Buka ya Pele ya Marena 17:1-24

  • Moprofeta Elia o profeta hore ho tla ba le komello (1)

  • Elia o fuwa dijo ke makgwaba (2-7)

  • Elia o tjhakela mohlolohadi wa Sarepta (8-16)

  • Mora wa mohlolohadi o a shwa ebile o a tsoswa (17-24)

17  Elia*+ wa Motishba moahi wa Gileade+ a re ho Akabe: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa Iseraele ya phelang eo ke mo sebeletsang* hore dilemong tsena ho ke ke ha eba le phoka kapa pula ntle le haeba ke bolela hore di tla ba teng.”+  Jehova a bua le Elia a re:  “Tloha mona o tsamaye ka tsela e yang botjhabela mme o ipate Kgohlong ya Kerithe e ka botjhabela ho Jordane.  O nwe metsi nokaneng mme ke tla laela makgwaba hore a o tlisetse dijo moo.”+  Ka potlako a etsa seo Jehova a mo laetseng sona, a tsamaya mme a dula Kgohlong ya Kerithe e ka botjhabela ho Jordane.  Makgwaba a ne a mo tlisetsa bohobe le nama hoseng le mantsiboya mme o ne a nwa metsi nokaneng.+  Ka mora matsatsi nokana ya psha+ hobane pula e ne e sa ne.  Jehova a bua le Elia a re:  “Eya Sarepta ya Basidone mme o dule teng. Ke tla laela mosadi wa mohlolohadi moo hore a o fe dijo.”+ 10  A tsamaya a ya Sarepta. Ha a fihla keiting ya motse, ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi ya ntseng a rwalla patsi. Elia a mo hweletsa a re: “Ke kopa o ntlisetse metsi a manyenyane e le hore ke nwe.”+ 11  Ha mosadi eo a yo lata metsi, a mo hweletsa a re: “Ke kopa o ntlele bohobe.” 12  Mosadi eo a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa hao ya phelang, ha ke na bohobe haese phofo e ka tlalang seatla e ka nkgong e kgolo le oli e nyenyane e ka nkgong e nyenyane.+ Hona jwale ke rwalla patsi e seng kae ebe ke ya hae mme ke etsetsa nna le mora wa ka dijo. Re tla ja ka lekgetlo la ho qetela ebe re a shwa.” 13  Elia a re ho yena: “O se ke wa tshoha. Eya hae mme o etse seo o se buileng. Empa pele ho moo, nketsetse bohobe bo sedikadikwe bo bonyenyane ka dintho tse teng mme o bo tlise ho nna. Ka mora moo, o ka etsetsa wena le mora wa hao dijo. 14  Jehova Modimo wa Iseraele o itse: ‘Phofo e ka nkgong e kgolo e ke ke ya fela le oli e ka nkgong e nyenyane e ke ke ya fela ho fihlela letsatsing leo ka lona Jehova a nesang pula.’”+ 15  A tsamaya mme a etsa feela jwalo ka ha Elia a buile. Yena, ba lelapa la hae le Elia ba ile ba eba le dijo ka matsatsi a mangata.+ 16  Phofo e ka nkgong e kgolo le oli e ka nkgong e nyenyane ha di a ka tsa fela ho ya ka seo Jehova a neng a se buile a sebedisa Elia. 17  Ka mora dintho tsena, mosadi wa mohlolohadi e leng mongantlo, a kulelwa ke mora, a kula haholo hoo a ileng a shwa.+ 18  A re ho Elia: “Mohlanka wa Modimo wa nnete, ke o entseng? Na o tletse ho tla nkgopotsa phoso ya ka le ho bolaya mora wa ka?”+ 19  Elia a re ho yena: “Mphe mora wa hao.” A mo nka matsohong a mme wa hae a ya le yena kamoreng e marulelong eo a neng a dula ho yona, a mo beha hodima bethe ya hae.+ 20  Elia a rapela Jehova a re: “Jehova Modimo wa ka,+ na o tlisetsa mosadi eo wa mohlolohadi eo ke dulang le yena tlokotsi ka hore o bolaye mora wa hae?” 21  A paqama hodima ngwana ka makgetlo a mararo mme a rapela Jehova a re: “Jehova Modimo wa ka, ke kopa o etse hore ngwana enwa a phele hape.” 22  Jehova a mamela kopo ya Elia+ mme ngwana a boela a phela.+ 23  Elia a nka ngwana mme a theoha le yena ho tswa kamoreng e marulelong a ya ka tlung yaba o mo isa ho mme wa hae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela.”+ 24  Mosadi eo a re ho Elia: “Jwale ke a tseba hore ka nnete o mohlanka wa Modimo+ le hore mantswe ao o a buang a tswang ho Jehova ke nnete.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Modimo wa ka ke Jehova.”
Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pela hae.”