Buka ya Pele ya Marena 2:1-46

  • Davida o fa Solomone ditaelo (1-9)

  • Davida o a shwa, Solomone o a busa (10-12)

  • Leqheka la Adonija le etsa hore a bolawe (13-25)

  • Abiathare o a lelekwa, Joabe o a bolawa (26-35)

  • Shimei o a bolawa (36-46)

2  Ha Davida a le haufi le ho shwa, a fa mora wa hae Solomone ditaelo tsena:  “Ke haufi le ho shwa, ka hoo eba matla+ mme o be sebete jwalo ka monna.+  O mamele Jehova Modimo wa hao ka hore o tsamaye ditseleng tsa hae, o mamele ditaelo, melao le dikgopotso tsa hae jwalo ka ha di ngotswe Molaong wa Moshe.+ Ha o etsa jwalo, o tla atleha dinthong tsohle tseo o di etsang le hohle moo o yang teng.  Jehova o tla etsa seo a ntshepisitseng sona ha a ne a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka dula ba ntshepahalla ka dipelo tsohle tsa bona le ka moya*+ wohle wa bona, ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao* ya dutseng teroneng ya Iseraele.’+  Hape o tseba seo Joabe mora wa Tseruja a nkentseng sona le seo a se entseng balaodi ba babedi ba masole a Iseraele e leng Abnere+ mora wa Nere le Amasa+ mora wa Jethere. O ile a ba bolaya+ nakong eo ho neng ho ena le kgotso, a tshela lebanta la hae leo a neng a le tlamme thekeng le dieta* tsa hae ka madi.  O etse dintho ka bohlale mme o se ke wa mo tlohela hore a phele ho fihlela a tsofala empa o mo bolaye.*+  O be mosa* ho bara ba Barzilai+ wa Mogileade mme ba be hara batho ba jang tafoleng ya hao hobane ba ile ba ntshehetsa+ ha ke ne ke baleha abuti wa hao Absalome.+  O hopole le Shimei mora wa Gera wa Benjamine ya tswang Bahurime. Ke yena ya ileng a nthohaka+ ha ke ne ke ya Mahanaime.+ Empa ha a tla ho tla kopana le nna Jordane, ke ile ka ikana ho yena ka Jehova ka re: ‘Nke ke ka o bolaya ka sabole.’+  O mo fe kotlo+ hobane o monna ya bohlale mme o tseba seo o lokelang ho mo etsa sona. O mo bolaye.”*+ 10  Davida a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida.+ 11  Davida o busitse Iseraele ka dilemo tse 40, a busa Hebrone+ ka dilemo tse supileng mme Jerusalema yona ka dilemo tse 33.+ 12  Solomone a dula teroneng ya ntate wa hae Davida mme butlebutle mmuso wa hae wa eba matla.+ 13  Ha nako e ntse e ya, Adonija mora wa Hagithe a tla ho Bathe-sheba mme wa Solomone. Bathe-sheba a re: “Na o tlile ka kgotso?” Adonija a re: “Ke tlile ka kgotso.” 14  A boela a re: “Ho na le taba eo ke batlang ho e bua le wena.” Bathe-sheba a re: “Bua.” 15  Adonija a re: “O tseba hantle hore ke ne ke lokela ho ba morena mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore e be nna morena.+ Empa seo ha se a ka sa etsahala hobane Jehova o ile a kgetha ngwaneso hore e be yena morena.+ 16  Ke kopa ntho e le nngwe ho wena mme o se ke wa hana.” Bathe-sheba a re ho yena: “Bua.” 17  Adonija a re: “Ke kopa o bue le Morena Solomone hore a mphe Abishage+ wa Moshuneme hore e be mosadi wa ka ka ha wena o tla o mamela.” 18  Bathe-sheba a re: “Ho lokile, ke tla bua le morena.” 19  Bathe-sheba a ya ho Morena Solomone ho ya buella Adonija. Morena a ema ho ya kopana le yena mme a inama ka pela hae. A dula teroneng ya hae mme a re mme wa hae a behelwe terone e le hore a ka dula ka lehlakoreng la hae le letona. 20  Bathe-sheba a re: “Ho na le ntho e nyenyane eo ke e kopang ho wena mme o se ke wa hana.” Morena a re ho yena: “E kope, nke ke ka hana.” 21  A re: “Ere Abishage wa Moshuneme e be mosadi wa ngwaneno Adonija.” 22  Morena Solomone a re ho mme wa hae: “Ke hobaneng ha o kopa hore Abishage wa Moshuneme a fuwe Adonija? Ke hore o hle o mo kopele le borena+ hobane ke abuti wa ka+ mme o tshehetswa ke moprista Abiathare le Joabe+ mora wa Tseruja.”+ 23  Morena Solomone a hlapanya ka Jehova a re: “E se eka Modimo a ka mpha kotlo e boima haeba nke ke ka bolaya Adonija ka lebaka la kopo ena. 24  Adonija o tla bolawa+ kajeno, ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang, ya mpehileng teroneng ya ntate wa ka Davida le ya tiisitseng puso ya ka+ mme a nkahela ntlo*+ feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse.” 25  Ka potlako Morena Solomone a romela Benaia+ mora wa Jehojada hore a yo bolaya Adonija. 26  Morena a re ho moprista Abiathare:+ “Eya masimong a hao a Anathothe.+ O lokela ho shwa empa kajeno nke ke ka o bolaya hobane o ile wa jara Areka ya Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ha o ne o ena le ntate wa ka Davida+ hape o ile wa tshehetsa ntate wa ka mathateng ohle a hae.”+ 27  Solomone a tlosa Abiathare hore a se ke a hlola a sebeletsa e le moprista wa Jehova, ho phethahatsa mantswe ao Jehova a ileng a a bua Shilo+ ka ntlo ya Eli.+ 28  Ha Joabe a utlwa ditaba tsena, a balehela tenteng ya Jehova+ mme a tshwara manaka a aletare hobane o ile a thusa Adonija+ eseng Absalome.+ 29  Morena Solomone a bolellwa sena: “Joabe o balehetse tenteng ya Jehova mme o pela aletare.” Solomone a romela Benaia mora wa Jehojada a re: “Tsamaya o yo mo bolaya!” 30  Benaia a ya tenteng ya Jehova mme a re ho Joabe: “Morena o re o tlohe mona.” Empa Joabe a re: “Tjhe, ke tla shwella mona.” Benaia a isa molaetsa oo ho morena a re: “Joabe o nkarabile tjena.” 31  Morena a re ho yena: “Etsa seo a se buileng, o mo bolaye mme o mo pate. O se ke wa dumella hore nna le lelapa la ntate re ikarabelle bakeng sa batho ba se nang molato bao Joabe a ba bolaileng.+ 32  Jehova o tla etsa hore a ikarabelle bakeng sa lefu la hae hobane o bolaile banna ba babedi ba neng ba lokile ho mo feta, ntate wa ka Davida a sa tsebe. O bolaile Abnere+ mora wa Nere molaodi wa masole a Iseraele+ le Amasa+ mora wa Jethere molaodi wa masole a Juda.+ 33  Joabe le bana* ba hae ba tla ikarabella ka ho sa feleng bakeng sa lefu la bona.+ Empa e se eka Jehova a ka etsa hore ho be le kgotso bakeng sa bana* ba Davida, ntlo ya hae le terone ya hae ka ho sa feleng.” 34  Benaia mora wa Jehojada a tsamaya mme a bolaya Joabe yaba o patelwa ntlong ya hae lefeelleng. 35  Morena a kgetha Benaia+ mora wa Jehojada hore e be yena molaodi wa masole sebakeng sa Joabe, a boela a kgetha moprista Tsadoke+ sebakeng sa Abiathare. 36  Morena a bitsa Shimei+ mme a re ho yena: “Ikahele ntlo Jerusalema mme o dule moo. O se ke wa tloha moo mme wa ya sebakeng le ha e le sefe. 37  Letsatsing leo ka lona o tlohang moo mme o tshela Kgohlo ya Kidrone,+ o tsebe hore o tla shwa. O tla ikarabella bakeng sa lefu la hao.” 38  Shimei a re ho morena: “Ntho eo o e buileng e a utlwahala. Ke tla etsa feela jwalo ka ha o buile morena.” Shimei a dula Jerusalema nako e telele. 39  Empa qetellong ya dilemo tse tharo, makgoba a mabedi a Shimei a balehela ho Akishe+ mora wa Maaka morena wa Gathe. Ha Shimei a tlalehelwa hore makgoba a hae a Gathe, 40  a qhaneha tonki ya hae a ya ho Akishe ho ya batla makgoba a hae. Ha a kgutla Gathe le makgoba a hae, 41  Solomone a bolellwa sena: “Shimei o ne a tswile Jerusalema a ile Gathe ebile o se a kgutlile.” 42  Morena a re ho bitswe Shimei yaba o re ho yena: “Na ha ke a etsa hore o hlapanye ka Jehova ka ba ka o lemosa ka re: ‘Letsatsing leo ka lona o tlohang mona ho ya sebakeng le ha e le sefe, o tsebe hore o tla shwa’? Na ha o a ka wa re ho nna, ‘Ntho eo o e buileng e a utlwahala, ke tla etsa jwalo’?+ 43  Ke hobaneng ha o sa tshepahalla kano eo o e entseng ka pela Jehova le taelo eo ke o fileng yona?” 44  Morena a re ho Shimei: “O tseba hantle dintho tsohle tse bohloko tseo o di entseng ntate wa ka Davida+ mme Jehova o tla etsa hore o ikarabelle ka tsona.+ 45  Le ha ho le jwalo Jehova o tla hlohonolofatsa Morena Solomone,+ a be a etse hore terone ya Davida e eme e tiile ka ho sa feleng.” 46  Morena a laela Benaia mora wa Jehojada hore a yo mo bolaya.+ Mmuso wa Solomone wa tiiswa ka thata.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ho ke ke ha tloswa monna ho wena.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Ka Seheberu: “o se ke wa dumella moriri wa hae o moputswa hore o theohele Sheole ka kgotso.” Sheba Tlhaloso ya Sheole.
Kapa: “O be le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “O theolele moriri wa hae o moputswa Sheole ka madi.” Sheba Tlhaloso ya Sheole.
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “ditloholo.”
Kapa: “ditloholo.”