Buka ya Pele ya Samuele 2:1-36

  • Thapelo ya Anna (1-11)

  • Bara ba babedi ba Eli ba etsa dibe (12-26)

  • Jehova o ahlola lelapa la Eli (27-36)

2  Anna a rapela a re: “Pelo ya ka e thabile ka lebaka la Jehova,+Jehova o mphile matla.*Ke araba dira tsa ka ka sebete,Ke thabela tsela eo o pholosang ka yona.   Ha ho na motho ya halalelang jwalo ka Jehova,Ha ho e mong ntle ho wena,+Ha ho lefika le tshwanang le Modimo wa rona.+   Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso.Mantswe a boikgohomoso a se ke a tswa melomong ya lonaKa ha Jehova ke Modimo ya tsebang dintho tsohle,+O hlahloba diketso ka tsela e nepahetseng.   Diqha tsa banna ba matla di robehileEmpa ba kgoptjwang ba fuwa matla.+   Ba kgorang ba tla lokela ho iketsa bahiruwa e le hore ba fumane bohobe,Ba neng ba lapile ha ba sa lapile.+Mosadi ya sa kgoneng ho ba le bana* o tswetse bara ba supileng+Empa ya neng a ena le bara ba bangata o setse a le mong.*   Jehova o a bolaya ebile o a phedisa.*O theolela Lebitleng* ebile o nyolla batho teng.+   Jehova a ka baka bofutsana ebile a ka ruisa.+O kokobetsa batho ebile o a ba phahamisa.+   O phahamisa ya tlase leroleng.O phahamisa mofutsana moloreng*+Hore a dule le bahlomphehi,O ba beha setulong se hlomphehang.Ditshehetso tsa lefatshe ke tsa Jehova,+O beha naha hodima tsona.   O lebela mehato ya ba mo tshepahallang.+Ba kgopo ba tla kgutsiswa lefifing+Hobane motho ha a hlole ka matla a hae.+ 10  Jehova o tla silakanya ba mo lwantshang.*+O tla thwathwaretsa ho bona jwalo ka seaduma se tswang mahodimong.+Jehova o tla ahlola lefatshe lohle.+O tla fa morena wa hae matla,+A fe motlotsuwa wa hae matla.”*+ 11  Yaba Elkana o ya Rama ntlong ya hae empa mora wa hae a sala a sebeletsa* Jehova+ a tataiswa ke moprista Eli. 12  Bara ba Eli ba ne ba le kgopo,+ ba sa hlomphe Jehova. 13  Ho ena le hore ba nke karolo ya bona sehlabelong se tlisitsweng ke batho,+ ba ne ba etsa tjena: Neng kapa neng ha motho le ha e le ofe a nyehela sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a tla a nkile fereko e meno a mararo ha nama e ntse e phehilwe 14  ebe o hlaba ka yona ka sekotlolong kapa ka pitseng e mehele e mmedi kapa ka khasteroleng kapa ka pitseng e mohele o mong. Ntho le ha e le efe eo fereko e neng e e ntsha, moprista o ne a inkela yona. Ba ne ba etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba tla Shilo. 15  Hape, le pele motho ya etsang sehlabelo a ka tjhesa mafura hore a kubelle,+ mohlanka wa moprista o ne a tla ho yena mme a re: “Fa moprista nama eo a tla e besa. A ke ke a nka nama e phehilweng ho wena, o tla nka e tala feela.” 16  Ha motho eo a ne a re ho yena: “Ere ba tjhese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mora moo o inkela eng kapa eng eo o e batlang,” mohlanka wa moprista o ne a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla e nka ka nkane.” 17  Ka hoo, sebe sa bahlanka bao sa eba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ya Jehova. 18  Jwale Samuele o ne a sebeletsa+ ka pela Jehova le hoja e ne e le moshanyana. O ne a apara* efoda* ya line.+ 19  Hape mme wa hae o ne a mo rokela seaparo se senyenyane se se nang matsoho mme a mo tlisetsa sona selemo le selemo ha a ne a tla Shilo le monna wa hae ho tla etsa sehlabelo sa selemo le selemo.+ 20  Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosadi wa hae a re: “E se eka Jehova a ka o fa ngwana ka mosadi enwa sebakeng sa mora eo le mo fileng* Jehova.”+ Yaba ba kgutlela hae. 21  Jehova a thusa Anna mme Anna a ima,+ a tswala bara ba bang ba bararo le baradi ba babedi. Samuele a nna a holela ka pela Jehova.+ 22  Eli o ne a tsofetse haholo empa o ne a utlwile ka dintho tsohle tseo bara ba hae ba neng ba di etsa+ ho Baiseraele bohle le ka moo ba neng ba robala le basadi ba sebeletsang monyako wa tente ya pokano.+ 23  O ne a hlola a re ho bona: “Ke hobaneng ha le ntse le etsa dintho tse tjee? Dintho tseo ke utlwang batho bohle ba di bua ka lona di mpe. 24  Tlohelang ho etsa dintho tseo bara ba ka hobane ditaba tseo ke utlwang batho ba Jehova ba di bua ka lona ha di kgahlise. 25  Haeba motho a sitelwa e mong, motho e mong a ka mo kopela ho Jehova hore a mo hauhele.* Empa ha motho a sitelwa Jehova,+ ke mang ya ka mo rapellang?” Le ha ho le jwalo, ba ile ba hana ho mamela ntate wa bona hobane Jehova o ne a ikemiseditse ho ba bolaya.+ 26  Ka nako eo, Samuele a nna a hola mme Jehova le batho ba nna ba mo rata le ho feta.+ 27  Monna ya rometsweng ke Modimo a tla ho Eli mme a re ho yena: “Jehova o itse: ‘Na ha ke a iponahatsa ho ntate wa hao le ho ba ntlo ya hae ha ba ne ba le Egepeta e le makgoba ntlong ya Faro?+ 28  Ke yena ya kgethilweng hara maloko ohle a Iseraele+ hore a sebeletse e le moprista wa ka le hore a hlwelle aletareng+ ya ka ho etsa mahlabelo, ho tjhesa dibano* le hore a apare efoda ha a ntse a ntshebeletsa. Ke ile ka fa lelapa la moholoholo wa hao dinyehelo tsohle tsa Baiseraele* tse tjheswang ka mollo.+ 29  Ke hobaneng ha le nyatsa* sehlabelo sa ka le nyehelo ya ka eo ke laetseng hore e etswe ntlong ya ka?+ Ke hobaneng ha le hlompha bara ba lona ho mpheta ka ho ja dikarolo tse ntlehadi tsa nyehelo e nngwe le e nngwe ya setjhaba sa ka sa Iseraele?+ 30  Ke ka lebaka leo lentswe la Jehova Modimo wa Iseraele le reng: “Ke nnete hore ke itse ba lelapa la hao le ba lelapa la moholoholo wa hao ba tla dula ba ntshebeletsa.”*+ Empa hona jwale Jehova o re: “Ha ho ka moo nka dumellang ntho e jwalo hore e etsahale hobane ba ntlhomphang ke tla ba hlompha+ empa ba nnyatsang ba tla nyatsuwa.” 31  Bona, matsatsi a a tla ao ka ona ke tla fedisa matla* a hao le a ba ntlo ya ntate wa hao mme ho ba ntlo ya hao ha ho na ya tla fihla dilemong tsa botsofadi.+ 32  Hara dintho tsohle tse molemo tseo Iseraele e di thabelang, o tla bona sera feela ntlong ya ka+ mme ha ho sa tla hlola ho eba le monnamoholo ntlong ya hao. 33  Monna ya tswang ho ba ntlo ya hao eo ke tla mo tlohela hore a nne a sebeletse aletareng ya ka, o tla etsa hore mahlo a hao a fellwe ke matla mme a etse hore o sarelwe empa ba bangata ba ntlo ya hao ba tla bolawa ka sabole.+ 34  Pontsho ya hore seo ke se buang se tla phethahala ke ena: Bara ba hao ba babedi e leng Hofni le Finease ba tla shwa ka letsatsi le le leng.+ 35  Ka mora moo, ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang.+ O tla etsa dintho tseo pelo ya ka e di thabelang. Ke tla etsa hore ditloholo tsa hae di sebeletse e le baprista ho ya ho ile mme o tla sebeletsa e le moprista wa motlotsuwa wa ka ka mehla. 36  Mang kapa mang ya tla sala ka tlung ya hao o tla mo kgumamela, a mo kope mosebetsi hore a be le tjhelete e nyenyane le lofo ya bohobe mme o tla re: “Ke kopa o nkgethe hore ke be moprista e le hore nka ja sengwathwana sa bohobe.”’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Lenaka la ka le phahamisitswe ke Jehova.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Nyopa.”
Ka Seheberu: “o omeletse.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.”
Kapa: “o boloka bophelo.”
Kapa mohlomong: “thotobolong.”
Kapa mohlomong: “Ba lwantshang Jehova ba tla haroha matswalo.”
Kapa: “A phahamise lenaka la motlotsuwa wa hae.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ya eba mosebeletsi wa.”
Ka Seheberu: “a itlama ka.”
Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
Ka Seheberu: “adimileng.”
Kapa mohlomong: “Modimo o tla mo ahlolela.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa mohlomong: “ho etsa hore mosi wa sehlabelo o kubelle.”
Ka Seheberu: “raha.”
Ka Seheberu: “ba tsamaya ka pela ka.”
Ka Seheberu: “letsoho.”