Buka ya Pele ya Samuele 13:1-23

  • Saule o kgetha masole (1-4)

  • Saule o a ikgohomosa (5-9)

  • Samuele o kgalemela Saule (10-14)

  • Baiseraele ha ba na dibetsa (15-23)

13  Saule o ne a le dilemo di . . .* ha e eba morena+ mme a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.  Saule a kgetha banna ba 3 000 Iseraele. Ba 2 000 ba bona ba ne ba ena le Saule Mikmashe le sebakeng se dithaba sa Bethele mme ba 1 000 ba ena le Jonathane+ Gibea+ ya Benjamine. A re batho ba bang kaofela ba tsamaye, e mong le e mong a kgutlele tenteng ya hae.  Jwale Jonathane a bolaya lebotho la sesole la Bafilista+ le neng le le Geba+ mme Bafilista ba utlwela ka taba eo. Saule a laela hore ho letswe lenaka naheng yohle+ mme a re: “Baheberu ba ke ba utlwe.”  Baiseraele bohle ba utlwa ditaba tse reng: “Saule o bolaile lebotho la sesole la Bafilista mme jwale Bafilista ba hloile Baiseraele.” Ka hoo, setjhaba sa bokellwa hore se latele Saule Gilgale.+  Bafilista le bona ba phutheha ho ya lwantsha Baiseraele ka dikariki tsa ntwa tse 30 000, ka bapalami ba dipere ba 6 000 le ka masole a mangata jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle.+ Ba nyoloha mme ba hloma ditente tsa bona Mikmashe ka botjhabela ho Bethe-avene.+  Banna ba Iseraele ba bona hore ba mathateng hobane dira tsa bona di ne di ba hlasela. Ka hoo, ba ipata mahaheng,+ dikoting, mafikeng, dikamoreng tse ka tlasa mehaho le ka dikoting tsa metsi.  Baheberu ba bang ba ile ba ba ba tshela Jordane ho ya naheng ya Gade le ya Gileade.+ Empa Saule o ne a ntse a le Gilgale mme batho bohle ba neng ba mo latela ba ne ba thothomela hobane ba ne ba tshohile.  A nna a ema ka matsatsi a supileng ho fihlela nako eo Samuele a neng a e behile e fihla empa Samuele ha a ka a tla Gilgale mme batho ba qala ho tloha ho Saule.  Qetellong Saule a re: “Ntlisetseng sehlabelo sa setjheso le mahlabelo a kopanetsweng.” Yaba o nyehela sehlabelo sa setjheso.+ 10  Empa hang ha a qeta ho nyehela sehlabelo sa setjheso, Samuele a fihla. Ka hoo, Saule a tswa ho ya mo kgahlanyetsa le ho mo dumedisa.* 11  Samuele a re: “O entseng?” Saule a re: “Ke bone batho ba ntshiya+ mme o sa fihle ka nako eo o neng o lokela ho fihla ka yona. Hape Bafilista ba ne ba phuthehela Mikmashe.+ 12  Ka hoo, ka nahana ka re, ‘Jwale Bafilista ba tla tla ba tlo ntwantsha mona Gilgale mme ha ke eso kope Jehova hore a nthuse.’ Ka lebaka leo, ke ile ka utlwa ke tlameha ho etsa sehlabelo sena sa setjheso.” 13  Yaba Samuele o re ho Saule: “Ntho eo o e entseng ke bowatla. Ha o a mamela taelo eo Jehova Modimo wa hao a o fileng yona.+ Haeba o ne o mametse, Jehova a ka be a entse hore borena e be ba lesika la hao ka ho sa feleng Iseraele. 14  Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa tshwarella.+ Jehova o tla fumana monna ya mo kgahlisang+ mme Jehova o tla mo etsa moetapele wa batho ba hae+ hobane ha o a mamela taelo ya Jehova.”+ 15  Jwale Samuele a ema a tloha Gilgale a nyolohela Gibea ya Benjamine mme Saule a bala batho. O ne a setse le banna ba ka bang 600.+ 16  Saule le mora wa hae Jonathane le batho ba neng ba setse le bona ba ne ba dula Geba+ ya Benjamine, Bafilista bona ba hlomme ditente tsa bona Mikmashe.+ 17  Dihlopha tse tharo tsa masole di ne di tswa ditenteng tsa Bafilista di yo hlasela Baiseraele. Sehlopha se seng se ne se tsamaya ka tsela e yang Ofra, naheng ya Shuale. 18  Sehlopha se seng se ne se tsamaya ka tsela e yang Bethe-horone+ mme sehlopha sa boraro se tsamaya ka tsela e yang moeding o shebileng kgohlo ya Zeboime, se lebile lefeelleng. 19  Ka nako eo, ho ne ho se na motho ya etsang dintho tsa tshepe Iseraele hobane Bafilista ba ne ba sa batle hore Baheberu ba iketsetse disabole le marumo. 20  Baiseraele bohle ba ne ba lokela ho ya ho Bafilista hore ba yo leotsa mehoma, mehoma e kang dipeke, dilepe kapa disekele tsa bona. 21  Ba ne ba patala ka silevera ya boima ba dikramo tse ka bang robedi* hore ba leotse mehoma, mehoma e kang dipeke, disebediswa tse meno a mararo, dilepe le hore ba tiise tsenene ya dikgomo. 22  Ka letsatsi la ntwa, ha ho na motho ya neng a ena le sabole kapa lerumo ho batho ba neng ba ena le Saule le Jonathane.+ Ke Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le dibetsa. 23  Jwale masole a Bafilista a ne a ilo sireletsa sebaka seo ho fetwang ho sona Mikmashe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Palo ena ha e hlahe ka Mangolong a kgale a Seheberu.
Ka Seheberu: “ho mo hlohonolofatsa.”
Ka Seheberu: “pime.” Ena ke tekanyo ya boima ya mehleng ya kgale. Sheba Ntlha ya B14.