Buka ya Pele ya Samuele 22:1-23

  • Davida o Adulame le Mizpe (1-5)

  • Saule o laela hore baprista ba Nobe ba bolawe (6-19)

  • Abiathare o a baleha (20-23)

22  Davida a tloha moo+ a balehela lehaheng la Adulame.+ Ha boabuti ba hae le bohle ba lelapa labo ba utlwa ka seo, ba ya moo ho yena.  Batho bohle ba neng ba le mathateng, ba neng ba ena le dikoloto le ba neng ba utlwile bohloko ba tla ho yena mme ya eba mookamedi wa bona. Banna ba neng ba ena le yena ba ne ba ka ba 400.  Ha morao Davida a tloha moo a ya Mizpe e Moabe mme a re ho morena wa Moabe:+ “Ke kopa o dumelle Mme le Ntate hore ba dule le lona ho fihlela ke tseba hore na Modimo o tla nketsetsang.”  Ka hoo, a ba siya le morena wa Moabe mme ba dula moo nako yohle eo ka yona Davida a neng a le sebakeng se sireletsehileng.+  Ka mora nako, moprofeta Gade+ a re ho Davida: “Tloha sebakeng sena se sireletsehileng. Tsamaya o ye naheng ya Juda.”+ Ka hoo, Davida a tsamaya mme a ya morung wa Herethe.  Saule a utlwela hore na Davida le banna ba nang le yena ba ipatile hokae. Ka nako eo, Saule o ne a dutse Gibea+ tlasa sefate sa tamariske sebakeng se phahameng, a tshwere lerumo mme bahlanka bohle ba hae ba eme pela hae.  Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: “Ke kopa le mmamele lona Babenjamine. Na mora wa Jese+ le yena o tla le fa masimo le dirapa tsa morara kaofela ha lona? Na kaofela ha lona o tla le etsa balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo?+  Kaofela ha lona le rerile ho nketsetsa bolotsana. Ha ho na motho ya mpoleletseng ha mora wa ka a etsa tumellano le mora wa Jese.+ Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko ka hore a mpolelle hore mora wa ka o kgothaleditse mohlanka wa ka hore a ipatele nna jwalo ka ha a entse hona jwale e le hore a tle a ntlhasele.”  Doege+ wa Moedomo ya neng a behilwe moo hore a okamele bahlanka ba Saule a araba a re:+ “Ke bone mora wa Jese a tla Nobe ho Akimeleke mora wa Akitube.+ 10  Akimeleke o ile a mo botsetsa ho Jehova mme a mo fa mefaho. O ile a ba a mo fa le sabole ya Goliathe wa Mofilista.”+ 11  Hanghang morena a re ho bitswe Akimeleke mora wa moprista Akitube le baprista bohle ba ntlo ya ntate wa hae ba neng ba le Nobe. Ka hoo, kaofela ha bona ba tla ho morena. 12  Saule a re: “Ke kopa o mmamele wena mora wa Akitube.” Yaba o re: “Ke nna enwa morenaka.” 13  Saule a re ho yena: “Ke hobaneng ha wena le mora wa Jese le rerile ho nketsetsa bolotsana ka ho mo fa bohobe, sabole le ka ho mo botsetsa ho Modimo? O kgahlanong le nna mme hona jwale o ipatile hore a tle a ntlhasele.” 14  Yaba Akimeleke o araba morena mme o re: “Hara bahlanka bohle ba hao, ke mang ya tshepahalang jwalo ka Davida?+ Ke mokgwenyana wa hao morena+ ebile ke mookamedi wa balebedi ba hao mme o a hlompheha ka tlung ya hao.+ 15  Na kajeno e ne e le lekgetlo la pele ke mo botsetsa ho Modimo?+ Le ka mohla nke ke ka o rerela bolotsana. Morena o se ke wa beha nna mohlanka wa hao molato le bohle ba ntlo ya Ntate hobane ke ne ke sa tsebe letho ka taba ena.”+ 16  Empa morena a re: “Wena Akimeleke le bohle ba ntlo ya ntate wa hao,+ le tlo shwa.”+ 17  Yaba morena o re ho balebedi* ba emeng pela hae: “Bolayang baprista ba Jehova hobane ba ka lehlakoreng la Davida. Ba tsebile hore o ne a baleha empa ha ba a ka ba mpolella.” Empa bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho bolaya baprista ba Jehova. 18  Yaba morena o re ho Doege:+ “Bolaya baprista bana!” Hanghang Doege wa Moedomo+ a ya mme a bolaya baprista ka boyena. Letsatsing leo, o ile a bolaya banna ba 85 ba apereng efoda ya line.+ 19  A bolaya le batho ba Nobe+ e leng motse wa baprista ka sabole. A bolaya banna, basadi, bana, masea, dipoho, ditonki ha mmoho le dinku ka sabole. 20  Le ha ho le jwalo, mora e mong wa Akimeleke mora wa Akitube, eo lebitso la hae e neng e le Abiathare,+ a phonyoha mme a balehela ho Davida. 21  Abiathare a re ho Davida: “Saule o bolaile baprista ba Jehova.” 22  Yaba Davida o re ho Abiathare: “Ke ile ka tseba letsatsing leo,+ ha Doege a ne a le teng hore jwang kapa jwang o tlo bolella Saule. Ke nna ya molato ka hore ebe batho bohle ba ntlo ya ntate wa hao ba shwele. 23  Dula le nna. O se ke wa tshoha. Mang kapa mang ya batlang ho o bolaya ha e le hantle o batla ho bolaya nna. Ke tla o sireletsa.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dimathi.”