Buka ya Pele ya Marena 9:1-28

  • Jehova o hlaha ho Solomone hape (1-9)

  • Solomone o fa Morena Hirame mpho (10-14)

  • Mesebetsi e fapaneng ya Solomone (15-28)

9  Hang ha Solomone a qetile ho haha ntlo ya Jehova, ntlo ya morena*+ le dintho tsohle tseo a neng a batla ho di haha,+  Jehova a hlaha ho Solomone ka lekgetlo la bobedi feela jwalo ka ha a ile a hlaha ho yena Gibeone.+  Jehova a re ho yena: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo eo o e entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena eo o e hahileng ka hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla dula di le moo.+  Haeba o dula o ntshepahalla jwalo ka ntate wa hao Davida+ mme o etsa dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona+ le ho mamela melao ya ka,+  ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao Iseraele ka ho sa feleng feela jwalo ka ha ke tshepisitse ntate wa hao Davida ka re, ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao ya dutseng teroneng ya Iseraele.’+  Empa haeba wena le bara ba hao le tlohela ho ntatela, le sa mamele melao ya ka le ditaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona mme le yo sebeletsa medimo e meng ebile le e inamela,+  ke tla fedisa Baiseraele hohle naheng eo ke ba fileng yona,+ ke tlose ntlo eo ke e halaleditseng bakeng sa lebitso la ka+ mme Baiseraele ba tla makallwa ba be ba tshehwe* ke batho bohle.+  Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ya fetang o tla e makalla, a letse molodi a re, ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+  Ba tla re, ‘Ke hobane ba lahlile Jehova Modimo wa bona ya ntshitseng baholoholo ba bona naheng ya Egepeta yaba ba sebeletsa medimo e meng le ho e inamela. Ke ka lebaka leo Jehova a ba tliseditseng tlokotsi ena.’”+ 10  Qetellong ya dilemo tse 20 tseo ka tsona Solomone a hahileng matlo a mabedi e leng ntlo ya Jehova le ntlo ya morena,*+ 11  Hirame+ morena wa Tire o ne a file Solomone difate tsa kedare le tsa junipere ha mmoho le kgauta eo a neng a e batla+ mme Morena Solomone o ile a fa Hirame metse e 20 naheng ya Galilea. 12  Hirame a tloha Tire ho ya sheba metse eo Solomone a neng a mo file yona empa o ne a sa e kgotsofalla.* 13  Hirame a re: “Ngwaneso, ke metse ya mofuta ofe ee eo o mphileng yona?” Metse eo ya bitswa Naha ya Kabule* ho fihlela letsatsing lena. 14  Hirame a romella morena kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 4 104.*+ 15  Ena ke tlaleho ya batho bao Morena Solomone a neng a ba bitseditse ho tla haha ntlo ya Jehova,+ ntlo* ya hae, Qubu,*+ lerako la Jerusalema, Hazore,+ Megido+ le Gezere.+ 16  (Faro morena wa Egepeta a hapa motse wa Gezere a ba a o tjhesa mme a bolaya Bakanana+ ba neng ba dula ho wona. A o fa moradi wa hae e leng mosadi wa Solomone e le mpho ya karohano.)*+ 17  Solomone a haha Gezere, Bethe-horone e ka Tlase,+ 18  Baalathe+ le Tamare lefeelleng, ka hara naha ya hae 19  ha mmoho le metse yohle ya Solomone ya polokelo, metse ya dikariki,+ metse ya bapalami ba dipere le ntho e nngwe le e nngwe eo Solomone a neng a batla ho e haha Jerusalema, Lebanone le metseng yohle eo a neng a e busa. 20  Batho bohle bao e seng karolo ya Baiseraele+ ba neng ba setse ho Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ 21  ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, tseo Baiseraele ba neng ba sa di fedisa, Morena Solomone o ile a di bitsa hore di etse mosebetsi o boima.* E ntse e le makgoba ho fihlela letsatsing lena.+ 22  Empa ha ho na Moiseraele eo Solomone a ileng a mo etsa lekgoba+ hobane e ne e le masole a hae, bahlanka, dikgosana, balaodi ba masole le balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa le bapalami ba dipere. 23  Ho ne ho ena le balaodi ba matona ba 550 ba hlokometseng mosebetsi wa Solomone ba bile ba etella pele batho ba sebetsang.+ 24  Moradi wa Faro+ a tloha Motseng wa Davida+ a ya ntlong ya hae eo Solomone a neng a mo hahetse yona yaba Solomone o haha Qubu.*+ 25  Hararo ka selemo+ Solomone o ne a etsa mahlabelo a setjheso le mahlabelo a kopanetsweng hodima aletare eo a neng a e hahetse Jehova.+ O ne a boetse a etsa sehlabelo se kubellang mosi hodima aletare e neng e le ka pela Jehova. O ile a qeta ho haha ntlo.+ 26  Morena Solomone a etsa dikepe tse ngata Ezione-gebere+ e haufi le Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu naheng ya Edomo.+ 27  Hirame a romela bahlanka ba hae ka dikepe tse ngata,+ bao e neng e le basesisi ba nang le boiphihlelo hore ba yo sebetsa le bahlanka ba Solomone. 28  Ba ya Ofire+ mme ba nka kgauta e boima ba dikhilokramo tse 14 364* moo yaba ba e tlisa ho Morena Solomone.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “makallwa e be maele.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “e ne e sa loka mahlong a hae.”
Kapa mohlomong: “Naha e se Nang Molemo.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 120.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”
Kapa: “mpho ya lenyalo.”
Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”
Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 420.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.