Buka ya Pele ya Marena 21:1-29

  • Akabe o batla ho nka serapa sa morara sa Nabothe (1-4)

  • Jezebele o etsa leqheka la hore Nabothe a bolawe (5-16)

  • Molaetsa oo Elia a o bolellang Akabe (17-26)

  • Akabe o a ikokobetsa (27-29)

21  Nabothe wa Mojezriele o ne a ena le serapa sa morara Jezriele+ pela ntlo ya Akabe morena wa Samaria.  Akabe a re ho Nabothe: “Mphe serapa sa hao sa morara e le hore ke leme meroho ho sona hobane se pela ntlo ya ka. Ke tla o fa serapa sa morara se setle ho se feta. Kapa haeba o batla o ka nthekisetsa sona.”  Empa Nabothe a re ho Akabe: “Ho hang nke ke ka o fa lefa la baholoholo ba ka hobane Jehova ha a dumelle seo.”+  Akabe a kgutlela ha hae a utlwile bohloko a bile a nyahame ka lebaka la seo Nabothe wa Mojezriele a se buileng ha a re: “Nke ke ka o fa lefa la baholoholo ba ka.” Akabe a paqama betheng a shebile leboteng a bile a hana le ho ja.  Mosadi wa hae Jezebele+ a ya ho yena a re: “Ke hobaneng ha o utlwile bohloko hakaale ebile o sa batle le ho ja?”  Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke itse Nabothe wa Mojezriele a nthekisetse serapa sa hae sa morara kapa haeba a batla ke mo fe serapa se seng sa morara empa o hanne.”  Mosadi wa hae Jezebele a re ho yena: “Na ha se wena ya busang Iseraele? Tsoha o je mme o thabe. Ke tla o fa serapa sa morara sa Nabothe wa Mojezriele.”+  A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tempa ka setempe sa morena+ mme a a romela ho baholo+ le bahlomphehi ba neng ba dula motseng wa Nabothe.  O ile a ngola tjena mangolong ao: “Laelang hore setjhaba se itime dijo mme le behe Nabothe ka pela setjhaba sohle. 10  Le behe banna ba babedi ba se nang thuso ka pela hae mme ba pake kgahlanong le yena+ ba re, ‘O rohakile Modimo le morena!’+ ebe le mo ntshetsa ka ntle ho motse le mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa.”+ 11  Banna ba motse, baholo le bahlomphehi ba neng ba dula motseng wa habo, ba etsa seo Jezebele a neng a se ngotse mangolong ao a a rometseng. 12  Ba laela hore ho itingwe dijo mme ba beha Nabothe ka pela setjhaba sohle. 13  Banna ba babedi ba se nang thuso ba tla ba dula ka pela hae mme ba fana ka bopaki ka pela setjhaba ba re: “Nabothe o rohakile Modimo le morena!”+ Ka mora moo, ba mo ntshetsa ka ntle ho motse mme ba mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa.+ 14  Ba romela molaetsa ho Jezebele ba re: “Nabothe o tlepeditswe ka majwe ho fihlela a shwa.”+ 15  Ha Jezebele a utlwa hore Nabothe o shwele, a re ho Akabe: “Tsamaya o yo nka serapa sa morara sa Nabothe wa Mojezriele+ seo a hanneng ho o rekisetsa sona hobane o shwele.” 16  Ha Akabe a utlwa hore Nabothe o shwele, a ya serapeng sa hae sa morara mme a se nka. 17  Empa Jehova a re ho Elia+ wa Motishba: 18  “Tsamaya o yo kopana le Akabe morena wa Iseraele ya Samaria.+ Ke yane o serapeng sa Nabothe sa morara o ilo se nka. 19  O re ho yena, ‘Jehova o re: “Na o bolaile motho+ ebile o nkile serapa sa hae?”’+ Hape o re ho yena, ‘Jehova o re: “Dintja di tla nwa madi a hao sebakeng seo di nweleng madi a Nabothe ho sona.”’”+ 20  Akabe a re ho Elia: “O mphumane sera sa ka!”+ Elia a re: “Ke o fumane. ‘Ka ha o ikemiseditse ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova,+ 21  ke o tlisetsa mathata. Ke tla o bolaya ke be ke bolaye le banna bohle* ba tswang lelapeng la hao,+ ho akarelletsa le motho ya se nang thuso le ya se nang matla Iseraele.+ 22  Ke tla etsa hore lelapa la hao le be jwalo ka lelapa la Jeroboame+ mora wa Nebate le lelapa la Basha+ mora wa Akija ka ha o nkgalefisitse mme o entse le hore Baiseraele ba etse sebe.’ 23  Hape Jehova o itse ka Jezebele: ‘Dintja di tla ja Jezebele tshimong ya Jezriele.+ 24  Mang kapa mang wa lelapa la Akabe ya shwellang motseng o tla jewa ke dintja mme mang kapa mang ya shwellang tshimong o tla jewa ke dinonyana.+ 25  Ha ho eso ka ho eba le motho ya ikemiseditseng ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka Akabe+ ya susumetswang ke mosadi wa hae Jezebele.+ 26  O entse ntho e nyonyehang ka ho fetisisa ka hore a rapele ditshwantsho tse nyonyehang* feela jwalo ka Baamore bohle bao Jehova a ileng a ba leleka ho Baiseraele.’”+ 27  Ha Akabe a utlwa mantswe ana, a tabola diaparo tsa hae mme a apara lesela le hwashang.* O ne a itima dijo, a robala a apere lesela leo a bile a tsamaya a nyahame. 28  Jehova a re ho Elia wa Motishba: 29  “Na o bone hore Akabe o ikokobeditse ka lebaka la seo ke se buileng?+ Ka ha o ikokobeleditse nna, nke ke ka tlisa mathata lelapeng la hae ha a ntse a phela. Ke tla a tlisa ha ho busa mora wa hae.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.