Buka ya Pele ya Marena 3:1-28

  • Solomone o nyala moradi wa Faro (1-3)

  • Jehova o hlaha ho Solomone ka toro (4-15)

    • Solomone o kopa bohlale (7-9)

  • Solomone o ahlola pakeng tsa basadi ba babedi (16-28)

3  Solomone a etsa selekane sa lenyalo le Faro morena wa Egepeta. A nyala moradi wa Faro+ mme a mo tlisa Motseng wa Davida+ ho fihlela a qetile ho haha ntlo ya hae,+ ntlo ya Jehova+ le lerako le potolohang Jerusalema.+  Setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tse phahameng+ hobane ka nako eo ho ne ho eso hahwe ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova.+  Solomone a bontsha hore o rata Jehova ka hore a latele melao ya ntate wa hae Davida, le hoja a ne a etsa mahlabelo ebile a tjhesa dinyehelo dibakeng tse phahameng.+  Morena Solomone a ya Gibeone ho ya etsa mahlabelo ka ha e ne e le sona sebaka se phahameng ka ho fetisisa.+ O ile a fana ka mahlabelo a setjheso a 1 000 aletareng eo.+  Ha Solomone a le Gibeone, Jehova a hlaha ho yena torong bosiu a re: “Mpolelle hore na o batla ke o fe eng.”+  Solomone a re: “O ile wa bontsha mohlanka wa hao e leng ntate wa ka Davida hore o mo rata haholo* hobane o ile a tsamaya ditseleng tsa hao ka botshepehi le ka ho loka. O ntse o mo bontsha lerato lena le leholo le kajeno ka hore ebe o ile wa mo fa mora hore a dule teroneng ya hae.+  Jehova Modimo wa ka, o nkentse morena sebakeng sa ntate wa ka Davida le hoja ke sa le motjha* ebile ke se na boiphihlelo.*+  Mohlanka wa hao o busa setjhaba seo o se kgethileng,+ ke setjhaba se seholo hoo se ke keng sa balwa.  Ka hoo, nthuse hore ke mamele ho tswa pelong e le hore ke kgone ho ahlola setjhaba sa hao+ le ho lemoha pakeng tsa se setle le se sebe+ ka ha ha ho motho ya ka kgonang ho ahlola setjhaba sena sa hao se seholo.”* 10  Jehova a thabela kopo eo ya Solomone.+ 11  A re ho Solomone: “Ka ha ha o a kopa ho phela nako e telele,* ho ba morui kapa hore dira tsa hao di shwe empa o kopile kutlwisiso hore o kgone ho ahlola dinyewe,+ 12  ke tla o fa seo o se kopileng.+ Ke tla o fa bohlale le kutlwisiso+ tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona kapa ya tla ke a be le tsona.+ 13  Ke tla o fa le dintho tseo o sa di kopang+ e leng maruo le kganya+ e le hore ho se ke ha eba le morena le ya mong ya tshwanang le wena mehleng ya hao.*+ 14  Haeba o tsamaya ditseleng tsa ka ka hore o mamele melao ya ka le ditaelo tsa ka, feela jwalo ka ntate wa hao Davida,+ ke tla etsa hore o phele nako e telele.”*+ 15  Ha Solomone a tsoha, a hlokomela hore e ne e le toro. A ya Jerusalema a ema ka pela areka ya selekane ya Jehova mme a nyehela mahlabelo a setjheso le dinyehelo tse kopanetsweng+ yaba o etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete. 16  Basadi ba babedi ba matekatse ba tla ho morena mme ba ema ka pela hae. 17  Mosadi wa pele a re: “Morenaka, nna le mosadi enwa re dula ka tlung e le nngwe mme ke ile ka ba le ngwana a ntse a le teng ka tlung. 18  Ka mora matsatsi a mararo ngwana wa ka a hlahile, mosadi enwa le yena a ba le ngwana. Re ne re le babedi feela ka tlung. 19  Bosiu mora wa mosadi enwa o ile a shwa hobane o ne a robetse hodima hae. 20  A tsoha hara bosiu yaba o nka mora wa ka a robetse pela ka ha ke ntse ke robetse mme a mo beha sefubeng sa hae yaba o beha mora wa hae ya shweleng sefubeng sa ka. 21  Ha ke re ke nyantsha ngwana hoseng, ka hlokomela hore o shwele. Ka mo hlahlobisisa mme ka bona hore ha se mora wa ka.” 22  Empa mosadi wa bobedi a re: “Tjhe, mora ya phelang ke wa ka, ya shweleng ke wa hao!” Mosadi wa pele a re: “Tjhe, mora ya shweleng ke wa hao, ya phelang ke wa ka.” Ke ka mokgwa oo ba neng ba phehisana ka teng ka pela morena. 23  Qetellong morena a re: “Enwa o re, ‘Mora ya phelang ke wa ka mme ya shweleng ke wa hao!’ mme e mong o re, ‘Tjhe, mora ya shweleng ke wa hao mme ya phelang ke wa ka!’” 24  Morena a re: “Ntlisetseng sabole.” Ba mo tlisetsa yona. 25  Morena a re: “Arolang ngwana ya phelang dikoto tse pedi mme le fe mosadi e mong halofo e nngwe le e mong halofo e nngwe.” 26  Mme wa lesea le phelang a hauhela mora wa hae, hanghang a kopa morena a re: “Morenaka, ke kopa o mo fe ngwana ya phelang! O se ke wa mo bolaya!” Empa mosadi wa bobedi o ne a ntse a re: “E ke ke ya eba wa ka kapa wa hao! Ere ba mo arole!” 27  Morena a re: “Fang mosadi wa pele ngwana ya phelang! Le se ke la bolaya ngwana eo hobane ke yena mme wa hae.” 28  Baiseraele bohle ba utlwa ka kahlolo eo morena a neng a fane ka yona. Ba ile ba mo hlompha*+ hobane ba ne ba bona hore Modimo o mo file bohlale ba ho ahlola ka toka.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “o mo rata ka lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moshanyana.”
Ka Seheberu: “ha ke tsebe ho tswa le ho kena.”
Kapa mohlomong: “thata.” Ka Seheberu: “boima.”
Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”
Ka Seheberu: “ka matsatsi ohle a hao.”
Ka Seheberu: “lelefatsa matsatsi a hao.”
Ka Seheberu: “tshaba.”