Buka ya Pele ya Marena 19:1-21

  • Elia o baleha Jezebele ya bohale (1-8)

  • Jehova o hlaha ho Elia Horebe (9-14)

  • Elia o laelwa hore a tlotse Hazaele, Jehu le Elisha (15-18)

  • Elisha o kgethwa hore e be mohlahlami wa Elia (19-21)

19  Akabe+ a bolella Jezebele+ dintho tsohle tseo Elia a di entseng le hore o bolaile baprofeta bohle ka sabole.+  Jezebele a romela moromuwa ho Elia a re: “E se eka medimo e ka mpha kotlo e boima haeba hosane ka nako ena ke sa o bolaya jwalo ka baprofeta bao o ba bolaileng!”  Elia a tshoha mme a baleha e le hore a pholose bophelo ba hae.+ A ya Beersheba+ ya Juda+ mme a siya mohlanka wa hae moo.  A tsamaya leeto le ka nkang letsatsi a ya lefeelleng mme a fihla a dula tlasa sefate sa lefielo. A ikopela ho shwa a re: “Ho lekane Jehova! Mpolaye+ hobane ho tshwana le ha ke shwele jwalo ka baholoholo ba ka.”  A paqama yaba o kgaleha tlasa sefate seo. Empa lengeloi la mo tshwara+ la re ho yena: “Tsoha o je.”+  Ha a tsoha, pela hlooho ya hae ho ne ho ena le bohobe bo sedikadikwe hodima majwe a tjhesang le jeke ya metsi. A ja mme a nwa yaba o robala hape.  Ha morao lengeloi la Jehova la tla ka lekgetlo la bobedi mme la mo tshwara la re: “Tsoha o je hobane o sa ntse o tlo nka leeto le lelelele le boima.”  A tsoha a ja mme a nwa. Dijo tseo di ile tsa mo fa matla a hore a tsamaye matsatsi a 40 le masiu a 40 ho fihlela a fihla Horebe, thabeng ya Modimo wa nnete.+  Ha a fihla moo, a kena ka lehaheng+ mme a robala ka ho lona. Jehova a bua le yena a re: “Elia, o batlang moo?” 10  Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Modimo wa mabotho ka tjheseho.+ Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le wena,+ ba sentse dialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole+ mme ke nna feela ya setseng. Le nna ba batla ho mpolaya.”+ 11  A re: “Tswa o ye ka hodima thaba mme o eme ka pela Jehova.” Jehova o ne a feta+ mme moya o matla o ne o petsola dithaba le mafika ka pela Jehova+ empa Jehova o ne a se moyeng oo. Ka mora moya oo, ho ile ha eba le tshisinyeho ya lefatshe+ empa Jehova o ne a le siyo ho yona. 12  Ka mora tshisinyeho ya lefatshe, ho ile ha eba le mollo+ empa Jehova o ne a le siyo mollong oo. Ka mora mollo, ho ile ha eba le lentswe le buelang fatshe.+ 13  Hang ha Elia a le utlwa, a ikwahela sefahleho ka seaparo sa hae se kgethehileng+ mme a tswa a ema monyako wa lehaha. Lentswe leo la re ho yena: “Elia, o batlang moo?” 14  Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Modimo wa mabotho ka tjheseho. Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le wena,+ ba sentse dialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole, ke nna feela ya setseng. Le nna ba batla ho mpolaya.”+ 15  Jehova a re ho yena: “Kgutla, o ye lefeelleng la Damaseka. Ha o fihla moo, o tlotse Hazaele+ hore e be morena wa Siria. 16  O tlotse Jehu+ setloholo sa Nimshi hore e be morena wa Iseraele mme o tlotse Elisha* mora wa Shafate ya tswang Abele-mehola hore e be moprofeta ya tla o nkela sebaka.+ 17  Jehu o tla bolaya+ mang kapa mang ya phonyohang sabole ya Hazaele,+ Elisha a bolaye+ mang kapa mang ya phonyohang sabole ya Jehu. 18  Ho ntse ho ena le batho ba 7 000 ba setseng Iseraele+ ba sa kang ba kgumamela Baale+ le ho mo suna.”+ 19  Ha a tloha moo, a fumana Elisha mora wa Shafate a ntse a lema ka dipoho tse 24 tse pannweng ka bobedi ka pela hae, o ne a tsamaya le tse pedi tse qetellang. Elia a ya ho yena mme a lahlela seaparo sa hae se kgethehileng+ hodima hae. 20  Elisha a siya dipoho a mathela Elia mme a re ho yena: “Ke kopa ho ya suna Mme le Ntate. Ka mora moo ke tla o latela.” Elia a re ho yena: “Eya o kgutle hobane ha ke a o thibela.” 21  A kgutla a nka dipoho tse pedi ho tse pannweng yaba o etsa sehlabelo ka tsona mme a besa mollo ka dijoko tse neng di panne dipoho e le hore a phehe nama ya dipoho tseo. A e fa batho mme ba e ja. Ka mora moo a tsamaya, a latela Elia mme a mo sebeletsa.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Modimo ke Poloko.”