Buka ya Pele ya Marena 20:1-43

  • Basiria ba lwantsha Akabe (1-12)

  • Akabe o hlola Basiria (13-34)

  • Boprofeta ba se tla etsahala ka Akabe (35-43)

20  Morena Ben-hadade+ wa Siria+ a bokella masole ohle a hae, marena a 32, masole a ona, dipere tsa ona le dikariki tsa ntwa. A fihla Samaria+ a e thibella+ yaba o a e lwantsha.  A romela baromuwa ho Morena Akabe+ wa Iseraele hore ba re ho yena: “Ben-hadade o re,  ‘Silevera ya hao le kgauta ya hao ke tsa ka ha mmoho le basadi ba hao ba batle ka ho fetisisa le bara ba hao.’”  Morena wa Iseraele a araba a re: “Morenaka, ke mohlanka wa hao mme dintho tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao ho ya ka seo o se buileng.”+  Ha morao baromuwa ba kgutla mme ba re: “Ben-hadade o re, ‘Ke rometse molaetsa ho wena ka re: “O mphe silevera, kgauta, basadi le bara ba hao.”  Empa hosane ka nako ena ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tla batlisisa ka tlung ya hao le ka matlung a bahlanka ba hao mme ba tla nka dintho tsohle tsa hao tsa bohlokwa.’”  Morena wa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha mme a re: “Ke kopa le hlokomele hore monna enwa o ikemiseditse ho re bakela mathata ka ha o batlile basadi, bara, silevera le kgauta ya ka mme ha ke a hana.”  Baholo bohle le batho bohle ba re: “O se ke wa dumela ho etsa seo a reng o se etse.”  Akabe a re ho baromuwa ba Ben-hadade: “Ereng ho morenaka, ‘Dintho tsohle tseo o di batlileng ka lekgetlo la pele ke tla o fa tsona empa ntho ena yona nke ke ka e etsa.’” Baromuwa ba isa molaetsa. 10  Ben-hadade a romela molaetsa ho Akabe a re: “Ke tla fedisa Samaria ka masole a ka a mangata ho fihlela ho se na letho le setseng. E se eka medimo e ka mpha kotlo e boima haeba ke sa etse jwalo.” 11  Morena wa Iseraele a re: “Ereng ho yena, ‘O se ke wa ithorisa pele ntwa e qala jwalo ka ha eka o se o ntse o e hlotse.’”+ 12  Ben-hadade o ne a le ditenteng* a ntse a nwa le marena a mang. Ha a utlwa karabo ena a re ho bahlanka ba hae: “Itokisetseng ho hlasela!” Ba itokisetsa ho hlasela motse. 13  Empa moprofeta e mong a tla ho Morena Akabe+ wa Iseraele a re: “Jehova o re, ‘Na o bone sehlopha see se seholo sa masole? Kajeno ke tla o thusa hore o se hlole mme o tla tseba hore ke nna Jehova.’”+ 14  Akabe a re: “O tla sebedisa mang?” Moprofeta eo a re: “Jehova o re, ‘Ke tla sebedisa bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse.’” Akabe a re: “Ke mang ya tla qala ntwa?” Moprofeta eo a re: “Ke wena!” 15  Akabe a bala bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse, ba ne ba le 232. Ka mora moo, a bala banna bohle ba Baiseraele mme ba ne ba le 7 000. 16  Ba tswa motshehare ha Ben-hadade le marena a 32 a neng a mo thusa ba le ka ditenteng* ba ntse ba nwa mme ba tahilwe. 17  Ha bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse ba tswile motseng, Ben-hadade a romela batho hore ba yo sheba hore na ho etsahalang. Ba re ho yena: “Ho na le banna ba tlileng ba tswang Samaria.” 18  A re: “Ba tshwareng ba phela, ebang ba tlile ho tla bopa kgotso kapa ho tla lwana.” 19  Empa ha bahlanka ba dikgosana tsa diprofinse le masole a neng a ba latela ba tswa motseng, 20  ba bolaya dira tsa bona. Basiria ba baleha+ yaba Baiseraele ba a ba lelekisa le Morena Ben-hadade wa Siria a baleha a palame pere le banna ba bang ba neng ba palame dipere. 21  Empa morena wa Iseraele a ya ntweng mme a nna a hlasela bapalami ba dipere le dikariki tsa ntwa. A bolaya* Basiria ba bangata. 22  Moprofeta+ a tla ho morena wa Iseraele mme a re ho yena: “Tsamaya o matlafatse masole a hao mme o nahane hore na o tla etsang+ hobane ha selemo se tlang se qala,* morena wa Siria o tlo o hlasela.”+ 23  Bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: “Modimo wa bona ke Modimo wa dithaba. Ke ka lebaka leo ba re hlotseng. Empa haeba re ba lwantshetsa sebakeng se se nang dithaba re tla ba hlola. 24  Hape o tlose marena ohle+ boemong ba ona mme o behe matona. 25  O bokelle masole a lekanang le a o lahlehetseng, dipere le dikariki tsa ntwa tse lekanang le tse o lahlehetseng. Ha re ba lwantshetsa sebakeng se se nang dithaba re tla ba hlola.” Morena wa Siria a mamela keletso ya bona mme a etsa feela jwalo. 26  Ha selemo se qala,* Ben-hadade a bokella Basiria mme ba nyolohela Afeke+ ho ya lwantsha Baiseraele. 27  Baiseraele le bona ba bokellwa mme ba fuwa dintho tseo ba di hlokang yaba ba a nyoloha ho ya kopana le bona. Ha Baiseraele ba hlomme ditente ka pela bona, ba ne ba le jwalo ka mehlape e mmedi e menyenyane ya dipodi, ha Basiria bona ba ne ba tletse naha yohle.+ 28  Mohlanka wa Modimo wa nnete a ya ho morena wa Iseraele a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ka ha Basiria ba itse Jehova ke Modimo wa dithaba ha se Modimo wa dibaka tse se nang dithaba, ke tla o thusa hore o hlole sehlopha sena se seholo sa masole+ mme o tla tseba hore ke nna Jehova.’”+ 29  Ba dula ditenteng ka matsatsi a supileng, ba bang ba le ka lehlakoreng lena ba bang ka ho lane yaba ka letsatsi la bosupa ba a lwantshana. Baiseraele ba bolaya masole a Basiria a 100 000 ka letsatsi le le leng. 30  Masole a mang a balehela motseng wa Afeke.+ Empa lerako la wela hodima a 27 000 a neng a setse. Ben-hadade le yena a balehela motseng mme a ipata ka kamoreng e ka harehare. 31  Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Re utlwile hore marena a Iseraele a mohau.* Re kopa o re dumelle hore re itlame thekeng ka masela a hwashang* mme re fase diropo hloohong re ye ho morena wa Iseraele. Mohlomong a ka o hauhela mme a se ke a o bolaya.”+ 32  Ba itlama thekeng ka masela a hwashang mme ba fasa diropo hloohong ba ya ho morena wa Iseraele ba re: “Mohlanka wa hao Ben-hadade o re o kopa hore o se ke wa mo bolaya.” Morena a re: “O ntse a phela? Ke ngwaneso.” 33  Banna bao ba nka seo e le pontsho ya hore ho na le ntho e ntle e tlo etsahala yaba ba dumellana le seo a se buileng ba re: “Ben-hadade ke ngwaneno.” Morena a re: “Mo lateng.” Ben-hadade a ya ho Akabe mme Akabe a mo palamisa kariki ya hae ya ntwa. 34  Ben-hadade a re ho yena: “Ke tla kgutlisa metse eo ntate wa ka a e nkileng ho ntate wa hao, o iketsetse dibaka tsa kgwebo* Damaseka feela jwalo ka ha ntate wa ka a di entse Samaria.” Akabe a re: “Ho ya ka tumellano* ena ke tla o dumella hore o tsamaye.” Ka lebaka leo a re a tsamaye. 35  Ho latela taelo ya Jehova, e mong wa bara ba baprofeta*+ a re ho motswalle wa hae: “Ke kopa o nkotle.” Empa monna eo a hana. 36  A re ho monna eo: “Ka ha ha o a mamela taelo ya Jehova, ha o tloha mona tau e tla o bolaya.” Ha a qeta ho tloha ho yena tau ya mo fumana yaba e a mo bolaya. 37  A kopana le monna e mong mme a re: “Ke kopa o nkotle.” Monna eo a mo otla mme a mo lematsa. 38  Moprofeta eo a tsamaya mme a emela morena Akabe tseleng. O ne a ikwahetse mahlong ka lesela. 39  Ha morena a feta a mo hweletsa a re: “Nna mohlanka wa hao ke ne ke ile ntweng. Lesole le leng la tswa moleng wa ntwa mme la tlisa monna e mong ho nna la re, ‘Hlokomela monna enwa. Haeba a ka baleha, o tla bolawa bakeng sa hae+ kapa o patale silevera ya boima bo ka etsang dikhilokramo tse 34.’* 40  Ha ke ntse ke etsa dintho tse ding, monna eo o ile a baleha.” Morena wa Iseraele a re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. O se o ikahlotse.” 41  Ka potlako a tlosa lesela leo a neng a ikwahetse mahlong ka lona mme morena wa Iseraele a hlokomela hore ke e mong wa baprofeta.+ 42  Moprofeta eo a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ka ha o tlohetse monna eo ke itseng o mo bolaye hore a balehe,+ o tla bolawa bakeng sa hae+ le batho ba hao ba tla bolawa bakeng sa batho ba hae.’”+ 43  Morena wa Iseraele a ya ha hae Samaria+ a utlwile bohloko a bile a nyahame.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “maphepheng.”
Kapa: “maphepheng.”
Kapa: “hlola.”
E leng nako ya selemo e latelang.
E leng nako ya selemo.
Kapa: “ke marena a lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “selekane.”
Kapa: “ikabele diterata.”
E ka nna yaba polelo “bara ba baprofeta” e bolela sekolo sa baprofeta kapa mokgatlo wa baprofeta.
Ka Seheberu: “talenta e le nngwe.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.