Buka ya Pele ya Samuele 26:1-25

  • Davida ha a bolaye Saule le lekgetlong lena (1-25)

    • Davida o hlompha motlotsuwa wa Jehova (11)

26  Ka mora nako, banna ba Zife+ ba tla ho Saule Gibea+ ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila le shebaneng le Jeshimone.”*+  Ka hoo, Saule a tloha mme a theohela lefeelleng la Zife le banna ba Iseraele ba kgethilweng ba 3 000 hore ba yo batla Davida lefeelleng la Zife.+  Saule a hloma ditente leralleng la Hakila le shebaneng le Jeshimone, haufi le tsela. Ka nako eo, Davida o ne a dula lefeelleng yaba o a utlwa hore Saule o tlile lefeelleng ho tla mo batla.  Ka hoo, Davida a romela dihlwela hore di yo sheba hore na ka nnete Saule o tlile.  Ha morao Davida a ya sebakeng seo Saule a neng a hlomme ditente ho sona mme Davida a bona moo Saule a robetseng teng ha mmoho le Abnere+ mora wa Nere e leng molaodi wa lebotho la hae. Saule o ne a robetse, a potapotilwe ke masole a hae.  Yaba Davida o re ho Akimeleke wa Mohethe+ le ho Abishai+ mora wa Tseruja,+ abuti wa Joabe: “Ke mang ya tla theohela le nna ditenteng ho Saule?” Abishai a araba a re: “Ke tla tsamaya le wena.”  Davida a tsamaya le Abishai mme ba ya ditenteng tsa masole ao bosiu. Ba fumana Saule a robetse bohareng ba ditente, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae. Abnere le masole a mang ba ne ba robetse ba mo potapotile.  Abishai a re ho Davida: “Kajeno Modimo o nehelane ka sera sa hao letsohong la hao.+ Ke kopa o ntumelle hore ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela. Ho ke ke ha hlokahala hore ke mo phete.”  Le ha ho le jwalo, Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mo lematsa ka ha ha ho na motho ya ka lematsang motlotsuwa wa Jehova+ ebe o dula a se na molato.”+ 10  Davida a tswela pele ho re: “Ke hlapanya ka Jehova ya phelang hore Jehova ka boyena o tla mo bolaya+ kapa hore ka le leng+ o tla shwa jwalo ka batho ba bang bohle kapa o tla ya ntweng mme a bolawe.+ 11  Ho hang Jehova a ke ke a dumela hore ke ntshe motlotsuwa wa Jehova+ kotsi. Ke kopa o nke lerumo le pela hlooho ya hae le jeke ya metsi mme re tsamaye.” 12  Ka hoo, Davida a nka lerumo le jeke ya metsi e neng e le pela hlooho ya Saule mme ba tsamaya. Ha ho na motho ya ileng a ba bona,+ a ba hlokomela kapa a tsoha hobane kaofela ba ne ba kgalehile ka ha Jehova o ne a entse hore ba be le boroko bo tebileng. 13  Jwale Davida a tshelela ka lehlakoreng le leng mme a ema hodima thaba holenyana, ho ne ho setse sebaka se seholo pakeng tsa bona. 14  Davida a hweletsa masole ha mmoho le Abnere+ mora wa Nere a re: “Abnere, ha o arabe keng?” Abnere a re: “O mang wena ya hweletsang morena?” 15  Davida a re ho Abnere: “Ke ne ke nahana hore o monna ya sebete le hore ha ho na monna ya tshwanang le wena Iseraele. Jwale ke hobaneng ha o sa lebela morena wa hao? Le leng la masole le ne le tlile ho tla bolaya morena wa hao.+ 16  Ntho eo o e entseng ha e ntle. Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang hore le tshwanelwa ke ho shwa hobane ha le a ka la lebela kgosi ya lona e leng motlotsuwa wa Jehova.+ Shebang pela lona. Le kae lerumo la morena le jeke ya metsi+ tse neng di le pela hlooho ya hae?” 17  Saule a utlwa lentswe la Davida mme a re: “Davida mora wa ka, na ke wena ya buang?”+ Davida a re: “Ke nna ya buang morenaka.” 18  A boela a re: “Ke hobaneng ha morenaka a lelekisa mohlanka wa hae?+ Ke entseng mme ke na le molato ofe?+ 19  Morenaka, ke kopa o mamele mantswe a mohlanka wa hao: Haeba ke Jehova ya o susumeditseng hore o ntwantshe, e se eka a ka amohela* nyehelo ya ka ya dijo.* Empa haeba o susumeditswe ke batho,+ ba rohakilwe ka pela Jehova hobane kajeno ba ntelekile hara batho* ba Jehova+ ba re, ‘Tsamaya o yo sebeletsa medimo e meng.’ 20  O se ke wa tlohela madi a ka hore a tsholohele fatshe hole le sefahleho sa Jehova hobane morena wa Iseraele o batlana le letsetse le le leng+ jwalo ka ha eka o lelekisa nonyana ya naheng dithabeng.” 21  Yaba Saule o re: “Ke entse sebe.+ Kgutla Davida mora wa ka hobane ha ke sa tla hlola ke o ntsha kotsi ka ha kajeno o ile wa nka bophelo ba ka e le ba bohlokwa.+ Ka nnete ke entse bowatla ebile ke entse phoso e kgolo.” 22  Davida a re: “Lerumo la morena ke lena. Ere e mong wa bahlanka a tle a tlo le nka. 23  Jehova ke yena ya tla putsa motho e mong le e mong ho latela diketso tsa hae tse lokileng+ le ho latela botshepehi ba hae hobane kajeno Jehova o nehelane ka wena letsohong la ka empa ke ne ke sa batle ho ntsha motlotsuwa wa Jehova kotsi.+ 24  Feela jwalo ka ha ke ile ka nka bophelo ba hao e le ba bohlokwa kajeno, e se eka bophelo ba ka e ka ba ba bohlokwa mahlong a Jehova mme e se eka a ka ntopolla mahlomoleng ohle.”+ 25  Saule a araba Davida a re: “E se eka o ka hlohonolofatswa, Davida mora wa ka. O tla etsa dintho tse ngata mme o tla atleha.”+ Ka mora moo, Davida a tsamaya yaba Saule o kgutlela ha hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “lehwatata; lefeella.”
Ka Seheberu: “lefa.” E ka nna yaba ho buuwa ka batho le naha eo ba e filweng e le lefa.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “fofonela.”