Buka ya Pele ya Samuele 25:1-44

  • Samuele o a shwa (1)

  • Nabale o hana ho thusa bahlanka ba Davida (2-13)

  • Abigaile o etsa qeto e bohlale (14-35)

    • ‘Mokotla wa bophelo o ho Jehova’ (29)

  • Jehova o bolaya Nabale ya se nang kelello (36-38)

  • Abigaile e ba mosadi wa Davida (39-44)

25  Ka mora nako Samuele+ a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha mme ba mo llela yaba ba mo pata pela ntlo ya hae Rama.+ Ka mora moo, Davida a tloha mme a theohela lefeelleng la Parane.  Ho ne ho ena le monna e mong Maone+ ya neng a sebetsa Karmele.*+ Monna eo o ne a ruile haholo, a ena le dinku tse 3 000 le dipodi tse 1 000 mme ka nako eo o ne a kuta dinku tsa hae Karmele.  Lebitso la monna eo e ne e le Nabale,+ la mosadi wa hae e le Abigaile.+ Mosadi eo o ne a le bohlale a bile a le motle empa monna wa hae wa Mokalebe+ o ne a le bohale a bile a itshwere hampe.+  Davida a utlwa a le lefeelleng hore Nabale o kuta dinku tsa hae.  Ka hoo, Davida a romela bahlanka ba leshome ho yena mme Davida a re ho bahlanka bao: “Nyolohelang Karmele mme ha le fihla ho Nabale, le mpotsetse hore na o ntse a ya jwang.  Ka mora moo le re ho yena, ‘E se eka o ka phela nako e telele ebile e se eka wena le ba lelapa la hao le ka phela hantle* ha mmoho le dintho tsohle tsa hao.  Ke utlwile hore o ntse o kuta dinku. Ha badisa ba hao ba ne ba ena le rona, ha re a ka ra ba tshwenya+ mme ha ba a ka ba lahlehelwa ke letho nakong yohle eo ka yona ba neng ba le Karmele.  Botsa bahlanka ba hao mme ba tla o bolella. E se eka o ka tshwara bahlanka ba ka ka mosa hobane re tlile ka nako e ntle.* Ke kopa o fe bahlanka ba hao le mora wa hao Davida eng kapa eng eo o ka fanang ka yona.’”+  Ka hoo, bahlanka ba Davida ba tloha ba ya ho Nabale mme ba fihla ba mo bolella dintho tsohle tseo Davida a di buileng. Ha ba qeta ho bua, 10  Nabale a re ho bahlanka ba Davida: “Davida ke mang, hona mora wa Jese ke mang? Matsatsing ana bahlanka ba bangata ba baleha benghadi ba bona.+ 11  Jwale na ke nke bohobe ba ka le metsi a ka le nama eo ke e hlabetseng bakuti ba ka ebe ke e fa banna bao ke sa tsebeng le hore na ba tswa hokae?” 12  Yaba bahlanka ba Davida ba a kgutla mme ba fihla ba mo bolella mantswe ana ohle. 13  Hanghang Davida a re ho banna ba hae: “E mong le e mong a nke sabole ya hae!”+ Ka hoo, kaofela ha bona ba nka disabole tsa bona yaba Davida le yena o nka sabole ya hae. Banna ba ka bang 400 ba nyoloha le Davida mme ba 200 ba sala le dithoto. 14  Ka nako eo, e mong wa bahlanka a tlalehela Abigaile mosadi wa Nabale: “Bona, Davida o rometse baromuwa ho tswa lefeelleng hore ba tlo lakaletsa monga rona katleho empa yena o ba rohakile.+ 15  Banna bao ba ne ba re tshwere hantle haholo. Ha ba a ka ba re tshwenya mme ha ho na letho le ileng la re lahlehela nakong yohle eo re neng re ena le bona naheng.+ 16  Ba ne ba le jwalo ka lebota le re sireleditseng bosiu le motshehare, ka nako yohle eo re neng re ena le bona re disitse mohlape. 17  Etsa qeto ya hore na o tla etsang hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba tlo hlahelwa ke tlokotsi.+ Ke monna ya se nang thuso+ hoo ho se nang motho ya ka buang le yena.” 18  Ka hoo, Abigaile+ a potlaka a nka mahobe a 200, dijeke tse pedi tse kgolo tsa veine, dinku tse hlano tse seng di hlabilwe, mekotla e mehlano* ya koro* e hadikilweng, dipolokwe tse 100 tsa morara o omisitsweng le dipolokwe tse 200 tsa difeie* tse omisitsweng yaba kaofela o di beha hodima ditonki.+ 19  Ka mora moo, a re ho bahlanka ba hae: “Tsamayang pele ho nna. Ke tla le sala morao.” Empa ha a ka a re letho ho monna wa hae Nabale. 20  Ha a ntse a palame tonki a theosa, thaba e ne e mo tshirile mme Davida le banna ba hae ba ne ba sa mo bone ha ba ntse ba tla ba lebile ho yena. Yaba o kopana le bona. 21  Davida o ne a ntse a re: “Ha ho thuse hore ebe ke ile ka hlokomela dintho tsohle tsa motho enwa lefeelleng. Ha ho na ntho ya hae le ha e le nngwe e ileng ya lahleha+ empa ke mona o nteboha ka ho nketsa hampe.+ 22  E se eka Modimo a ka fa dira tsa ka* kotlo haeba hosane ke tla be ke eso bolaye banna bohle* ba ntlo ya Nabale.” 23  Ha Abigaile a bona Davida, a theoha tonki ka potlako mme a fihla a kgumama ka pela Davida a inamisitse hlooho. 24  Yaba o itihela maotong a hae o re: “Morenaka, ke kopa o behe nna molato ka se etsahetseng. Ke kopa o ntumelle hore ke bue le wena mme o mamele mantswe a lekgoba la hao. 25  Morenaka, ke kopa o se ke wa nkela Nabale+ enwa ya se nang thuso hloohong hobane o etsa se bolelwang ke lebitso la hae. Lebitso la hae ke Nabale* ebile ha a na kelello. Nna ke ne ke le siyo ha bahlanka ba hao ba fihla. 26  Jwale morenaka, ke o hlapanyetsa ka Jehova ya phelang le ka wena. Ke Jehova ya o thibileng+ hore o se ke wa ba le molato wa madi+ le hore o se ke wa iphetetsa* ka letsoho la hao. Morenaka, e se eka dira tsa hao le bohle ba batlang ho o ntsha kotsi ba ka ba jwalo ka Nabale. 27  Morenaka, ke o tliseditse dijo tsena e le mpho*+ bakeng sa bahlanka ba hao ba tsamayang le wena.+ 28  Ke kopa o tshwarele nna lekgoba la hao ka phoso ena hobane Jehova o tla etsa hore ditloholo+ tsa hao di buse e le marena ka nako e telele ka ha wena morenaka o lwana dintwa tsa Jehova+ mme ha o eso ka o etsa letho le lebe bophelo bohle ba hao.+ 29  Ha motho a o lelekisa mme a batla ho o bolaya, bophelo ba hao morenaka bo tla dula bo sireletsehile ka mokotleng wa bophelo o ho Jehova Modimo wa hao empa o tla lahla bophelo ba dira tsa hao jwalo ka majwe a tswang letjeketjaneng. 30  Ha Jehova a se a o etseditse dintho tsohle tse molemo tseo a di tshepisitseng mme a o beha hore o be moetapele wa Iseraele,+ 31  o ke ke wa swaba kapa wa ikutlwa o le molato ka pelong ya hao ka lebaka la ho bolaya ntle ho lebaka le ka lebaka la ho iphetetsa.*+ Morenaka ha Jehova a o hlohonolofatsa, o nkgopole.” 32  Yaba Davida o re ho Abigaile: “Ho roriswe Jehova Modimo wa Iseraele, ya o rometseng hore o tlo kopana le nna letsatsing lena. 33  E se eka o ka hlohonolofatswa hobane o bohlale mme e se eka o ka hlohonolofatswa hobane letsatsing lena o nthibetse hore ke se ke ka ba le molato wa madi+ le hore ke se ke ka iphetetsa.* 34  Ho seng jwalo, ke o hlapanyetsa ka Jehova Modimo wa Iseraele ya phelang, ya nthibileng hore ke se ke ka o lematsa.+ Haeba o ne o sa tla kapele ho tla kopana le nna,+ hoseng ho ne ho ke ke ha eba le monna* le ya mong wa Nabale ya neng a tla sala a phela.”+ 35  Yaba Davida o amohela dintho tseo Abigaile a mo tliseditseng tsona mme o re ho yena: “Tsamaya ka kgotso o ye ntlong ya hao. Ke o mametse mme ke tla etsa seo o se kopileng.” 36  Ha morao Abigaile a kgutlela ho Nabale ya neng a entse mokete o kang wa morena ka tlung ya hae. Nabale* o ne a thabile a bile a tahilwe haholo. Jwale Abigaile ha a ka a mo bolella letho ho fihlela hoseng. 37  Hoseng ha Nabale a se a hlaphohetswe, mosadi wa hae a mo bolella dintho tsena. Pelo ya hae ya ema mme a se ke a kgona ho sisinyeha, a ba jwalo ka lejwe. 38  Ka mora matsatsi a ka bang leshome, Jehova a otla Nabale mme a shwa. 39  Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele a re: “Ho roriswe Jehova ya ileng a ahlola nyewe ya ka+ ha Nabale a ne a nnyatsa+ le ya ileng a thiba mohlanka wa hae hore a se ke a etsa letho le lebe.+ Jehova o file Nabale kotlo ka lebaka la diketso tsa hae tse mpe.” Ka mora moo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ya kopa Abigaile hore e be mosadi wa hae. 40  Ka hoo, bahlanka ba Davida ba tla ho Abigaile Karmele mme ba re ho yena: “Davida o re rometse ho wena ho tla o nka hore o be mosadi wa hae.” 41  Kapelepele a ema yaba o inamela fatshe ka sefahleho mme o re: “Ke ikemiseditse ho ba mohlanka le ho hlatswa maoto+ a bahlanka ba morenaka.” 42  Jwale Abigaile+ a ema kapele mme a palama tonki a setswe morao ke basebeletsi ba hae ba bahlano ba basadi. A tsamaya le baromuwa ba Davida mme ya eba mosadi wa hae. 43  Davida o ne a boetse a nyetse Akinoame+ ya tswang Jezriele+ mme basadi bao ka bobedi ya eba basadi ba hae.+ 44  Empa Saule o ne a file Palti+ mora wa Laishe, ya neng a tswa Galime, moradi wa hae Mikale+ e leng mosadi wa Davida.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Mona ho buuwa ka motse o Juda, eseng Thaba ya Karmele.
Kapa: “e se eka le ka ba le kgotso.”
Ka Seheberu: “letsatsi le letle.”
Ka Seheberu: “diseah tse hlano.” Seah e le nngwe e lekana le dilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “difeiga.”
Kapa mohlomong: “a ka mpha kotlo.”
Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.
E bolelang “Ho Hloka Kelello; Bowatla.”
Kapa: “wa itopolla.”
Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”
Kapa: “ho itopolla.”
Kapa: “ho itopolla.”
Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.
Ka Seheberu: “pelo ya Nabale.”