Buka ya Pele ya Marena 10:1-29

  • Mofumahadi wa Sheba o tjhakela Solomone (1-13)

  • Maruo a Solomone (14-29)

10  Mofumahadi wa Sheba o ile a utlwa hore Solomone o tumme ka lebaka la lebitso la Jehova.+ Ka hoo, a ya ho yena mme a mo botsa* dipotso tse thata.*+  A fihla Jerusalema a tsamaya le batho ba bangata,+ dikamele tse jereng oli ya balsame+ le kgauta e ngata le majwe a bohlokwa. A ya ho Solomone mme a mo botsa ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a batla ho e tseba.  Morena Solomone a araba dipotso tsa hae kaofela. Ho ne ho se na potso eo a hlolehang ho e araba.  Ha mofumahadi wa Sheba a bona ka moo Solomone a leng bohlale ka teng,+ a bona ntlo eo a e hahileng,+  dijo tse tafoleng ya hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba dutseng ka yona, basebeletsi ba hae ba fanang ka dijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka yona, baqhatsetsi ba hae le mahlabelo a hae a setjheso ao a neng a a etsa ka mehla ntlong ya Jehova, a sala a maketse.  A re ho morena: “Bohlale ba hao le dintho tseo o di entseng tseo ke di utlwileng naheng ya heso ke nnete.  Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke tla mme ke di bona ka mahlo a ka. Ke ne ke sa bolellwa dintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo o atlehileng ka yona di feta hole dintho tseo ke di utlwetseng.  Ho thaba batho ba hao le bahlanka bana ba hao ba dulang ba ena le wena ka mehla mme ba utlwa bohlale ba hao.+  Ho roriswe Jehova Modimo wa hao+ ya o bontshitseng hore o a o rata ka ho o beha teroneng ya Iseraele. Jehova o o kgethile hore o be morena e le hore o ahlole ka toka le ka ho loka hobane a rata setjhaba sa hae sa Iseraele.” 10  A fa morena kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 4 104,* oli ya balsame e ngata+ le majwe a bohlokwa.+ Le ka mohla ha ho a ka ha hlola ho tliswa oli e ngata hakaalo ya balsame jwalo ka eo mofumahadi wa Sheba a ileng a e tlisetsa Morena Solomone. 11  Dikepe tse ngata tsa Hirame tse neng di nkile kgauta e tswang Ofire+ tsa boela tsa tlisa difate tsa algame+ tse ngata le majwe a bohlokwa ho tswa Ofire.+ 12  Morena a etsa ditshehetso ka difate tsa algame bakeng sa ntlo ya Jehova le ntlo* ya morena ha mmoho le diharepa le diletsa tse dikgwele bakeng sa dibini.+ Ha ho eso tliswe kapa ha bonwa difate tse ngata hakaalo tsa algame ho fihlela letsatsing lena. 13  Ho ekelletsa ho dintho tseo Morena Solomone a neng a di file mofumahadi wa Sheba ka ho rata, o ile a boela a mo fa dintho tseo a neng a di batla le tseo a neng a di kopile. Ka mora moo mofumahadi wa Sheba a kgutlela naheng ya habo le bahlanka ba hae.+ 14  Boima ba kgauta eo Solomone a neng a e fumana ka selemo e ne e le dikhilokramo tse ka bang 23 000,*+ 15  ho sa balwe e tswang ho borakgwebo bohle le phaello e tswang ho marena ohle a Maarabia le matona a naha. 16  Morena Solomone a etsa dithebe tse kgolo tse 200 tsa kgauta e kopantsweng le tshepe+ (thebe e nngwe le e nngwe e ne e entswe ka kgauta e boima ba dikhilokramo tse ka bang supa*)+ 17  le dithebe tse nyenyane* tse 300 tse entsweng ka kgauta e kopantsweng le tshepe (thebe ka nngwe e ne e entswe ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka bang pedi.*) Morena o ile a di beha ka hara Ntlo ya Moru wa Lebanone.+ 18  Morena a boela a etsa terone e kgolo ya manaka a tlou+ mme a e kwahela ka kgauta e hlwekileng.+ 19  Ho ne ho ena le ditepisi tse tsheletseng tse yang teroneng mme terone e ne e ena le ntho e kang marulelo a sedikadikwe ka mora yona. Mahlakoreng a mabedi a setulo ho ne ho ena le moo ho behwang matsoho, pela teng ho eme ditau tse pedi.+ 20  Ho ne ho ena le ditau tse 12 tse emeng hodima ditepisi tse tsheletseng, tse ding di le ka lehlakoreng lena, tse ding di le ka lehlakoreng lane la ditepisi. Ha ho na mmuso o mong o neng o entse ntho e tshwanang le ena. 21  Dikopi tsohle tsa Morena Solomone di ne di entswe ka kgauta mme disebediswa tsohle tsa Ntlo ya Moru wa Lebanone+ di entswe ka kgauta. Ho ne ho se na letho le neng le entswe ka silevera hobane e ne e nkwa e se letho mehleng ya Solomone.+ 22  Morena o ne a ena le dikepe tsa Tarshishe tse ngata+ tse neng di le lewatleng ha mmoho le tsa Hirame tse ngata. Hanngwe ka mora dilemo tse tharo dikepe tse ding tsa Tarshishe di ne di tla di nkile kgauta, silevera, manaka a tlou,+ ditshwene le dipikoko. 23  Morena Solomone o ne a ruile a bile a le bohlale ho feta marena ohle a neng a le teng lefatsheng.+ 24  Batho bohle lefatsheng ba ne ba batla ho utlwa ka bohlale boo Modimo a bo fileng Solomone.+ 25  Selemo le selemo e mong le e mong o ne a tlisa dintho tsa silevera le tsa kgauta, diaparo, dihlomo, oli ya balsame, dipere le dimmoulo. 26  Solomone a nna a eketsa dikariki tsa hae tsa ntwa le dipere. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse 1 400 le dipere tse 12 000.+ O ile a di beha metseng ya dikariki tsa ntwa le haufi le morena Jerusalema.+ 27  Morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be ngata jwalo ka majwe le difate tsa kedare di be ngata jwalo ka difate tsa sikamora tse Shefela.+ 28  Dipere tsa Solomone di ne di tswa Egepeta mme borakgwebo ba morena ba ne ba reka sehlopha* sa dipere ka theko e tshwanang.+ 29  Kariki ka nngwe e tswang Egepeta e ne e rekwa ka dikotwana tsa silevera tse 600 mme pere yona e rekwa ka tse 150. Ba ne ba di romela ho marena ohle a Bahethe+ le a Siria.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ka dilotho.”
Ka Seheberu: “leka ka.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 120.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 666.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 600 tsa kgauta.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Hangata di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.
Ka Seheberu: “dimina tse tharo.” Mina Mangolong a Seheberu e lekana le dikramo tse 570. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa mohlomong: “di ne di tswa Egepeta le Kue. Borakgwebo ba morena ba ne ba di reka Kue,” mohlomong ho buuwa ka Silisia.