Buka ya Pele ya Marena 18:1-46

  • Elia o kopana le Obadia le Akabe (1-18)

  • Elia le baprofeta ba Baale ba Karmele (19-40)

    • “Le tla dula le sa tsebe hore na le lehlakoreng lefe” (21)

  • Komello e a fela ka mora dilemo tse tharo le halofo (41-46)

18  Ka mora nako e itseng ka selemo sa boraro+ Jehova a bua le Elia a re: “Eya ho Akabe mme ke tla nesa pula lefatsheng.”+  Elia a ya ho Akabe nakong eo ho neng ho ena le tlala e kgolo+ Samaria.  Akabe a bitsa Obadia ya neng a hlokometse lelapa la morena. (Obadia o ne a hlompha Jehova haholo.  Ha Jezebele+ a bolaya* baprofeta ba Jehova, Obadia o ile a nka baprofeta ba 100 a ba pata, ba 50 ka lehaheng le leng le ba bang ba 50 ka ho le leng mme o ne a ba fa bohobe le metsi.)  Akabe a re ho Obadia: “Eya didibeng le dikgohlong* tsohle tse teng naheng ena. Mohlomong re tla fumana jwang bo lekaneng e le hore dipere le dimmoulo tsa rona di nne di phele mme diphoofolo tsa rona di se ke tsa shwa kaofela.”  Ba arolelana dibaka tseo ba tla ya ho tsona. Akabe a tsamaya a le mong ka tsela ena mme Obadia a tsamaya a le mong ka tsela yane.  Ha Obadia a ntse a le tseleng, Elia a mo kgahlanyetsa. Ha a mo bona a kgumama* a re: “Morenaka Elia na ke wena?”+  A re ho yena: “Ke nna. Tsamaya o yo bolella morena wa hao hore ke teng.”  Empa Obadia a re: “Ke sebe sefe seo ke se entseng hore o fane ka nna ho Akabe hore a mpolaye? 10  Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa hao ya phelang hore ha ho na setjhaba kapa mmuso oo morenaka a sa romelang batho ho wona hore ba batlane le wena. Ka mora hore ba re, ‘Ha a yo mona,’ o ile a etsa hore mebuso le ditjhaba di hlapanye hore ha ba a o fumana.+ 11  Empa jwale o re ke tsamaye ke yo bolella morena hore o teng.” 12  Ha ke tloha ho wena, moya o halalelang wa Jehova o tla o isa+ sebakeng seo ke sa se tsebeng. Etlare ha ke bolella Akabe hore o teng mme a sa o fumane, o tla mpolaya. Nna mohlanka wa hao esale ke hlompha Jehova ho tloha ke sa le motjha. 13  Na morenaka ha o a ka wa bolellwa hore na ke entseng ha Jezebele a bolaya baprofeta ba Jehova, hore ke ile ka pata baprofeta ba Jehova ba 100 ka lehaheng ka dihlopha tsa ba 50 mme ka nna ka ba fa bohobe le metsi?+ 14  Empa o re ke tsamaye ke yo bolella morena hore o teng. Ka nnete morena o tla mpolaya.” 15  Elia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo wa mabotho ya phelang eo ke mo sebeletsang* hore kajeno ke tla ikisa ho yena.” 16  Obadia a tsamaya ho ya kopana le Akabe mme a mo bolella yaba Akabe o yo kopana le Elia. 17  Hang ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Na ke wena, wena ya tlisetsang Iseraele mathata?”* 18  Elia a re ho yena: “Ha se nna ya tlisitseng mathata Iseraele, ke wena le lelapa la ntate wa hao hobane le tlohetse melao ya Jehova mme le latetse medimo ya Baale.+ 19  Mpitsetse Baiseraele bohle Thabeng ya Karmele,+ baprofeta ba Baale ba 450 le baprofeta ba palo e halalelang*+ ba 400, ba jellang tafoleng ya Jezebele.” 20  Akabe a romela molaetsa ho setjhaba sohle sa Iseraele mme a bokella baprofeta Thabeng ya Karmele. 21  Elia a atamela setjhaba sohle mme a re: “Le tla dula le sa tsebe hore na le lehlakoreng lefe* ho fihlela neng?+ Haeba Jehova ke Modimo wa nnete, mo lateleng+ empa haeba Baale e le yena modimo wa nnete le latele yena.” Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba. 22  Elia a re ho setjhaba: “Ke setse ke le mong ho baprofeta ba Jehova,+ ha baprofeta ba Baale bona ba le 450. 23  Ereng ba re fe dipohwana tse pedi, ba ikgethele pohwana e le nngwe mme ba e kgaole dikotwana ba e behe hodima patsi empa ba se ke ba e hotetsa. Ke tla lokisa pohwana e nngwe mme ke e behe hodima patsi empa nke ke ka e hotetsa. 24  Hweletsang ho modimo wa lona+ mme le kope thuso, le nna ke tla kopa thuso ho Jehova. Modimo ya tla arabela ka ho romela mollo o tla bontsha hore ke yena Modimo wa nnete.”+ Setjhaba sohle sa re: “Ntho eo o e buang e a utlwahala.” 25  Elia a re ho baprofeta ba Baale: “Ikgetheleng pohwana e le nngwe le e lokise pele hobane ke lona ba bangata. Le hweletse lebitso la modimo wa lona empa le se ke la e hotetsa.” 26  Ba nka pohwana eo ba neng ba e filwe, ba e lokisa. Ba nna ba bitsa lebitso la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motshehare ba ntse ba re: “Baale re arabe!” Empa ho ne ho se na lentswe kapa motho ya ba arabang.+ Ba nna ba qhomaqhoma ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse. 27  Motshehare Elia a ba soma a re: “Hweletsang haholo ka ha le re ke modimo!+ Mohlomong o ntse a ja masapo a hlooho kapa o ile ntlwaneng.* Kapa o robetse o hloka ho tsoswa.” 28  Ba ne ba hweleditse haholo ebile ba itsheha ka dithipa le marumo ho ya ka tlwaelo ya bona, ho fihlela ba le madi hohle mmeleng. 29  Letshehare la fela ba ntse ba etsa ntho e tshwanang,* ho fihlela mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo* empa ho ne ho se na lentswe kapa motho ya ba arabang. Ho ne ho se na motho ya ba mametseng.+ 30  Qetellong Elia a re ho setjhaba sohle: “Nkatameleng.” Sa atamela. A lokisa aletare ya Jehova e neng e heleditswe.+ 31  Elia a nka majwe a 12, a lekanang le palo ya maloko a bara ba Jakobo, eo Jehova a neng a itse ho yena lebitso la hae e tla ba Iseraele.+ 32  Ka majwe ao a haha aletare+ e tlisang thoriso lebitsong la Jehova. Ho potoloha aletare a etsa foro. Sebaka se ka hara moedi o entsweng ke foro se ne se le boholo ba hore ho ka jalwa peo e ka etsang dilithara tse 15.* 33  A beha patsi hantle, a kgaola pohwana dikotwana mme a e beha hodima patsi.+ A re: “Tlatsang metsi ka dinkgong tse nne tse kgolo le a tshele hodima nyehelo ya setjheso le patsi.” 34  A re: “A tsheleng hape.” Ba a tshela. A boela a re: “A tsheleng ka lekgetlo la boraro.” Ba a tshela ka lekgetlo la boraro. 35  Metsi a tlala hohle aletareng, ba a tlatsa le ka forong. 36  Mantsiboya ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ moprofeta Elia a atamela a re: “Jehova Modimo wa Abrahama,+ Isaka+ le Iseraele, kajeno batho bohle ba ke ba tsebe hore o Modimo Iseraele mme nna ke mohlanka wa hao le hore ke wena ya ntaetseng hore ke etse dintho tsena tsohle.+ 37  Nkarabe Jehova. Nkarabe e le hore batho bana ba ka tseba hore wena Jehova o Modimo wa nnete le hore o ba thusa hore ba kgutlele ho wena.”+ 38  Mollo wa Jehova wa theoha lehodimong mme wa tjhesa nyehelo ya setjheso,+ patsi, majwe, lerole le metsi a neng a le ka forong.+ 39  Ha batho bohle ba bona se etsahalang, ka potlako ba kgumama ba re: “Jehova ke Modimo wa nnete! Jehova ke Modimo wa nnete!” 40  Elia a re ho bona: “Tshwarang baprofeta ba Baale! Ho se ke ha eba le ya mong ya phonyohang!” Ba ba tshwara mme Elia a ba theolela nokaneng* ya Kishone+ yaba o ba bolaela teng.+ 41  Elia a re ho Akabe: “Nyoloha o yo ja mme o nwe hobane ho na le modumo wa pula e matla.”+ 42  Akabe a nyoloha ho ya ja le ho nwa empa Elia yena a nyolohela ka hodima thaba ya Karmele mme a kgumama a kentse hlooho pakeng tsa mangole.+ 43  Elia a re ho mohlanka wa hae: “Ke kopa o nyolohe mme o shebe lewatleng.” A nyoloha mme a sheba yaba o re: “Ho hang ha ho letho.” Elia a re a kgutlele teng ka makgetlo a supileng. 44  Ka lekgetlo la bosupa mohlanka wa hae a re: “Ho na le leru le lenyenyane le kang letsoho la motho le nyolohang lewatleng.” Elia a re: “Eya ho Akabe o re, ‘Lokisa kariki ya hao, o theohe e le hore pula e matla e se ke ya o thibella!’” 45  Hanghang maru a kwahela, ha fifala, ha foka moya yaba ho na pula e matla.+ Akabe a palama kariki ya hae a ya Jezriele.+ 46  Jehova a fa Elia matla yaba o tlama seaparo sa hae thekeng o matha ka pela Akabe ho ya fihla Jezriele.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “fedisa.”
Kapa: “diphuleng.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.
Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pela hae.”
Kapa: “ya tlisang kgathatso.”
Kapa: “pakeng tsa maikutlo a mabedi.”
Kapa mohlomong: “o nkile leeto.”
Kapa: “ba itshwere jwalo ka baprofeta.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ditekanyo tsa seah tse pedi.” Seah e le nngwe e lekana le dilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “kgohlong.” Sheba Tlhaloso.