Buka ya Pele ya Samuele 15:1-35

  • Samuele o kgalemela Saule (10-23)

    • “Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo” (22)

  • Saule ha a sa tshwaneleha ho ba morena (24-29)

  • Samuele o bolaya Agage (30-35)

15  Samuele a re ho Saule: “Jehova o ile a nthomela hore ke o tlotse hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele.+ Mamela hore na Jehova o reng.+  Jehova wa mabotho o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baamaleke hobane ba ile ba hlasela Baiseraele ha ba tswa Egepeta.+  Jwale tsamaya o yo bolaya Baamaleke+ mme o ba fedise+ ha mmoho le dintho tsohle tsa bona. O se ke wa ba qenehela. O bolaye+ banna, basadi, bana, masea, dipoho, dinku, dikamele le ditonki.’”+  Saule a bitsa batho mme a ba bala a le Telaime. E ne e le masole a 200 000 a tsamayang ka maoto le banna ba Juda ba 10 ,000.+  Saule le banna ba hae ba fihla motseng wa Baamaleke mme ba ipata haufi le kgohlo.*  Yaba Saule o re ho Bakene:+ “Tlohang hara Baamaleke e le hore ke se ke ka le fedisa ha mmoho le bona+ hobane le ile la ba mosa* ho setjhaba sohle sa Iseraele+ ha se tswa Egepeta.” Ka hoo, Bakene ba tloha hara Baamaleke.  Ka mora moo, Saule a bolaya Baamaleke+ ho tloha Havila+ ho ya fihla Shure,+ e pela Egepeta.  A tshwara Agage+ morena wa Amaleke a ntse a phela empa a bolaya batho ba bang bohle ka sabole.+  Le ha ho le jwalo, Saule le batho ba hae ba qenehela Agage le diphoofolo tse ntlehadi ho dinku le dipodi, ho diphoofolo tse kgolo, ho diphoofolo tse nonneng, ho diramo le dintho tsohle tse ntle.+ Ba ne ba sa batle ho di fedisa. Empa ba fedisa dintho tsohle tse neng di se na thuso le tseo ba neng ba sa di batle. 10  Yaba Jehova o re ho Samuele: 11  “Ke a itshola* ka hore ebe ke entse Saule morena hobane o tlohetse ho ntatela mme ha a etsa seo ke itseng a se etse.”+ Samuele a utlwa bohloko haholo mme a nna a hweletsa ho Jehova bosiu bohle.+ 12  Samuele a tsoha esale hoseng ho ya kopana le Saule yaba o bolellwa sena: “Saule o ile a ya Karmele+ yaba o iketsetsa seemahale* moo.+ Ka mora moo, a theohela Gilgale.” 13  Qetellong ha Samuele a kopana le yena, Saule a re: “E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa. Ke entse seo Jehova a itseng ke se etse.” 14  Empa Samuele a re: “Jwale ke hobaneng ha ke utlwa dinku le dipodi di lla ebile ke utlwa le modumo wa dikgomo?”+ 15  Yaba Saule o re: “Di nkuwe ho Baamaleke hobane batho ba ile ba qenehela* diphoofolo tse ntlehadi ho dinku, dipodi le diphoofolo tse kgolo hore ba tlo etsetsa Jehova Modimo wa hao sehlabelo ka tsona. Empa tse ileng tsa sala re ile ra di bolaya.” 16  Samuele a re ho Saule: “Butle pele, ere ke o bolelle hore na Jehova o itseng ho nna bosiung bo fetileng.”+ Saule a re ho yena: “Mpolelle.” 17  Samuele a tswela pele a re: “Ha o ne o kgethwa hore o be hlooho ya maloko a Iseraele le ha Jehova a ne a o tlotsa hore o be morena wa Iseraele,+ o ne o ipona o se motho wa bohlokwa.+ 18  Ha morao Jehova a o roma a re, ‘Tsamaya o yo fedisa Baamaleke ba baetsadibe.+ O ba lwantshe ho fihlela o ba fedisitse.’+ 19  Jwale ke hobaneng ha o sa mamela Jehova? Ho ena le hoo, o ile wa ba meharo, wa potlakela dinthong tse hapuweng+ mme wa etsa se sebe mahlong a Jehova.” 20  Saule a re ho Samuele: “Empa ke mametse Jehova. Ke ile moo Jehova a itseng ke ye teng mme ka kgutla le Agage morena wa Baamaleke yaba ke fedisa Baamaleke.+ 21  Batho ba ile ba nka dinku le dikgomo ho dintho tse hapilweng, ba nka tse ntlehadi ho tse neng di lokela ho bolawa e le hore ba etsetse Jehova Modimo wa hao sehlabelo Gilgale.”+ 22  Yaba Samuele o re: “Na Jehova o thabiswa ke dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo+ ho feta hore Jehova a mamelwe? Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo+ mme ho utlwa ho molemo ho feta mafura+ a diramo.* 23  Borabele+ bo tshwana le sebe sa bonohe+ mme boikgohomoso bo tshwana le boloi le ho rapela ditshwantsho.* Ka ha ha o a mamela Jehova,+ le yena o a o lahla hore o se ke wa ba morena.”+ 24  Saule a re ho Samuele: “Ke entse sebe ka ha ha ke a mamela taelo ya Jehova le mantswe a hao. Ke ile ka tshaba batho mme ka mamela seo ba se buang. 25  Ke kopa o ntshwarele ka lebaka la sebe sa ka mme o kgutle le nna e le hore nka kgumamela Jehova.”+ 26  Empa Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka kgutla le wena hobane ha o a mamela Jehova. Jehova o o lahlile hore o se ke wa tswela pele o le morena wa Iseraele.”+ 27  Ha Samuele a furalla a tsamaya, Saule a tshwara lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho sa Samuele empa sa taboha. 28  Yaba Samuele o re ho yena: “Kajeno Jehova o o amohile mmuso wa Iseraele mme o tla o fa motho e mong ya molemo ho o feta.+ 29  Ho feta moo, Mohlomphehi ya Kgabane wa Iseraele+ a ke ke a bua leshano+ kapa a fetola maikutlo a hae* hobane ha se motho hore a ka fetola maikutlo a hae.”+ 30  Saule a re: “Ke entse sebe. Empa ke kopa hore o ntlhomphe ka pela baholo ba setjhaba sa ka le ka pela Baiseraele. Kgutla le nna mme ke tla kgumamela Jehova Modimo wa hao.”+ 31  Ka hoo, Samuele a kgutla a setse Saule morao mme Saule a kgumamela Jehova. 32  Jwale Samuele a re: “Tlisang Agage morena wa Amaleke ho nna.” Agage a ya ho yena a tshohile* hobane Agage o ne a ntse a re ka pelong: ‘Ke phonyohile lefu.’* 33  Le ha ho le jwalo, Samuele a re: “Feela jwalo ka ha o utlwisitse basadi bohloko ka ho bolaya bana ba bona ka sabole, mme wa hao le yena o tla utlwa bohloko ho feta basadi ba bang kaofela ba bolaetsweng bana.” Yaba Samuele o poma Agage dikoto ka pela Jehova Gilgale.+ 34  Samuele a ya Rama mme Saule a nyolohela ntlong ya hae e Gibea. 35  Samuele ha a ka a hlola a bona Saule hape ho fihlela a shwa hobane Saule o ne a mo utlwisitse bohloko haholo.+ Jehova a itshola hore ebe o entse Saule morena wa Iseraele.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “la bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “utlwile bohloko.”
Kapa: “pilara.”
Kapa: “ha ba a ka ba bolaya.”
Kapa: “nku e tona.”
Ka Seheberu: “ditshwantsho tsa terafime” e leng medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.
Kapa: “a ikwahlaya.”
Kapa mohlomong: “ka sebete.”
Ka Seheberu: “Ka nnete bohloko ba lefu bo fetile.”