Buka ya Pele ya Samuele 20:1-42

  • Jonathane o tshepahalla Davida (1-42)

20  Davida a tloha Najothe e Rama, a baleha. A tla ho Jonathane mme a re: “Ke entseng?+ Phoso ya ka ke efe? Ke sitetswe ntate wa hao ka eng ha e le moo a batla ho mpolaya?”  Yaba Jonathane o re ho yena: “Ha se ntho e ka etsahalang eo!+ O ke ke wa bolawa. Ntate wa ka a ke ke a etsa letho a sa mpolella ebang ke ntho e nyenyane kapa e kgolo. Ke hobaneng ha ntate wa ka a ka mpatela taba ee? Ntho eo e ke ke ya etsahala.”  Ho ekelletsa moo Davida a ikana a re: “Ntate wa hao o a tseba hore nna le wena re metswalle+ mme a ka nna a re, ‘Le se ke la bolella Jonathane taba ena hobane o tla utlwa bohloko.’ Empa ke o hlapanyetsa ka Jehova Modimo ya phelang le ka wena hore ke haufi le ho bolawa.”+  Yaba Jonathane o re ho Davida: “Ke tla o etsetsa ntho le ha e le efe eo o reng ke e etse.”  Davida a re ho Jonathane: “Hosane ke mokete wa ha kgwedi e qala+ mme ho lebeletswe hore ke yo dula le morena re je. Ere ke tsamaye mme ke tla ipata naheng ho fihlela letsatsing la boraro mantsiboya.  Haeba ntate wa hao a ka mpatla, o re ho yena, ‘Davida o nkopile hore ke mo dumelle ho ya motseng wa habo Bethlehema+ kapele hobane lelapa lohle labo le yo etsa sehlabelo sa selemo le selemo.’+  Haeba a ka re, ‘Ho lokile,’ nna mohlanka wa hao nke ke ka tshoha letho. Empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ikemiseditse ho ntematsa.  O ntshepahalle*+ hobane o entse tumellano* le nna mohlanka wa hao ka pela Jehova.+ Empa haeba ke le molato,+ o mpolaye ka bowena. Ke hobaneng ha o ka nkisa ho ntate wa hao?”  Yaba Jonathane o re: “O se ke wa e nahana le ho e nahana ntho e jwalo. Haeba nka utlwa hore ntate wa ka o rerile ho o ntsha kotsi, ka nnete ke tla o bolella.”+ 10  Yaba Davida o re ho Jonathane: “Ke mang ya tla mpolella haeba ntate wa hao a ka o araba a halefile?” 11  Jonathane a re ho Davida: “Tloo re ye naheng.” Ka hoo, ba ya naheng ba le babedi. 12  Yaba Jonathane o re ho Davida: “Jehova Modimo wa Iseraele e ke e be paki hore hoo e ka bang ka nako ena hosane kapa ka letsatsi la boraro ke tla botsa Ntate ka taba ena. Haeba a se na bothata le wena* ke tla o bolella. 13  Empa haeba Ntate a rerile ho o lematsa, e se eka Jehova a ka mpha* kotlo e bohloko haeba ke sa o bolelle mme ke sa o tlohele hore o tsamaye ka kgotso. E se eka Jehova a ka ba le wena+ feela jwalo ka ha a ne a ena le Ntate.+ 14  E se eka o ka mpontsha lerato* le kang la Jehova ha ke ntse ke phela le ha ke se ke shwele.+ 15  O se ke wa tlohela ho rata* ba lelapa la ka+ le ha Jehova a ka fedisa dira tsohle tsa hao.”* 16  Ka hoo, Jonathane a etsa tumellano* le ba ntlo ya Davida a re, “Jehova o tla etsa hore dira tsa Davida di ikarabelle.” 17  Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla dula a mo rata. Jonathane o ne a rata Davida jwalo ka ha a ithata.+ 18  Yaba Jonathane o re ho yena: “Hosane ke mokete wa ha kgwedi e qala+ mme ntate o tla o batla hobane setulo sa hao se tla be se se na motho. 19  Ka letsatsi la boraro, jwang kapa jwang o tla botsa hore na o hokae. Jwale o tle mona moo o kileng wa ipata teng ka letsatsi le leng* mme o dule pela lejwe lena. 20  Ke tla betsa metsu e meraro ka lehlakoreng le leng la lona jwalo ka ha eka ke betsa ntho e itseng. 21  Ha ke romela mohlanka ke tla re, ‘Tsamaya o yo batla metsu.’ Haeba nka re ho mohlanka, ‘Bona, metsu e pela hao, e late,’ o ka nna wa kgutla hobane ke o hlapanyetsa ka Jehova Modimo ya phelang hore kgotso e tla be e le teng mme o ke ke wa tswa kotsi. 22  Empa haeba nka re ho moshanyana eo, ‘Bona, metsu e holenyana le wena,’ o tsamaye hobane Jehova o batla hore o tsamaye. 23  Ha e le tshepiso eo re e entseng,+ e se eka Jehova e ka ba paki ya yona ka ho sa feleng.”+ 24  Ka hoo, Davida a ipata naheng. Ka nako ya mokete wa ha kgwedi e qala, morena a dula setulong sa hae hore a je.+ 25  Morena o ne a dutse setulong sa hae seo a tlwaetseng ho dula ho sona se pela lebota. Jonathane o ne a dutse setulong se shebaneng le yena mme Abnere+ o ne a dutse pela Saule empa setulo sa Davida se ne se se na motho. 26  Saule ha a ka a bua letho letsatsing leo ka ha o ile a re ka pelong: ‘Ho na le ntho e etsahetseng e entseng hore a se ke a hlweka.+ E tlameha ebe ha a hlweka.’ 27  Letsatsi ka mora mokete wa ha kgwedi e qala, ka letsatsi la bobedi, setulo sa Davida sa nna sa dula se se na motho. Yaba Saule o re ho mora wa hae Jonathane: “Ke hobaneng ha mora wa Jese+ a sa tla dijong maobane le kajeno?” 28  Jonathane a re ho Saule: “Davida o kopile hore ke mo dumelle hore a ye Bethlehema.+ 29  O ile a re, ‘Ke kopa o ntumelle hore ke tsamaye hobane lelapa leso le yo etsa sehlabelo motseng mme abuti wa ka o itse ke tle. Haeba o ntumella, ke kopa ho tsamaya kapele ke yo bona boabuti ba ka.’ Ke ka lebaka leo a sa tlang tafoleng ya morena.” 30  Saule a halefela Jonathane haholo mme a re ho yena: “Wena mora wa mosadi ya manganga, o nahana hore ha ke tsebe hore o kgethile ho ba ka lehlakoreng la mora wa Jese? E le hore o batla ho itlotlolla o be o tlotlolle le mme wa hao?* 31  Ha feela mora wa Jese a ntse a phela lefatsheng, o ke ke wa ba morena ebile borena ba hao e ke ke ya eba ba nako e telele.+ Ka hoo, roma motho hore a mo tlise ho nna ka ha o lokela ho shwa.”+ 32  Le ha ho le jwalo, Jonathane a re ho ntate wa hae Saule: “Ke hobaneng ha a lokela ho bolawa?+ O entseng?” 33  Saule a betsa Jonathane ka lerumo hore a mo hlabe.+ Jonathane a bona hore ka nnete ntate wa hae o batla ho bolaya Davida.+ 34  Hanghang Jonathane a phahama tafoleng a halefile haholo. Yaba ha a je letho ka letsatsi la bobedi ka mora mokete wa ha kgwedi e qala. O ne a utlwile bohloko ka lebaka la Davida+ mme ntate wa hae o ne a mo tlotlolotse. 35  Hoseng Jonathane a tswa a ya naheng ho ya kopana le Davida, a tsamaya le mohlanka e monyenyane.+ 36  A re ho mohlanka wa hae: “Ke kopa o mathe o batle metsu eo ke tla e betsa.” Mohlanka eo a matha mme Jonathane a betsetsa metsu holenyana le yena. 37  Ha mohlanka eo a fihla sebakeng seo Jonathane a betseditseng motsu ho sona, Jonathane a hweletsa a re ho yena: “Na metsu ha e holenyana le wena?” 38  Jonathane a hweletsa a re ho mohlanka eo: “Potlaka! Etsa kapele! O se ke wa dieha!” Yaba mohlanka wa Jonathane o nka metsu mme o kgutlela ho monga hae. 39  Mohlanka eo o ne a sa utlwisise hore na ho etsahalang. Jonathane le Davida ke bona feela ba neng ba tseba hore na seo se bolelang. 40  Ka mora moo, Jonathane a fa mohlanka wa hae dibetsa tsa hae mme a re ho yena: “Tsamaya o di ise motseng.” 41  Ha mohlanka eo a tsamaya, Davida a tloha sebakeng se haufinyane se neng se le ka borwa. Yaba o itihela fatshe ka mangole mme a inama ka makgetlo a mararo. Ba hakana* mme ba llelana empa Davida a lla le ho feta. 42  Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso hobane re le babedi re ikanne+ ka lebitso la Jehova ra re, ‘E se eka Jehova e ka ba paki pakeng tsa ka le wena le pakeng tsa ditloholo* tsa ka le ditloholo* tsa hao ka ho sa feleng.’”+ Yaba Davida o a tsamaya mme Jonathane a kgutlela motseng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “O bontshe lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “selekane.”
Ka Seheberu: “Davida.”
Ka Seheberu: “Jonathane.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ho bontsha lerato le tshepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Davida.”
Kapa: “selekane.”
Kapa: “ka letsatsi la ho sebetsa.”
Ka Seheberu: “bakeng sa ho tlotlolla bofeela ba mme wa hao?”
Ka Seheberu: “e mong a suna e mong.” Mehleng ya Bibele motho o ne a suna e mong ho bontsha hore ke metswalle.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”