Buka ya Pele ya Marena 16:1-34

16  Jehova a bua ka Basha ho Jehu+ mora wa Hanani+ a re:  “Ke o phahamisitse o le tlase mme ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele+ empa o ile wa nna wa etsa diketso tse tshwanang le tsa Jeroboame mme wa etsa hore setjhaba sa ka sa Iseraele se etse sebe e le hore se nkutlwise bohloko.+  Ke tla fedisa Basha le ba lelapa la hae mme ke etse hore lelapa la hae le be jwalo ka lelapa la Jeroboame+ mora wa Nebate.  Bohle ba lelapa la Basha ba shwellang motseng ba tla jewa ke dintja mme ba shwellang naheng ba jewe ke dinonyana.”  Histori yohle ya Basha, dintho tseo a di entseng le matla a hae di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.  Basha a shwa* mme a patelwa Tirza.+ Ela mora wa hae ya eba morena.  Jehova o ile a bua le moprofeta Jehu mora wa Hanani ka Basha le ba lelapa la hae ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di entseng mahlong a Jehova jwalo ka lelapa la Jeroboame le hobane a ile a bolaya Nadabe.+  Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 26 a busa Juda, Ela mora wa Basha ya eba morena wa Iseraele Tirza mme a busa ka dilemo tse pedi.  Ha Morena Ela a le Tirza a ntse a nwa e le hore a tahwe ntlong ya Arza, ya neng a eteletse pele lelapa la morena motseng wa Tirza, mohlanka wa hae Zimri ya neng a etella pele halofo ya dikariki tsa hae tsa ntwa, a rera ho mo bolaya. 10  Zimri a tla, a mo otla+ mme a mo bolaya. Ka nako eo Morena Asa o ne a ena le dilemo tse 27 a busa Juda mme Zimri ya eba morena. 11  Ha a dula teroneng mme e eba morena, o ile a bolaya bohle ba lelapa la Basha. Ha a ka a siya le ha e le ya mong e motona* ebang ke eo a amanang* le yena kapa metswalle ya hae. 12  Zimri a fedisa bohle ba lelapa la Basha, ho ya ka seo Jehova a neng a se buile ka yena a sebedisa moprofeta Jehu.+ 13  Sena se etsahetse ka lebaka la dibe tseo Basha le mora wa hae Ela ba neng ba di entse le dibe tseo ba entseng hore Baiseraele ba di etse ka ho fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse se nang thuso.+ 14  Histori yohle ya Ela le dintho tsohle tseo a di entseng di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 15  Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 27 a busa Juda, Zimri ya eba morena Tirza ka matsatsi a supileng nakong eo masole a neng a hlomme ditente e le hore a hlasele Gibethone,+ eo e neng e le ya Bafilista. 16  Masole a neng a hlomme ditente a utlwa ho thwe Zimri o entse bolotsana ebile o bolaile morena. Baiseraele bohle ba kgetha Omri+ molaodi wa masole hore e be morena wa Iseraele letsatsing leo hona moo ditenteng. 17  Omri le Baiseraele bohle ba nang le yena ba tloha Gibethone ho ya thibella Tirza. 18  Ha Zimri a bona hore motse o hapilwe, a kena ka toreng e sireletsehileng ya ntlo* ya morena mme a itjheselletsa ka tlung yaba o a shwa.+ 19  Sena se etsahetse ka lebaka la dibe tseo a neng a di entse tse neng di sa thabise Jehova, diketso tsa hae tse tshwanang le tsa Jeroboame le sebe seo a entseng hore Baiseraele ba se etse.+ 20  Histori yohle ya Zimri le morero wa hae wa bolotsana, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 21  Ka nako eo setjhaba sa Iseraele sa ikarola dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibni mora wa Ginathe mme sa batla ho mo etsa morena, se seng sa latela Omri. 22  Batho ba neng ba latela Omri ba hlola batho ba neng ba latela Tibni mora wa Ginathe. Tibni a shwa mme Omri ya eba morena. 23  Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 31 a busa Juda, Omri ya eba morena wa Iseraele mme a busa ka dilemo tse 12. Tirza teng a busa ka dilemo tse tsheletseng. 24  A reka thaba ya Samaria ho Shemere ka silevera ya boima bo ka etsang dikhilokramo tse 68* mme a haha motse hodima thaba eo. Motse oo a neng a o hahile Samaria*+ a o rehella ka Shemere e leng monga* thaba eo. 25  Omri a nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. O ne a etsa dintho tse mpe ho feta bohle ba tlileng pele ho yena.+ 26  O ile a etsa diketso tse tshwanang le tsa Jeroboame mora wa Nebate. A etsa sebe se tshwanang le seo Jeroboame a se entseng sa hore a etse hore Baiseraele ba fosetse Jehova Modimo wa Iseraele ka ditshwantsho tsa bona tse rapelwang tse se nang thuso.+ 27  Histori yohle ya Omri, dintho tseo a di entseng le matla a hae di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 28  Omri a shwa* mme a patelwa Samaria. Mora wa hae Akabe+ ya eba morena. 29  Ha Morena Asa a ena le dilemo tse 38 a busa Juda, Akabe mora wa Omri ya eba morena wa Iseraele. A busa Iseraele e Samaria+ ka dilemo tse 22. 30  Akabe mora wa Omri a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ohle a busitseng pele ho yena.+ 31  O ne a etsa dibe tseo Jeroboame+ mora wa Nebate a di entseng. O ile a boela a nyala Jezebele+ moradi wa Ethebaale morena wa Basidone+ mme a sebeletsa Baale+ le ho mo rapela. 32  Hape a etsetsa Baale aletare ka tlung* ya Baale+ eo a neng a e hahile Samaria. 33  Akabe a boela a etsa palo e halalelang.*+ O ile a fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele ho feta marena ohle a Iseraele a busitseng pele ho yena. 34  Ha Akabe a ntse a busa, Hiele wa Mobethele a haha Jeriko botjha. Ha a ne a haha motheo wa yona, mora wa hae wa letsibolo e leng Abirame o ile a shwa mme ha a kenya mamati a yona, mora wa hae e monyenyane Segube le yena a shwa. Sena ke seo Jehova a ileng a se bua a sebedisa Joshua mora wa Nune.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Kapa: “bapheteletsi ba hae ba madi.”
Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “morena.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse pedi.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
E bolelang “Ya Ikarabellang Lelokong la Shemere.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Kapa: “tempeleng.”