Buka ya Pele ya Marena 15:1-34

  • Abijame, morena wa Juda (1-8)

  • Asa, morena wa Juda (9-24)

  • Nadabe, morena wa Iseraele (25-32)

  • Basha, morena wa Iseraele (33, 34)

15  Ha Morena Jeroboame+ mora wa Nebate a ena le dilemo tse 18 a busa, Abijame ya eba morena wa Juda.+  O ile a busa Jerusalema ka dilemo tse tharo. Lebitso la mme wa hae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.*  A etsa dibe tse tshwanang le tseo ntate wa hae a neng a di etsa. O ne a sa sebeletse Jehova Modimo wa hae ka pelo ya hae yohle jwalo ka ha moholoholo wa hae Davida a ne a mo sebeletsa.  Le ha ho le jwalo, ka lebaka la Davida,+ Jehova Modimo wa hae o ile a etsa hore ho be le e mong wa leloko la hae ya busang Jerusalema+ ka hore a etse hore mora wa hae a buse mme a boloke Jerusalema e le teng.  Davida o ile a etsa dintho tse thabisang Jehova, a etsa dintho tsohle tseo a neng a mo laetse tsona bophelo bohle ba hae, ntle le tabeng ya Uria wa Mohethe.+  Bophelong bohle ba Roboame, ho bile le ntwa pakeng tsa hae le Jeroboame.+  Histori yohle ya Abijame le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda.+ Hape Abijame le Jeroboame ba ile ba lwana.+  Abijame a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida. Mora wa hae Asa+ ya eba morena.+  Ha morena Jeroboame a ena le dilemo tse 20 a busa Iseraele, Asa e ile ya eba morena wa Juda. 10  O busitse Jerusalema ka dilemo tse 41. Lebitso la nkgono wa hae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.* 11  Asa a etsa dintho tse thabisang Jehova+ jwalo ka moholoholo wa hae Davida. 12  O ile a tlosa matekatse a banna* naheng+ mme a tlosa le ditshwantsho tsohle tse rapelwang tse nyonyehang* tseo baholoholo ba hae ba neng ba di entse.+ 13  A tlosa le nkgono wa hae Maaka+ boemong ba bofumahadi hobane o ne a etseditse palo e halalelang* setshwantsho se rapelwang se nyonyehang. Asa o ile a diha setshwantsho seo,+ a se tjhesetsa Kgohlong ya Kidrone.+ 14  Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa.+ Le ha ho le jwalo, Asa o ile a sebeletsa Jehova ka pelo yohle bophelo bohle ba hae. 15  A tlisa dintho tseo yena le ntate wa hae ba di halaleditseng ka tlung ya Jehova e leng silevera, kgauta le disebediswa tse fapafapaneng.+ 16  Asa le Basha+ morena wa Iseraele ba ne ba dula ba lwantshana. 17  Morena Basha wa Iseraele a hlasela Juda mme a haha* Rama+ e le hore ho se ke ha eba le motho ya tswang kapa ya kenang Juda ho Morena Asa.+ 18  Morena Asa a nka silevera le kgauta yohle e neng e setse matlotlong a ntlo ya Jehova le a ntlo* ya morena mme a e fa bahlanka ba hae. A ba romela ho Ben-hadade mora wa Tabrimone mora wa Hezione, morena wa Siria+ ya neng a dula Damaseka a re: 19  “Ke entse selekane le wena jwalo ka ha ntate wa ka a ne a se entse le ntate wa hao. Ke o romella mpho ya silevera le kgauta. Tloo mme o kgaole selekane sa hao le Morena Basha wa Iseraele e le hore a ka ntlohela.” 20  Ben-hadade a mamela Morena Asa mme a romela balaodi ba hae ba masole hore ba hlasele metse ya Iseraele. Ba hapa motse wa Ijone,+ Dane,+ Abele-bethe-maaka, Kinerethe yohle le naha yohle ya Nefthali. 21  Ha Basha a utlwa ka taba ena, hanghang a tlohela ho haha* Rama mme a nna a dula Tirza.+ 22  Morena Asa a bitsa Bajuda bohle, ha a ka a siya le ya mong mme ba nka majwe le difate tsa Rama tseo Basha a neng a haha* ka tsona yaba Morena Asa o haha Geba+ e Benjamine le Mizpa+ ka tsona. 23  Histori yohle ya Asa, matla a hae, dintho tsohle tseo a ileng a di etsa le metse eo a ileng a e haha,* di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. Botsofading ba hae o ile a tshwarwa ke maoto.+ 24  Asa a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida moholoholo wa hae. Mora wa hae Josafate+ ya eba morena. 25  Nadabe+ mora wa Jeroboame e ile ya eba morena wa Iseraele ha Morena Asa a ena le dilemo tse pedi a busa Juda. Nadabe o busitse Iseraele ka dilemo tse pedi. 26  A nna a fosetsa Jehova le ho etsa dintho tse mpe tseo ntate wa hae a neng a di etsa+ mme a etsa sebe se tshwanang le seo ntate wa hae a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+ 27  Basha mora wa Akija wa lelapa la Isakare a rera ho mo bolaya, a mo bolaela Gibethone+ eo e neng e le ya Bafilista, ha Nadabe le Baiseraele bohle ba thibeletse Gibethone. 28  Ha Morena Asa a ena le dilemo tse tharo a busa Juda, Basha o ile a bolaya Nadabe mme ya eba morena wa Iseraele. 29  Hang ha e eba morena, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame, ha a ka a siya le a le mong. O ile a ba fedisa ho ya ka seo Jehova a neng a se buile ho mohlanka wa hae Akija wa Moshilo.+ 30  O ile a etsa sena ka lebaka la dibe tseo Jeroboame a neng a di entse le tseo a neng a entse hore Baiseraele ba di etse le hobane a ne a foseditse Jehova Modimo wa Iseraele. 31  Histori yohle ya Nadabe le dintho tsohle tseo a di entseng di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 32  Asa le Morena Basha wa Iseraele ba ile ba dula ba lwantshana.+ 33  Ha Morena Asa a ena le dilemo tse tharo a busa Juda, Basha mora wa Akija ya eba morena wa Baiseraele bohle Tirza mme a busa ka dilemo tse 24.+ 34  Empa o ile a nna a fosetsa Jehova+ mme a etsa sebe seo Jeroboame a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Abishalome.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Ka Seheberu: “Abishalome.”
Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Kapa: “haha botjha.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “haha botjha.”
Kapa: “haha botjha.”
Kapa: “haha botjha.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”