsebe letho ka taba ena morenaka.+ 19  O entse mahlabelo ka dipoho, diphoofolo tse nonneng le dinku tse ngata mme o memme bara bohle ba morena, moprista Abiathare le molaodi wa sesole e leng Joabe.+ Empa ha a mema mohlanka wa hao Solomone.+ 20  Morenaka, Baiseraele bohle ba emetse hore o ba bolelle hore na ke mang eo e tla ba morena ka mora hao. 21  Ho seng jwalo, ha o shwa,* nna le mora wa ka Solomone re tla nkwa re le dira.” 22  Ha Bathe-sheba a ntse a bua le morena, moprofeta Nathane a fihla.+ 23  Ba re ho morena: “Moprofeta Nathane ke enwa!” A tla ho morena a kgumama ka pela hae. 24  Nathane a re: “Morenaka, na o itse Adonija e tla ba mohlahlami wa hao?+ 25  Kajeno o ilo etsa sehlabelo+ ka dipoho, diphoofolo tse nonneng le dinku tse ngata ebile o memme bara bohle ba morena, balaodi ba masole le moprista Abiathare.+ Ba na le yena moo ba ntse ba ja ebile ba nwa mme ba ntse ba re, ‘Morena Adonija a ke a phele!’ 26  Empa nna, moprista Tsadoke, Benaia+ mora wa Jehojada le mora wa hao Solomone ha re a mengwa. 27  Na morenaka o dumelletse taba ee o sa mpolella hore na ke mang ya lokelang ho o hlahlama?” 28  Morena Davida a re: “Mpitsetseng Bathe-sheba.” A tla mme a ema ka pela morena. 29  Morena a ikana a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang, ya mpholositseng mathateng ohle a ka+ 30  feela jwalo ka ha ke o hlapanyeditse ka Jehova Modimo wa Iseraele ka re, ‘Mora wa hao Solomone o tla ntlhahlama mme ke yena ya tla dula teroneng ya ka sebakeng sa ka!’ Ke yona ntho eo ke tla e etsa kajeno.” 31  Bathe-sheba a kgumama ka pela morena mme a re: “E se eka Morena Davida a ka phela ka ho sa feleng!” 32  Morena Davida a re: “Mpitsetseng moprista Tsadoke, moprofeta Nathane le Benaia+ mora wa Jehojada.”+ Ba tla ho morena. 33  Morena a re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba ka mme le palamise mora wa ka Solomone mmoulo*+ wa ka le mo ise Gihone.+ 34  Moprista Tsadoke le moprofeta Nathane ba tla mo tlotsetsa+ moo hore e be morena wa Iseraele mme le letse lenaka le re, ‘Morena Solomone a ke a phele!’+ 35  Le mo latele mme o tla kena a dule teroneng ya ka. E tla ba morena sebakeng sa ka mme ke tla mo kgetha hore e be moetapele wa Iseraele le wa Juda.” 36  Benaia mora wa Jehojada a re ho morena: “Amen! E se eka Jehova Modimo wa morenaka a ka tiisa taba ena. 37  E se eka Jehova a ka ba le Solomone+ feela jwalo ka ha a ile a ba le wena hape a etse hore mmuso wa hae o be matla ho feta mmuso wa Morena Davida.”+ 38  Moprista Tsadoke, moprofeta Nathane, Benaia+ mora wa Jehojada, Bakerethe le Bapelethe+ ba tsamaya mme ba palamisa Solomone mmoulo wa Morena Davida,+ ba mo isa Gihone.+ 39  Moprista Tsadoke a nka lenaka le tshetseng oli+ ka tenteng+ yaba o tlotsa Solomone.+ Ka mora moo, ba letsa lenaka mme batho bohle ba hweletsa ba re: “Morena Solomone a ke a phele!” 40  Ka mora moo, batho bohle ba tsamaya le yena ba mo latela, ba ne ba thabile haholo mme ba letsa makodilo, ba entse lerata hoo lefatshe le ileng la thothomela.+ 41  Adonija le batho bohle bao a neng a ba memme ba utlwa lerata lena ha ba qeta ho ja.+ Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka a re: “Ke hobaneng ha ho ena le lerata le lekaa motseng?” 42  Ha a sa ntse a bua, Jonathane+ mora wa moprista Abiathare a fihla. Adonija a re: “Kena hobane o monna ya lokileng* mme e tlameha ebe o tlisitse ditaba tse monate.” 43  Empa Jonathane a araba Adonija a re: “Tjhe, ha ke a tlisa ditaba tse monate, Morena Davida o entse Solomone morena. 44  O ile a mo tsamaisa le moprista Tsadoke, moprofeta Nathane, Benaia mora wa Jehojada, Bakerethe le Bapelethe, a palame mmoulo wa morena.+ 45  Moprista Tsadoke le moprofeta Nathane ba mo tlotseditse Gihone hore e be morena. Ka mora moo, ba kgutla ba thabile mme batho ba motse ba ntse ba keteka. Ke lona lerata leo le neng le le utlwa. 46  Ho feta moo, Solomone o se a bile a dutse teroneng ya borena. 47  Hape bahlanka ba Morena Davida ba ile ho yena ho ya mo lebohisa ba re, ‘E se eka Modimo a ka etsa hore lebitso la Solomone le tsebahale ho feta la hao le mmuso wa hae o be matla ho feta wa hao!’ Yaba morena o inama a le betheng. 48  Morena le yena o itse, ‘Ho roriswe Jehova Modimo wa Iseraele eo kajeno a kgethileng motho ya tla dula teroneng ya ka, ya ntumeletseng hore ke bone seo.’” 49  Batho bohle ba neng ba menngwe ke Adonija ba tshoha haholo yaba e mong le e mong o a tsamaya. 50  Adonija le yena o ne a tshohile Solomone. Ka hoo, a tsamaya a ya aletareng mme a fihla a tshwara manaka a yona.+ 51  Solomone a bolellwa sena: “Adonija o tshohile Morena Solomone mme o tshwere manaka a aletare o re, ‘Morena Solomone a ke a ntlhapanyetse hore a ke ke a mpolaya ka sabole.’” 52  Solomone a re: “Haeba e le monna ya itshwereng hantle, a ke ke a lematswa* empa haeba a etsa ntho le ha e le efe e mpe+ o tla bolawa.” 53  Morena Solomone a romela batho hore ba mo late aletareng. A kena mme a inamela Morena Solomone. Ka mora moo, Solomone a re ho yena: “Eya ntlong ya hao.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “utlwisa bohloko.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.
Ka Seheberu: “o patwa jwalo ka baholoholo ba hao.”
Kapa: “mmoulo o motshehadi.”
Kapa: “wa bohlokwa.”
Ka Seheberu: “ha ho moriri le ha o le mong o tla wela fatshe.”