Buka ya Pele ya Samuele 11:1-15

  • Ho phatlalatswa hore Saule ke morena hape (12-15)

11  Nahashe morena wa Baamone+ a nyoloha ho ya lwantsha motse wa Jabeshe+ o Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane* le rona mme re tla o sebeletsa.”  Nahashe morena wa Baamone a re ho bona: “Ke tla etsa tumellano le lona haeba kaofela ha lona le ka dumela hore re le ntshe mahlo a lona a matona. Ke tla etsa sena hore ke tlotlolle Baiseraele kaofela.”  Baholo ba Jabeshe ba re ho yena: “Re fe matsatsi a supileng hore re tle re romele baromuwa naheng yohle ya Iseraele. Haeba ho se na motho ya re pholosang, re tla inehela ho wena.”  Ka mora nako baromuwa ba fihla Gibea+ moo Saule a neng a dula teng* mme ba bolella setjhaba mantswe ana yaba batho bohle ba lla ba hweleditse.  Saule o ne a tswa naheng a ntse a kganna mohlape yaba o re: “Molato keng ka setjhaba? Se llelang?” Ba mo bolella hore na banna ba Jabeshe ba itseng.  Moya wa Modimo wa fa Saule matla+ ha a utlwa ditaba tsena yaba o halefa haholo.  Ka hoo, a nka dipoho tse pedi yaba o di poma dikoto mme o roma baromuwa hore ba di ise naheng yohle ya Iseraele. Ba ne ba re: “Mang kapa mang ya sa lateleng Saule le Samuele, a lebelle hore ho tla etswa tjena ka dikgomo tsa hae.” Jehova a etsa hore batho ba tshohe hoo ba ileng ba dumellana ho ya ntweng.  A ba bala ha ba le Bezeke mme ho ne ho ena le Baiseraele ba 300 000 le banna ba Juda ba 30 000.  Ba re ho baromuwa ba neng ba tlile: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe e Gileade, ‘Hosane ha letsatsi le qala ho tjhesa, le tla pholoswa.’” Ka hoo, baromuwa ba tla mme ba bolella banna ba Jabeshe ditaba tseo yaba ba thaba haholo. 10  Banna ba Jabeshe ba re ho Baamone: “Hosane re tla inehela ho lona mme le ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo le e batlang ka rona.”+ 11  Letsatsing le hlahlamang Saule a arola batho ka dihlopha tse tharo. Hoseng* ba kena hara ditente tsa Baamone+ mme ba ba bolaya ho fihlela ha letsatsi le tjhesa. Ba ileng ba phonyoha ba hasana mme e mong le e mong wa bona a sala a le mong moo a leng teng. 12  Yaba setjhaba se re ho Samuele: “Ke bomang ba neng ba ntse ba re, ‘Na Saule e tlo ba morena wa rona?’+ Tlisang banna bao mona re tlo ba bolaya.” 13  Le ha ho le jwalo, Saule a re: “Ho se ke ha eba le motho ya bolawang letsatsing lena+ hobane kajeno Jehova o pholositse Baiseraele.” 14  Ha morao Samuele a re ho setjhaba: “A re yeng Gilgale+ re yo phatlalatsa hape hore Saule ke morena.”+ 15  Yaba setjhaba sohle se ya Gilgale, se etsa Saule morena ka pela Jehova moo. Sa etsa mahlabelo a kopanetsweng moo ka pela Jehova+ mme Saule le Baiseraele bohle ba keteka ba thabile haholo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tumellano.”
Ka Seheberu: “Gibea ya Saule.”
E leng hoo e ka bang pakeng tsa hora ya bobedi mesong ho ya ho ya botshelela hoseng.