Buka ya Pele ya Samuele 14:1-52

  • Jonathane o a hlola Mikmashe (1-14)

  • Modimo o hlola dira tsa Baiseraele (15-23)

  • Saule o etsa kano a sa nahana (24-46)

    • Batho ba jelella nama le madi (32-34)

  • Dintwa tsa Saule, lelapa la hae (47-52)

14  Ka letsatsi le leng Jonathane+ mora wa Saule a re ho mohlanka ya mo tshwarelang dibetsa: “Tloo re tshelele ka lehlakoreng le leng ditenteng tsa masole a Bafilista.” Empa ha a ka a bolella ntate wa hae.  Saule o ne a dula qetellong ya motse wa Gibea+ tlasa sefate sa dikgarenate se Migrone. O ne a ena le banna ba ka bang 600.+  (Akija mora wa Akitube,+ ngwanabo Ikabode,+ mora wa Finease,+ mora wa Eli,+ moprista wa Jehova Shilo,+ o ne a jere efoda.)+ Batho ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o tsamaile.  Dipakeng tsa tsela eo Jonathane a neng a leka ho feta ho yona ho ya ditenteng tsa masole a Bafilista, ho ne ho ena le lefika le tshwanang le leino ka lehlakoreng le leng mme ho ena le lefika le tshwanang le leino le ka lehlakoreng le leng. Lebitso la le leng e le Bozeze mme lebitso la le leng e le Sene.  Lefika le leng e ne e le pilara ka leboya le shebile Mikmashe mme le leng le le ka borwa le shebile Geba.+  Ka hoo, Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Tloo re tshelele ditenteng tsa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re thusa hobane ha ho na letho le ka sitisang Jehova ho re pholosa ebang re bangata kapa re mmalwa.”+  Yaba mojari wa dihlomo tsa hae o re ho yena: “Etsa eng kapa eng eo o bonang e lokile. Eya moo o batlang mme ke tla o latela hohle moo o yang teng.”  Jwale Jonathane a re: “Re tla tshela re ye ho banna bao mme re etse hore ba re bone.  Haeba ba re ho rona, ‘Emang moo ho fihlela re tla ho lona,’ re tla ema moo re leng teng mme re ke ke ra nyolohela ho bona. 10  Empa haeba ba ka re, ‘Tloong ho rona,’ re tla ya hobane eo e tla be e le pontsho ya hore Jehova o tla re thusa hore re ba hlole.”+ 11  Yaba ba etsa hore masole a Bafilista a ba bone. Bafilista ba re: “Bonang, Baheberu ba tswa mekoting eo ba neng ba ipatile ho yona.”+ 12  Ka hoo, masole a Bafilista a re ho Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae: “Tloong kwano, re tla le ruta ho phela le batho!”+ Hanghang Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Ntshale morao hobane Jehova o tla thusa Baiseraele hore ba ba hlole.”+ 13  Jonathane a nyoloha ka maoto le matsoho, mojari wa dihlomo tsa hae a mo setse morao. Yaba Jonathane o hlasela Bafilista. Mojari wa dihlomo tsa hae a tla ka mora hae a ntse a ba bolaya. 14  Ha Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae ba hlasela ka lekgetlo la pele, ba ile ba bolaya banna ba ka bang 20 ba eso ye le hole.* 15  Jwale masole a Bafilista a neng a le ditenteng le masole ohle a sireletsang a tshoha esita le masole a neng a yo hlasela Baiseraele.+ Lefatshe la thothomela mme Modimo a etsa hore Bafilista ba tshohe. 16  Balebedi ba Saule ba Gibea+ ya Benjamine ba bona ho le moferefere hohle ditenteng tsa dira tsa bona.+ 17  Saule a re ho batho ba neng ba ena le yena: “Ke kopa le bale batho mme re bone hore na ke bomang ba siyo.” Ha ba bala batho, ba hlokomela hore Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae ha ba yo. 18  Jwale Saule a re ho Akija:+ “Atametsa Areka ya Modimo wa nnete.” (Areka ya Modimo wa nnete e ne e le ho Baiseraele ka nako eo.*) 19  Ha Saule a ntse a bua le moprista, moferefere o ditenteng tsa Bafilista o ne o ntse o eketseha. Yaba Saule o re ho moprista: “Tlohela seo o ntseng o se etsa.”* 20  Ka hoo, Saule le masole ohle a neng a ena le yena ba kopana mme ba ya ntweng. Ha ba fihla moo, ba fumana Bafilista ba hlabana ka disabole, ho le moferefere. 21  Hape Baheberu ba neng ba le ka lehlakoreng la Bafilista le ba neng ba tlile le Bafilista ditenteng tsa bona ba ne ba ya ka lehlakoreng la Baiseraele hore ba be tlasa Saule le Jonathane. 22  Banna bohle ba Iseraele ba neng ba ipatile+ dithabeng tsa Efraime ba utlwela hore Bafilista ba balehile yaba le bona ba a ba lelekisa ho ya ba lwantsha. 23  Ka hoo, Jehova a pholosa Baiseraele letsatsing leo+ mme ba lwana ho ya fihla Bethe-avene.+ 24  Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse haholo letsatsing leo hobane Saule o ne a entse hore ba hlapanye hore ba ke ke ba ja dijo pele e eba mantsiboya le pele a hlola dira tsa hae, ho seng jwalo ba tla hlahelwa ke tlokotsi. Ka lebaka leo, ha ho na motho ya ileng a ja.+ 25  Masole ohle a tla morung mme ho ne ho ena le mahe a dinotshi fatshe. 26  Ha masole a fihla morung, a bona mahe a dinotshi a ntse a rothela fatshe empa ha ho na lesole le ileng la a ja hobane a ne a tshaba kano eo Saule a e entseng. 27  Jonathane o ne a sa utlwa ha ntate wa hae a etsa hore batho ba hlapanye.+ Ka hoo, a kgwatha mahe a dinotshi ka ntlha ya molamu wa hae. Ha a a ja, a ba le matla hape.* 28  Yaba le leng la masole le re: “Ntate wa hao o entse hore batho ba hlapanye hore ba ke ke ba ja dijo kajeno, ho seng jwalo ba tla hlahelwa ke tlokotsi.+ Ke ka hoo batho ba kgathetseng hakana.” 29  Le ha ho le jwalo, Jonathane a re: “Ntate wa ka o sotlile batho. Bonang ka moo ke fumaneng matla ka teng ka mora hore ke je mahenyana ana a dinotshi. 30  Haeba kajeno batho ba ne ba jele+ dintho tseo ba di hapileng ho dira tsa bona, ba ka be ba hlotse le ho feta. Ho ka be ho bolailwe Bafilista ba bangata le ho feta.” 31  Letsatsing leo ba nna ba bolaya Bafilista ho tloha Mikmashe ho ya Ajalone+ mme masole a kgathala haholo. 32  Batho ba eba meharo mme ba mathela dintho tse hapuweng, ba nka dinku, dikgomo le manamane. Ba hlabela diphoofolo tseo fatshe mme ba jelella nama le madi.+ 33  Ka hoo, Saule a tsebiswa ha thwe: “Bona batho ba sitelwa Jehova mme ba jelella nama le madi.”+ Yaba o re: “Ha le a tshepahala. Pitikisang lejwe le leholo le le tlise ho nna hona jwale.” 34  Saule a re: “Eyang ho batho mme le re ho bona, ‘Kaofela ha lona tlisang dipoho le dinku le tlo di hlabela mona ebe le a di ja. Le se ke la sitelwa Jehova ka ho jelella nama le madi a yona.’”+ Kaofela ba tlisa dipoho tsa bona bosiung boo mme ba di hlabela moo. 35  Saule a hahela Jehova aletare.+ Ena e ne e le aletare ya pele eo a ileng a e hahela Jehova. 36  Ha morao Saule a re: “A re lelekiseng Bafilista bosiu mme re ba nkele thepa ho fihlela hoseng. Re ke ke ra tlohela le ya mong wa bona hore a pholohe.” Yaba ba re: “Etsa eng kapa eng eo o bonang e lokile.” Jwale moprista a re: “A re botseng Modimo wa nnete mona.”+ 37  Saule a botsa Modimo a re: “Na ke lelekise Bafilista?+ Na o tla thusa Baiseraele hore ba ba hlole?” Empa Modimo ha a ka a mo araba letsatsing leo. 38  Saule a re: “Tloong mona, lona balaodi bohle ba sesole mme le tlo fumana hore na ke sebe sefe se entsweng kajeno. 39  Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang ya ileng a pholosa Iseraele hore le ha e ka ba se entswe ke Jonathane mora wa ka, a bolawe.” Empa ha ho na motho ya ileng a mo araba. 40  Yaba o re ho Baiseraele: “Le tla ba ka lehlakoreng le leng mme nna le mora wa ka re tla ba ka lehlakoreng le leng.” Yaba batho ba re ho Saule: “Etsa seo o bonang se lokile.” 41  Saule a re ho Jehova: “Modimo wa Iseraele, araba ka Thumime!”+ Ha kgethwa Jonathane le Saule yaba batho ba bang ba a lokoloha. 42  Saule a re: “Lahlang lotho+ e le hore le etse qeto pakeng tsa ka le mora wa ka Jonathane.” Yaba ho kgethwa Jonathane. 43  Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle, o entseng?” Jonathane a re: “Ke mpa feela ke latswitse mahenyana a dinotshi ka ntlha ya molamu o letsohong la ka.+ Ke nna enwa! Ke itokiseditse ho shwa!” 44  Yaba Saule o re: “Modimo a ke a mphe kotlo e bohloko haeba o sa shwe Jonathane.”+ 45  Empa batho ba re ho Saule: “Na Jonathane o lokela ho shwa empa e le yena ya thusitseng Baiseraele hakaale hore ba hlole?*+ Ntho eo ha e utlwahale! Re ikana ka Jehova ya phelang hore ho hang re ke ke ra dumella hore a lematswe* hobane o entse jwalo ka thuso ya Modimo.”+ Ka tsela eo, batho ba pholosa* Jonathane mme ha a ka a shwa. 46  Ka hoo, Saule a kgaotsa ho lelekisa Bafilista mme Bafilista ba ya sebakeng sa bona. 47  Saule a busa dibaka tsohle tsa Iseraele mme a lwantsha dira tsohle tsa hae tse ka mahlakoreng ohle. A lwantsha Bamoabe,+ Baamone,+ Baedomo,+ marena a Zoba+ le Bafilista.+ Hohle moo a neng a ya teng o ne a hlola. 48  O ile a lwana a le sebete, a hlola Baamaleke+ mme a pholosa Baiseraele ho dira tsa bona. 49  Bara ba Saule e ne e le Jonathane, Ishvi le Malki-shua.+ Hape o ne a ena le baradi ba babedi. Lebitso la e moholo e ne e le Merabe+ mme la e monyenyane e le Mikale.+ 50  Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinoame moradi wa Akimaze, lebitso la molaodi wa sesole sa hae e le Abnere+ mora wa Nere, rangwane wa Saule. 51  Kishe+ e ne e le ntate wa Saule mme Nere+ ntate wa Abnere e le mora wa Abiele. 52  Nakong ya puso ya Saule, ho ne ho dula ho ena le ntwa e boima pakeng tsa hae le Bafilista.+ Ha Saule a bona monna le ha e le ofe ya matla kapa ya sebete o ne a mo kenya sesoleng sa hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “le bohole ba halofo ya tshimo eo dikgomo tse pedi di ka e lemang ka letsatsi le le leng.” Sebaka se ka etsang halofo ya akere.
Ka Seheberu: “letsatsing leo.”
Ka Seheberu: “Kgutlisa letsoho la hao.”
Ka Seheberu: “mahlo a hae a kganya.”
Ka Seheberu: “lopolla.”
Ka Seheberu: “hore ho hang ha ho moriri le ha o le mong wa hae o lokelang ho wela fatshe.”
Kapa: “pholohe.”