Buka ya Pele ya Marena 6:1-38

  • Solomone o haha tempele (1-38)

    • Kamore e ka harehare (19-22)

    • Dikerubime (23-28)

    • Mekgabiso, menyako, lebala le ka hare (29-36)

    • Tempele e qetile ho hahwa ka dilemo tse ka bang tse supileng (37, 38)

6  Ka kgwedi ya Zive*+ (e leng kgwedi ya bobedi) Solomone a hahela Jehova* ntlo+ ka selemo sa bo480 ka mora hore Baiseraele* ba tswe naheng ya Egepeta,+ ha a ena le dilemo tse nne e le morena wa Iseraele.  Ntlo eo Morena Solomone a ileng a e hahela Jehova e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang 27,* bophara ba dimithara tse ka bang robong* le bophahamo ba dimithara tse ka bang 13.*+  Foranta+ e ka pela tempele* e ne e le bolelele* ba dimithara tse ka bang robong,* e lekana le bophara ba ntlo. E le botebo ba dimithara tse ka bang nne* ho tloha ka pela ntlo.  A etsetsa ntlo difensetere tse kgolo ka hare empa ka ntle di le nyenyane.+  Hape a haha lerako pela lebota la ntlo, le neng le potoloha Sehalalelo* le Sehalaledisiso.*+ A boela a etsa dikamore ka hara lerako leo.+  Kamore e ka tlasetlase e ne e le bophara ba dimithara tse ka bang pedi,* e mahareng e le bophara ba dimithara tse ka bang tharo* mme e ka hodimo e le bophara ba dimithara tse ka bang tharo.* A etsa mabota ho potoloha ntlo, e le hore ho se ke ha eba le letho le itshwarellang marakong a ntlo.+  Ntlo eo e ile ya hahwa ka majwe a kwari a seng a ntse a betlilwe,+ e le hore ho se ke ha utlwahala dihamore, dilepe kapa dithulusi tsa tshepe ha ho ntse ho hahwa.  Monyako wa kamore e ka tlasetlase o ne o le lehlakoreng le ka borwa* la ntlo+ mme ho ne ho ena le ditepisi tse isang mokatong o mahareng le ho tloha mokatong o mahareng ho ya mokatong o ka hodimo.  A haha ntlo mme a e qeta+ yaba o e rulela ka dipalo tsa kedare le ka mapolanka a kedare a entseng mola.+ 10  A haha dikamore mahlakoreng ohle a ntlo,+ kamore e nngwe le e nngwe e le bophahamo ba dimithara tse ka bang pedi,* di kopantswe le ntlo ka difate tsa kedare. 11  Jehova a bua le Solomone a re: 12  “Haeba o mamela melao ya ka,+ le nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka eo ke e etseditseng ntate wa hao Davida mabapi le ntlo ena eo o e hahang,+ 13  ke tla dula hara Baiseraele+ mme nke ke ka tlohela setjhaba sa ka sa Iseraele.”+ 14  Solomone a tswela pele ho haha ntlo e le hore a e qete. 15  A haha mabota a ka hare a ntlo ka mapolanka a kedare. A kenya mapolanka ho tloha fatshe, maboteng le marulelong yaba o boela o kenya mapolanka a junipere+ fatshe. 16  A haha le karolo e ka morao ya ntlo ka mapolanka a kedare ho tloha fatshe ho ya marulelong, e ne e le dimithara tse ka bang robong* mme ka hara yona* a haha kamore e ka harehare e leng Sehalaledisiso.+ 17  Tempele*+ e leng karolo e ka pele ya ntlo e ne e le dimithara tse ka bang 18.* 18  Mapolanka a kedare a ka hara ntlo a ne a kgabisitswe ka mohope+ le dipalesa tse thuntseng.+ Hohle e ne e le kedare, ho se lejwe le bonahalang. 19  A lokisa kamore e ka harehare+ ya ntlo hore a behe areka ya selekane ya Jehova moo.+ 20  Kamore e ka harehare e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang robong,* bophara ba dimithara tse ka bang robong* le bophahamo ba dimithara tse ka bang robong,*+ a e kwahela ka kgauta e hlwekileng mme aletare+ a e kwahela ka mapolanka a kedare. 21  Solomone a kwahela karolo e ka hare ya ntlo ka kgauta e hlwekileng+ mme a beha diketane tsa kgauta ka pela kamore e ka harehare+ e neng e kwahetswe ka kgauta. 22  A kwahela ntlo yohle ka kgauta. A boela a kwahela aletare+ yohle e neng e le pela kamore e ka harehare ka kgauta. 23  Kamoreng e ka harehare a etsa dikerubime+ tse pedi ka sefate sa phaena,* kerubime e nngwe le e nngwe e le bophahamo ba dimithara tse ka bang nne.*+ 24  Lepheo le le leng la kerubime e ne e le dimithara tse ka bang pedi.* Ho tloha ntlheng ya lepheo le leng ho ya ntlheng ya le leng e le dimithara tse ka bang nne.* 25  Kerubime ya bobedi e ne e le dimithara tse ka bang nne.* Dikerubime tseo ka bobedi di ne di lekana ebile di tshwana. 26  Bophahamo ba kerubime ka nngwe e ne e le dimithara tse ka bang nne.* 27  A beha dikerubime+ ka kamoreng e ka harehare.* Mapheo a dikerubime a ne a otlolohile mme lepheo la kerubime e nngwe le thetsa lebota le lepheo la kerubime e nngwe le thetsa lebota le leng. Mapheo a tsona a ne a otlolohile ho ya fihla bohareng ba ntlo mme a ne a thetsana. 28  Yaba o kwahela dikerubime tseo ka kgauta. 29  A kgabisa mabota ohle a ntlo ho potoloha dikamore tse ka hare le ka ntle ka ditshwantsho tsa dikerubime,+ tsa difate tsa palema+ le dipalesa tse thuntseng.+ 30  Dikamoreng tse ka hare le tse ka ntle a kwahela fatshe ka kgauta. 31  A etsetsa monyako wa kamore e ka harehare mamati ka difate tsa phaena, dipilara tse lehlakoreng le dikosene tsa menyako e le karolo ya bohlano.* 32  Mamati a mabedi a difate tsa phaena o ne a a kgabisitse ka dikerubime, difate tsa palema le dipalesa tse thuntseng mme a a kwahela ka kgauta. A kokotela kgauta hodima dikerubime le difate tsa palema. 33  O ile a etsa ka tsela e tshwanang bakeng sa dikosene tsa mamati a difate tsa phaena a monyako wa tempele,* eo e neng e le karolo ya bone.* 34  A etsa mamati a mabedi ka difate tsa junipere. Mamati ao ka bobedi a ne a kgona ho bulehela ka ntle le ka hare.+ 35  A kgabisa mamati ka dikerubime, difate tsa palema le dipalesa tse thuntseng yaba o a kwahela ka kgauta. 36  Ho etsa lebala le ka hare,+ a haha mela e meraro e yang hodimo ka lejwe le betlilweng le mola o le mong ka mapolanka a kedare.+ 37  Ka selemo sa bone kgweding ya Zive,* ha etswa motheo wa ntlo ya Jehova.+ 38  Ka selemo sa bo11 kgweding ya Bule* (e leng kgwedi ya borobedi), ntlo e ne e qetile ho hahwa ho latela polane ya yona.+ Solomone o nkile dilemo tse supileng ho e haha.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 60.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”
Kapa: “bophara.”
Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
Ka Seheberu: “tempele ya ntlo.”
Ka Seheberu: “tempele.”
Ka Seheberu: “kamore e ka harehare.”
Ka Seheberu: “ditswe tse supileng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse tsheletseng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”
Ka Seheberu: “le letona.”
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”
E leng ka hara ntlo.
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
E leng Sehalalelo se neng se le ka pela Sehalaledisiso.
Ka Seheberu: “ditswe tse 40.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”
Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”
Ka Seheberu: “sefate sa oli,” mohlomong phaena ya Alepo.
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”
Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”
Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”
Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”
E leng Sehalaledisiso.
Mohlomong ho buuwa ka ho etsa kosene ya lemati kapa boholo ba lemati.
Mona ho buuwa ka Sehalalelo.
Mohlomong ho buuwa ka ho etsa kosene ya lemati kapa boholo ba lemati.