Buka ya Pele ya Samuele 24:1-22

  • Davida ha a bolaye Saule (1-22)

    • Davida o hlompha motlotsuwa wa Jehova (6)

24  Hang ha Saule a tswa lelekisa Bafilista, ba re ho yena: “Davida o lefeelleng la Ene-gedi.”+  Ka hoo, Saule a nka banna ba 3 000 ba kgethilweng ho Baiseraele bohle mme a yo batla Davida le banna ba hae mafikeng a nang le dipodi tsa thaba.  Saule a fihla masakeng a dinku a pela tsela a entsweng ka majwe, moo ho neng ho ena le lehaha yaba o kena teng ho ya ithusa ha Davida le banna ba hae ba ntse ba dutse ka lehaheng harehare.+  Banna ba Davida ba re ho yena: “Letsatsing lena Jehova o re ho wena, ‘Bona, ke nehelana ka sera sa hao letsohong la hao+ mme o ka se etsa eng kapa eng eo o bonang e lokile.’” Ka hoo, Davida a ema a thotse, a fihla a seha mophetho wa seaparo se se nang matsoho sa Saule.  Empa ka mora moo Davida a nna a otlwa ke letswalo*+ hobane a sehile mophetho wa seaparo se se nang matsoho sa Saule.  A re ho banna ba hae: “Ho hang Jehova a ke ke a dumela hore ke etse ntho e tjena ho morenaka e leng motlotsuwa wa Jehova, ya hore ke lematse morenaka hobane ke motlotsuwa wa Jehova.”+  Ka hoo, Davida a thiba* banna ba hae ka ho tjho jwalo mme ha a ka a ba dumella hore ba hlasele Saule. Ha e le Saule, a tloha lehaheng mme a tsamaya.  Yaba Davida o a ema mme o tswa ka lehaheng o hweletsa Saule, o re: “Morenaka!”+ Ha Saule a hetla, Davida a kgumama sefahleho sa hae se shebile fatshe.  Davida a re ho Saule: “Ke hobaneng ha o mamela mantswe a batho ba reng, ‘Davida o batla ho o lematsa’?+ 10  Letsatsing lena o bone ka bowena ka moo Jehova a nehelaneng ka wena letsohong la ka ka lehaheng. Empa ha motho e mong a ne a re o bolawe,+ ke ile ka o qenehela mme ka re, ‘Nke ke ka lematsa morenaka hobane ke motlotsuwa wa Jehova.’+ 11  Ntate, bona, ke tshwere mophetho wa seaparo sa hao se se nang matsoho. Ha ke ne ke seha mophetho wa sona, ha ke a ka ka o bolaya. Jwale o a bona ebile o a utlwisisa hore ha ke a ikemisetsa ho o lematsa kapa ho o fetohela hape ha ke a o sitelwa+ empa wena o ntse o mpatla hore o tle o mpolaye.+ 12  E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le wena+ mme e se eka Jehova a ka o fa kotlo ka lebaka la seo o nkentseng sona+ empa nna nke ke ka o lwantsha.+ 13  Feela jwalo ka ha maele a boholoholo a re, ‘Bokgopo bo tswa ho ba kgopo’ empa nna nke ke ka o lwantsha. 14  Morena wa Iseraele o setse mang morao? O lelekisa mang? Ntja e shweleng? Letsetse le le leng?+ 15  E se eka Jehova e ka ba moahlodi, a ahlole pakeng tsa ka le wena. O tla bona a be a mpuelle+ mme o tla nkahlola a be a mpholose letsohong la hao.” 16  Eitse ha Davida a qeta ho bolella Saule mantswe ana, Saule a re: “Davida mora wa ka, na ke wena ya buang?”+ Yaba Saule o qala ho lla a phahamisitse lentswe. 17  A re ho Davida: “O lokile ho mpheta hobane o ntshwere hantle empa nna ke o entse hampe.+ 18  Kajeno o mpoleletse ntho e ntle eo o e entseng ka hore o se ke wa mpolaya ha Jehova a ne a nehelane ka nna letsohong la hao.+ 19  Ke monna ofe eo e reng ha a fumana sera sa hae ebe o se tlohela hore se tsamaye a sa se lematsa? Jehova o tla o putsa+ ka lebaka la seo o nketseditseng sona kajeno. 20  Ke a tseba hore ka nnete o tla ba morena+ le hore o tla busa Iseraele ka nako e telele. 21  Jwale ntlhapanyetse ka Jehova+ hore o ke ke wa fedisa ditloholo* tsa ka ka mora hore ke shwe le hore o ke ke wa fedisa lebitso la ka ka tlung ya Ntate.”+ 22  Ka hoo, Davida a hlapanyetsa Saule mme Saule a ya lapeng la hae.+ Empa Davida le banna ba hae ba ya sebakeng se sireletsehileng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pelo ya hae ya nna ya mo otla.”
Kapa mohlomong: “a qhalakanya.”
Ka Seheberu: “peo.”