Buka ya Pele ya Samuele 12:1-25

  • Mantswe a ho qetela a Samuele (1-25)

    • ‘Le se ke la latela dintho tse se nang thuso’ (21)

    • Jehova a ke ke a lahla batho ba hae (22)

12  Qetellong Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Ke entse* sohle seo le nkopileng sona mme ke le kgethetse morena ya tla le busa.+  Ke enwa morena ya tla le etella pele.*+ Ha e le nna ke se ke tsofetse ebile ke hlooho e putswa. Bara ba ka ba mona le lona+ mme ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela letsatsing lena.+  Ke nna enwa. Fanang ka bopaki kgahlanong le nna ka pela Jehova le ka pela motlotsuwa wa hae:+ Ke nkile poho kapa tonki ya mang?+ Kapa ke mang eo ke mo etseditseng bolotsana kapa eo ke mo hateletseng? Ke mang eo ke amohetseng tjotjo ho yena e le hore ke tle ke iphapanyetse seo a se entseng?+ Haeba ke entse dintho tsena, ke tla di kgutlisa.”+  Yaba ba re: “Ha o a ka wa re etsetsa bolotsana, wa re hatella kapa wa amohela tjotjo ho tswa ho motho le ha e le ofe.”  Ka hoo, a re ho bona: “Letsatsing lena, Jehova le motlotsuwa wa hae ke dipaki tsa hore ha le a fumana letho leo le ka nqosang ka lona.”* Yaba ba re: “E, Modimo ke paki.”  Samuele a re ho setjhaba: “Jehova ya ileng a kgetha Moshe le Arone le ya ntshitseng baholoholo ba lona naheng ya Egepeta,+ ke paki.  Emang mona mme ke tla le ahlola ka pela Jehova ka lebaka la dintho tsohle tse lokileng tseo Jehova a le etseditseng tsona, lona le baholoholo ba lona.  Hang ha Jakobo a fihla Egepeta+ mme baholoholo ba lona ba hweletsa ho Jehova ho kopa thuso,+ Jehova o ile a romela Moshe+ le Arone hore ba ba etelle pele ho tswa Egepeta mme ba ba tlise sebakeng sena.+  Empa ba ile ba lebala Jehova Modimo wa bona yaba o ba rekisetsa+ Sisera+ molaodi wa lebotho la Hazore, Bafilista+ le morena wa Moabe+ mme ba ba lwantsha. 10  Ba hweletsa ho Jehova ho kopa thuso+ mme ba re, ‘Re entse sebe+ ka ha re tlohetse Jehova yaba re sebeletsa medimo ya Baale+ le ditshwantsho tsa Ashtorethe.+ Re pholose ho dira tsa rona e le hore re ka o sebeletsa.’ 11  Jehova a roma Jerubaale,+ Bedane, Jafeta+ le Samuele+ mme a le pholosa ho dira tsa lona tse le potolohileng ka hohle e le hore le ka dula le sireletsehile.+ 12  Ha le bona hore Nahashe+ morena wa Baamone o le futuhetse le ile la nna la re ho nna, ‘Tjhe, re batla ho ba le morena ya tla re busa’+ le hoja Jehova Modimo wa lona e le Morena wa lona.+ 13  Jwale ke enwa morena eo le mo kgethileng, eo le mo kopileng. Bonang, Jehova o le kgethetse morena hore a le buse.+ 14  Haeba le tshaba Jehova,+ le mo sebeletsa,+ le mamela lentswe la hae+ mme le sa fetohele ditaelo tsa Jehova ebile lona le morena ya le busang le latela Jehova Modimo wa lona, le tla atleha. 15  Empa haeba le sa mamele lentswe la Jehova mme le fetohela taelo ya Jehova, Jehova o tla le fa kotlo ha mmoho le bontate ba lona.+ 16  Emang mona mme le bone ntho ena e kgolo eo Jehova a e etsang ka pela mahlo a lona. 17  Kajeno ke letsatsi la ho kotula koro. Ke tla hweletsa ho Jehova hore a tlise diaduma le pula. Jwale le tla tseba le be le utlwisise hore na taba ya hore le ikopetse morena e mpe hakaakang mahlong a Jehova.”+ 18  Samuele a hweletsa ho Jehova mme Jehova a etsa hore ho be le diaduma le pula letsatsing leo hoo setjhaba sohle se ileng sa tshaba Jehova le Samuele haholo. 19  Setjhaba sohle sa re ho Samuele: “Re rapelle ho Jehova Modimo wa hao+ ka ha ha re batle ho shwa hobane ka ho ikopela morena re ekeditse bobe bo bong hodima dibe tsohle tsa rona.” 20  Ka hoo, Samuele a re ho setjhaba: “Ntho ena eo le e entseng e mpe haholo empa le se ke la tshoha. Le mpe le se ke la furalla Jehova.+ Le sebeletse Jehova ka dipelo tsohle tsa lona.+ 21  Le se ke la kgeloha yaba le latela dintho tse se nang thuso,+ tse sa tlo le tswela molemo+ le tse ke keng tsa le pholosa hobane ha di na thuso. 22  Jehova a ke ke a lahla batho ba hae+ ka lebaka la lebitso la hae le leholo+ hobane Jehova o kgethile ho le etsa setjhaba sa hae.+ 23  Ha e le nna, nke ke ka kgaotsa ho le rapella hobane ha nka kgaotsa ke tla be ke sitelwa Jehova. Ke tla nne ke le rute tsela e ntle le e nepahetseng. 24  Le mpe le tshabe Jehova+ mme le mo sebeletse ka botshepehi* le ka dipelo tsa lona tsohle hobane le a bona hore na o le etseditse dintho tse kgolo hakae.+ 25  Empa haeba le etsa dintho tse mpe ebile le sa di swabele, le tla fediswa+ ha mmoho le morena wa lona.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Ke mametse lentswe la lona mabapi le.”
Ka Seheberu: “ya tla tsamaya ka pela lona.”
Ka Seheberu: “ha le a fumana letho letsohong la ka.”
Kapa: “ka nnete.”