Buka ya Pele ya Marena 4:1-34

  • Puso ya Solomone (1-19)

  • Puso ya Solomone e a atleha (20-28)

    • Tshireletseho tlasa sefate sa morara le sa feie (25)

  • Bohlale ba Solomone le maele a hae (29-34)

4  Morena Solomone o ne a busa naha yohle ya Iseraele.+  Bana e ne e le balaodi ba hae ba phahameng:* Azaria mora wa Tsadoke+ e ne e le moprista,  bara ba Shisha e leng Elihorefele le Akija e ne e le bangodi,+ Josafate+ mora wa Akilude e le motlalehi.  Benaia+ mora wa Jehojada e ne e le molaodi wa masole mme Tsadoke le Abiathare+ e le baprista.  Azaria mora wa Nathane+ e ne e le molaodi wa matona, Zabude mora wa Nathane e le moprista ebile e le motswalle wa morena.+  Akishare o ne a hlokometse lelapa la morena mme Adonirame+ mora wa Abda e le molaodi wa ba neng ba bitseditswe ho tla sebeletsa morena.+  Solomone o ne a ena le matona a 12 Iseraele yohle, a neng a fa morena le ba lelapa la hae dijo. Letona le leng le le leng le ne le fana ka dijo kgwedi e le nngwe selemong.+  Ana ke mabitso a matona ao: Mora wa Hure e ne e le molaodi wa sebaka se dithaba sa Efraime.  Mora wa Dekere e le molaodi wa Makaze, Shalbime,+ Bethe-shemeshe le Elone-bethe-hanane. 10  Mora wa Hesede e le molaodi wa Arubothe (hape e le molaodi wa Soko le naha yohle ya Hefere). 11  Mora wa Abinadabe e le molaodi wa maralla ohle a Dore (o ile a nyala Tafathe moradi wa Solomone). 12  Baana mora wa Akilude e le molaodi wa Tanake, Megido+ le Bethe-sheane+ e pela Zarthane tlasa Jezriele, ho tloha Bethe-sheane ho ya Abele-mehola le ho ya fihla Jokmeame.+ 13  Mora wa Gebere e le molaodi wa Ramothe-gileade+ (le Gileade+ metsaneng ya ditente ya Jaire+ mora wa Manase le Argobe+ e Bashane:+ Metse e 60 e meholo e nang le marako le dikeiti tse entsweng ka koporo). 14  Akinadabe mora wa Ido e le molaodi wa Mahanaime.+ 15  Akimaze e le molaodi wa Nefthali (o ile a nyala Basmathe e leng e mong wa baradi ba Solomone). 16  Baana mora wa Hushai e le molaodi wa Ashere le Bealothe. 17  Josafate mora wa Parua e le molaodi wa Isakare. 18  Shimei+ mora wa Ela e le molaodi wa Benjamine.+ 19  Gebere mora wa Uri e le molaodi naheng ya Gileade+ e leng naha ya Sihone+ morena wa Baamore le ya Oge+ morena wa Bashane. Ho ne ho boetse ho ena le letona leo matona ana a neng a ikarabella ho lona. 20  Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata jwalo ka lehlabathe le pela lewatle.+ Ba ne ba ja, ba nwa ebile ba thabile.+ 21  Solomone o ne a laola mebuso yohle ho tloha Nokeng*+ ho ya naheng ya Bafilista le ho ya fihla moeding wa Egepeta. Mebuso eo e ne e patala lekgetho* mme e ile ya sebeletsa Solomone bophelo bohle ba hae.+ 22  Dijo tsa Solomone tsa letsatsi le leng le le leng e ne e le dilithara tse 6 600* tsa phofo e sitsweng hantle le dilithara tse 13 200* tsa phofo, 23  dikgomo tse nonneng tse leshome, dikgomo tse 20 tse fudisitsweng le dinku tse 100, ntle ho dikgama, ditshephe, matsa le mauwaneng* a nonneng. 24  O ne a laola ntho e nngwe le e nngwe e ka lehlakoreng lena la Noka,*+ ho tloha Tifsa ho ya Gaza,+ ho akarelletsa le marena ohle a ka lehlakoreng lena la Noka mme o ne a phedisana ka kgotso le marena a dinaha tseo le dinaha tse mo potolohileng.+ 25  Nakong eo Solomone a neng a busa, Bajuda le Baiseraele ba ne ba dula ba sireletsehile. E mong le e mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feie,* ho tloha Dane ho ya Beersheba. 26  Solomone o ne a ena le ditala* tsa dipere tse 4 000* le dipere tse hulang dikariki tsa ntwa tse* 12 000.+ 27  Matona ana a ne a tlisetsa Morena Solomone dijo le batho bohle ba neng ba ja le yena tafoleng ya hae. Letona le leng le le leng le ne le tlisa dijo ka kgwedi ya lona mme le etsa bonnete ba hore ha ho na letho le haellang.+ 28  Matona ana a ne a boetse a isa harese le jwang hohle moo dipere tse hulang dikariki tsa ntwa le dipere tse ding di leng hona teng, ho ya ka moo a neng a abetswe ka teng. 29  Modimo a fa Solomone bohlale, temohisiso le kutlwisiso ka bongata bo kang ba lehlabathe le lebopong la lewatle.+ 30  Solomone o ne a le bohlale ho feta batho bohle ba Botjhabela le batho bohle ba Egepeta.+ 31  O ne a le bohlale ho feta motho le ha e le ofe, a le bohlale le ho feta Ethane+ wa Moezra, Hemane,+ bara ba Mahole e leng Kalkole+ le Darda. O ile a tuma ditjhabeng tsohle tse haufi.+ 32  O ile a ngola* maele a 3 000+ a ba a qapa le dipina+ tse 1 005. 33  O ne a kgona ho hlalosa difate, ho tloha ka kedare e Lebanone ho ya ho hisopa+ e melang lerakong le diphoofolo,+ dinonyana,*+ dintho tse hahabang*+ le ditlhapi. 34  Batho ba ne ba tla ho tswa ditjhabeng tsohle ho tla utlwa bohlale ba Solomone, ho akarelletsa le marena a tswang lefatsheng lohle a neng a utlwile ka bohlale ba hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “dikgosana tsa hae.”
Kapa: “dimpho.”
E leng ya Eufrate.
Ka Seheberu: “dikore tse 30.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dikore tse 60.”
Ke mofuta wa nonyana.
E leng ka bophirima ho Eufrate.
Kapa: “feiga.”
Sebaka seo dipere di robalang ho sona.
Palo ena e teng le dibukeng tse ding tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho le ditemaneng tse ding tse tshwanang le ena. Dibuka tse ding tsa kgale tse ngotsweng ka letsoho di re ke 40 000.
Kapa: “bapalami ba dipere ba.”
Kapa: “a bua.”
Kapa: “dibopuwa tse fofang.”
Mohlomong di akarelletsa dihahabi le dikokwanyana.